E Boloke
Na U Sebelisa Libukana Tsee?
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
E etselitsoe ho khahla batho ba sa tsebeng Bibele hakaalo, haholo-holo ba malumeling ao e seng a Bokreste
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: “Re ka thabela ho utloa maikutlo a hao ka taba ena e boletsoeng ka Mangolong (kapa bukeng ena e halalelang). [Bala Pesaleme ea 37:11, eo ho buuoang ka eona karolong ea 11.] U nahana hore ho tla ba joang lefatšeng ha boprofeta boo bo se bo phethahala? [Emela karabo.] Ona ke mohlala oa molaetsa oa tšepo le matšeliso oo batho ba litso tsohle le ba malumeli ’ohle ba o fumanang ka Bibeleng.” Bala serapa se qalong ea leqephe la 3, ’me u mo siele bukana eo.
U ka ’na ua leka sena: Haeba u khannela motho ea bolumeling boo e seng ba Bokreste thuto ea Bibele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang, nka metsotso e seng makae qalong ea thuto ka ’ngoe kapa qetellong ea eona le buisana ka karolo e le ’ngoe ea bukana ena ho mo thusa hore a tsebe se ka Bibeleng ka bokhutšoanyane.
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?
E etselitsoe ho thusa batho ho bona hore hase borapeli ba mofuta o mong le o mong boo Molimo a bo amohelang
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: Ho na le mefuta e mengata ea borapeli. Na Molimo o amohela litsela tsohle tse loantšanang tsa batho ba ipolelang hore baa mo rapela? Bala Matheu 7:13, 14. Jesu eo e neng e le moprofeta oa Molimo, o ile a bontša hore ho na le litsela tse peli feela, e ’ngoe e lebisa bophelong bo sa feleng ha e ’ngoe e lebisa timetsong. Morero oa bukana ena ke ho u thusa hore u fumane tsela e isang bophelong bo sa feleng.
U ka ’na ua leka sena: Ithaopele ho khutla ’me u bale bukana ena le mong’a ntlo le be le shebe mangolo ka Bibeleng ea hae. Ha ho loketse, mo bontše buka ea Seo Bibele e se Rutang.
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
E etselitsoe ho khahla batho ba sa rutehang kapa ba thatafalloang ho bala
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: “Na u nahana hore re ka ba metsoalle ea Molimo? [Emela karabo. Ebe u bala Jakobo 2:23.] Bukana ena e etselitsoe ho re thusa hore re be metsoalle ea Molimo, joalokaha Abrahama e ne e le motsoalle oa Molimo.”
U ka ’na ua leka sena: Bontša mong’a ntlo tsela eo thuto ea Bibele e tsamaisoang ka eona ka hore le buisane ka thuto ea 1 kapa lirapa tse seng kae tsa ka eona, ebang ke lekhetlong la pele kapa ha u etsa leeto la boela.
Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?
E etselitsoe ho fana ka bopaki bo kholisang ba hore batho ha baa lokela ho tšaba bafu ho hang. E fana ka bopaki bo bontšang hore bafu ha ba na matla
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: Batho ba bangata ba tšaba bafu, kaha ba lumela hore bafu ba ntse ba ka susumetsa bophelo ba bona. Bibele e ruta’ng tabeng ee? Bala Moeklesia 9:5, 6, 10. Na ho latela litemana tsee, bafu ba ka etsa lintho tse bontšang hore ba rata ba phelang kapa ba ba hloile? Bukana ena e araba ka tsela e hlakileng le e utloahalang lipotso tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona ka boemo ba bafu.
U ka ’na ua leka sena: Haeba mong’a ntlo a nka bukana, ithaopele ho khutla le tl’o tšohla taba ena le ho araba lipotso tseo e ka ’nang eaba o na le tsona. Mo bontše buka ea Seo Bibele e se Rutang kapele kamoo ho ka khonehang.
The Guidance of God—Our Way to Paradise
E etselitsoe ho khahla Mamosleme a lulang libakeng tseo a ka ’nang a ikutloa a lokolohile ho ithuta Bibele
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: “Ke nahana hore Mamosleme a lumela ho Molimo a le mong oa ’nete le ho baprofeta bohle. Na ho joalo? [Emela karabo.] Ke rata ho buisana le uena ka boprofeta bo bong ba boholo-holo bo ileng ba bolela esale pele hore lefatše le tla fetoha paradeise. Na nka u balla seo moprofeta e mong a ileng a se ngola? [Bala Esaia 11:6-9.] Ba bangata ba ’nile ba ipotsa hore na Molimo o tla tlisa liphetoho tseo joang lefatšeng. Bukana ena e re bontša seo baprofeta ba ’nileng ba se bua tabeng ena.”
U ka ’na ua leka sena: Haeba mong’a ntlo a amohela bukana eo, u ka re: “Buka ena ea Molimo e hlalosa hore qalong, motho o ne a phela paradeiseng. Lekhetlong le latelang, ke tla rata ho araba potso ena e reng, ‘Ho tlile joang hore motho a furalle tataiso ea Molimo ’me a lahleheloe ke paradeise?’” Ha u khutla, tšohlang lirapa tse qalong ea khaolo e leqepheng la 6.
