Bukana e Ncha e Tla Tsamaisoa Tšimong!
1. Re tla tsamaisa bukana efe ka November, hona morero oa eona ke ofe?
1 Kopanong ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” ea 2009, ho ile ha lokolloa bukana e ncha e nang le sehlooho se reng, Bibele—E na le Molaetsa Ofe? Ka November liphutheho tsohle li tla e tsamaisa tšimong ka lekhetlo la pele. Bukana ee e tla thusa batho joang tšimong ea rōna? Batho ba bangata, haholo-holo ba malumeli ao e seng a Bokreste, ha ba na tsebo e batsi ea Bibele. Kahoo, leqepheng la 3 bukaneng ena, ho hlalosoa hore e hatisitsoe hore batho ba “tsebe se ka Bibeleng ka bokhutšoanyane.”
2. Re tla tsamaisa bukana ee joang?
2 Tsela ea ho e Tsamaisa: Re ka ’na ra re: “Re kōpa ho utloa maikutlo a hao tabeng ena. [Bala 2 Timothea 3:16.] Batho ba bangata bao re buang le bona ba lumellana le mantsoe ana; ba bang ba nahana hore Bibele ke buka e molemo. Uena maikutlo a hao ke afe ka Bibele? [Emela karabo.] Ho sa tsotellehe hore na litumelo tsa bolumeli ba rōna ke life, ho na le mabaka a utloahalang a hore motho a itlhahlobele Bibele ka boeena. [Bala serapa sa selelekela se leqepheng la 3.] Ha u ntse u bala kamoo bukana ena e akaretsang Bibele hamonate kateng, u tla bona taba e thahasellisang ea hore Bibele e na le sehlooho se le seng se akaretsang le molaetsa o le mong.”
3. Re ka buisana le batho ka tsela efe e ’ngoe, haholo-holo masimong a nang le batho ba bangata ba malumeli ao e seng a Bokreste?
3 Tsela e ’ngoe ea ho e tsamaisa ke ena, haholo-holo ha re bolela moo batho ba bangata e leng ba malumeli ao e seng a Bokreste: “Re kōpa ho utloa maikutlo a hao tabeng ena e ka Mangolong (kapa bukeng ena e halalelang). [Bala Pesaleme ea 37:11.] U nahana hore lefatše le tla ba joang ha boprofeta boo bo phethahala? [Emela karabo.] Sena ke mohlala oa tšepo le matšeliso ao batho ba litso le litumelo tsohle ba ka a fumanang ka Bibeleng.” Bala serapa se qalong ea leqephe la 3, ebe u mo tsamaisetsa bukana.
4. Re ka sebelisa bukana ee joang ha re qala lithuto tsa Bibele?
4 Qala Thuto ea Bibele: Ha re khutlela ho mong’a ntlo, re ka mo hopotsa seo re buileng ka sona nakong e fetileng eaba re tšohla serapa se le seng kapa tse peli tse buang ka taba eo re e tšohlileng, re sebelisa lipotso tse qetellong ea karolo eo re e khethileng. Kapa haeba re batla hore hona nakong eo re mo bontše buka ea Seo Bibele e se Rutang, re ka bala le eena leqephe la ho qetela la bukana, ebe re mo fa buka, ’me re mo botse hore na ke khaolo efe ea buka ena eo a ka ratang ho tseba litaba tsa eona. Ka mor’a moo, re tšohle le eena serapa se le seng kapa tse peli tsa khaolo eo. E se eka bohle re ka ikitlaelletsa ho tsamaisa bukana ena ka November!