Lebaka la ho Hlahloba Bibele
Na u tseba Bibele? Bibele ha e tšoane le libuka tse ling kaha haesale e le buka eo batho ba bangata ba nang le eona. Batho ba mefuta eohle ba hlokometse hore molaetsa oa eona oa tšelisa ebile o fana ka tšepo ’me likeletso tsa eona li molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi. Empa ba bangata ha ba tsebe Bibele hakaalo. Ebang u thahasella bolumeli kapa che, mohlomong u labalabela ho tseba haholoanyane ka eona. Bukana ena e ngoletsoe ho u thusa hore u tsebe se ka Bibeleng ka bokhutšoanyane.
PELE u qala ho bala Bibele, ho molemo hore u tsebe lintho tse seng kae ka buka ena. Bibele e boetse e bitsoa Mangolo a Halalelang ’me ha e le hantle e na le libuka kapa mangolo a 66 ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo.
Molaetsa o ka Bibeleng o tsoa ho mang? Eo ke potso e thahasellisang. ’Nete ke hore, Mangolo ana a ngotsoe ke banna ba ka bang 40 ka lilemo tse ka bang 1 600. Re lokela ho hlokomela hore ha ho mohla banna bao ba kileng ba re molaetsa oa Bibele o tsoa ho bona. E mong oa bangoli ba eona o ile a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Mongoli e mong o ile a re: “Moea oa Jehova ke oona o buileng ka ’na, lentsoe la hae le ne le le lelemeng la ka.” (2 Samuele 23:2) Kahoo bangoli bao ba ne ba bolela hore molaetsa oa Bibele o tsoa ho Jehova Molimo, ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa oa leholimo le lefatše. Ho feta moo, ba ile ba bontša hore Molimo o batla hore batho ba mo tsebe.
Ka Mangolong ho na le ntlha e le ’ngoe e ka sehloohong e ka thusang batho hore ba utloisise Bibele. Ntlha eo ke ho tlosa qoso tokelong ea Molimo ea ho busa batho ka ’Muso oa hae oa leholimong. Maqepheng a latelang, u tla bona kamoo ntlha ena e hlahang kateng ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo.
Ha u ntse u hopotse sena, nahana ka molaetsa o ka bukeng e ratoang ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Bibele.
[Lebokose le leqepheng la 3]
LINTLHA TSA BOHLOKOA KA BIBELE
◼ E ngotsoe ka lilemo tse 1 610, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho 98 C.E.a
◼ Libuka tsa pele tse 39—tseo boholo ba tsona li neng li ngotsoe ka Seheberu, le ka Searame mona le mane—li bitsoa Mangolo a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.”
◼ Libuka tsa ho qetela tse 27—tse neng li ngotsoe ka Segerike—li bitsoa Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha.”
◼ Bibele e na le likhaolo le litemana. Ka mohlala, ha ho ngotsoe Matheu 6:9, 10, sena se bolela hore ke Matheu khaolo ea botšelela temana ea borobong le ea leshome.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lilemo li ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng. Bukaneng ena, C.E. e bolela “Mehla e Tloaelehileng,” ’me B.C.E. e bolela “Pele ho Mehla e Tloaelehileng.” U tla li bona botlaaseng ba maqephe moo ho bontšitsoeng tatellano ea liketsahalo tsa bohlokoa.