Real Faith—Your Key to a Happy Life
E etselitsoe ho khahla Mamosleme a lulang libakeng tseo a ka ’nang a ikutloa a lokolohile ho ithuta Bibele
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: Bontša mong’a ntlo setšoantšo se leqepheng la 16-17 ’me u re: “Seo re se bonang setšoantšong sena se fapane hōle le seo re se bonang lefatšeng kajeno. Na u bona eka ho na le mohla lefatše le tla ke le be tjee? [Emela karabo.] Ela hloko seo buka ena ea Molimo e se tšepisang. [Bala ka Bibeleng ea hao e ’ngoe ea litemana tse qotsitsoeng.] Bukana ena e re thusa ho haha tumelo ea sebele tabeng ea hore litšepiso tseo li tla fela li phethahale.”
U ka ’na ua leka sena: Qetellong ea puisano ea lōna leetong la pele, kōpa mong’a ntlo hore a khethe potso sekoahelong se ka morao sa bukana eo. Ebe u lokisetsa hore ha u khutla le tšohle karabo e hlahang bukaneng ena.
The Pathway to Peace and Happiness
E etselitsoe ho khahla Mabuddha
Kamoo u ka e tsamaisetsang motho e moholo oa Mobuddha kateng: “Mohlomong u tšoenyehile ka seo ke tšoenyehileng ka sona, e leng likhopolo tse ngata tse fosahetseng le kamoo li amang bana ba rōna kateng. U bona eka ke hobane’ng ha boitšoaro bo bobe bo atile hakaale har’a bacha? [Emela karabo.] Na ua tseba hore taba ee e ile ea boleloa esale pele bukeng e qalileng ho ngoloa nako e telele pele ho thehoa, Bokreste, Bohindu le Bomosleme? [Bala 2 Timothea 3:1-3.] Ela hloko hore maemo ana a tsoela pele le hoja batho ba ntse ba ithuta. [Bala temana ea 7.] Boitsebiso bo bukaneng ena bo nthusitse ho utloisisa linnete tseo batho ba bangata ba e-s’o ka ba ithuta tsona. Na u ka rata ho e bala?”
U ka ’na ua leka sena: Ha u khutlela ho eena, hlaolela thahasello ea mong’a ntlo Bibeleng ’me u mo bontše lipotso tse ka morao sekoahelong ebe u mo bontša setlankane se nang le buka ea Seo Bibele e se Rutang. Mo bolelle hore u tšoere buka eo haeba a batla ho e bona. Mo bontše lethathamo la lihlooho tse bukeng eo, ebe le tšohla serapa se le seng kapa tse peli khaolong eo a e khethang.
Why Should We Worship God in Love and Truth?
E etselitsoe ho khahla Mahindu
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: “Mantsoe a thapelo e tloaelehileng ea Maindia a akarelletsa kōpo ea ho fumana ’nete le leseli. Na u bona eka ke habohlokoa ho rapela Molimo ka lerato le ka ’nete? [Emela karabo.] Hlokomela seo Jesu a se buileng ka taba ena.” Bala Johanne 4:24. Ebe u bala serapa sa 4 leqepheng la 3 ’me u mo siele bukana.
U ka ’na ua leka sena: Haeba mong’a ntlo a amohela bukana, u ka re: “Bahlalefi ba Mahindu ba re ’nete e patiloe lipelong tsa rōna. Ba bang ba re ’nete e fumanoa mangolong a halalelang. Nakong e tlang, nka thabela hore re tšohle potso e hlahang qetellong ea serapa sa 3 leqepheng la 4, e reng: ‘Re lokela ho batla ’nete e tsoang ho Molimo hokae?’”
Lasting Peace and Happiness—How to Find Them
E etselitsoe ho khahla Machaena
Kamoo u ka e tsamaisang kateng: “Kajeno re na le mathata a mangata bophelong a ka re sitisang ho thaba. Ke’ng se u thusang hore u thabe le har’a mathata? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba fumane thabo ka lebaka la ho latela keletso ea Bibele. [Bala Pesaleme ea 119:1, 2.] Batho ba bang ba qhelela Bibele thōko ka hore ke buka ea Makhooa. Empa ela hloko sena. [Tšohlang serapa sa 16 leqepheng la 17.] Bukana ena e bontša hore na re ka fumana thabo le khotso joang ka ho sa feleng.”
U ka ’na ua leka sena: Haeba mong’a ntlo a amohela bukana, balang hammoho lipolelo tse tharo tse qalang serapeng sa 18 leqepheng la 17 ebe u re: “Ha ke khutla ke tla rata ho u bontša seo Bibele e re tšepisang sona.” Ha u khutla, buisanang ka ntlha e ’ngoe ho tse serapeng sa 6 leqepheng la 30.