Karolo 1
’Mōpi o Beha Motho Paradeiseng
Molimo o bōpa leholimo le lefatše le lintho tse phelang lefatšeng; o bōpa monna le mosali ba phethahetseng, o ba beha serapeng se setle, ’me o ba fa litaelo tseo ba lokelang ho li mamela
HO ’NILE ha thoe mantsoe a reng: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše” ke selelekela se tsebahalang ka ho fetisisa se kileng sa ngoloa. (Genese 1:1) Bibele e sebelisa polelo ena e bonolo ebile e le e ipiletsang ha e re hlalosetsa ka Molimo oa bohlokoa ka ho fetisisa Mangolong a Halalelang—e leng Jehova, Molimo ea matla ’ohle. Temana ea pele ea Bibele e bontša hore Molimo ke ’Mōpi oa maholimo le lefatše leo re phelang ho lona. Litemana tse tlang ka mor’a eo li re ka linako tse latellanang tse telele, tseo ka tsela ea tšoantšetso li bitsoang matsatsi, Molimo o ile a re lokisetsa lefatše hore re phele ho lona ’me a etsa lintho tsohle tse hlollang tse teng lefatšeng.
Har’a lintho tseo Molimo a li bōpileng lefatšeng, motho ke oa bohlokoa ka ho fetisisa. Ke eena ea entsoeng ka setšoantšo sa Molimo—’me o khona ho bontša litšobotsi tsa hae tse kang lerato le bohlale. Molimo o entse motho ka lerōle la lefatše. A mo reha lebitso la Adama, ’me a mo beha paradeiseng—serapeng sa Edene. Molimo ke eena ea ileng a lema serapa seo, a se tlatsa lifate tse ntle, tse behang litholoana tse ngata.
Molimo o ile a bona hore ho ka ba molemo hore motho a be le molekane. O ile a etsa mosali ka khopo ea Adama eaba o mo tlisa ho monna hore e be mosali oa hae, ’me hamorao o ile a bitsoa Eva. Adama o ne a thabile hoo a bileng a mo thothokisa a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” Molimo a re: “Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.”—Genese 2:22-24; 3:20.
Molimo o ile a fa Adama le Eva melao e ’meli. Oa pele ke oa hore ba leme lefatše ba be ba le hlokomele, ’me ba qetelle ba le tlatsitse ka bana ba bona. Oa bobeli o ne o ba thibela ho ja sefate se le seng feela lifateng tse serapeng seo se seholohali e leng “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:17) Haeba ba ne ba sa mamele ba ne ba tla shoa. Molimo o ile a fa monna le mosali melao eo e le hore ba bontše hore ba mo nka e le ’Musi oa bona. Hape ba ne ba tla be ba bontša hore baa mo rata ebile baa leboha. Ba ne ba e-na le mabaka a utloahalang a ho amohela puso ea hae e lerato. Batho bao ba phethahetseng ba ne ba se na sekoli. Bibele e re: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.”—Genese 1:31.
—E thehiloe ho Genese khaolo ea 1 le ea 2.
◼ Bibele e re’ng ha e hlalosa ho bōptjoa ha batho le lefatše leo ba phelang ho lona?
◼ Molimo o ne a lokiselitse hore monna le mosali ba phele bophelo bo joang?
◼ Molimo o ile a fa banyalani ba pele melao efe?
[Lebokose le leqepheng la 4]
LEBITSO LA MOLIMO
Ha Mangolo a Halalelang a bua ka Molimo, a sebelisa litlotla tse sa tšoaneng tse kang ’Mōpi le Molimo ea Matla ’Ohle. Litlotla tse ling li hatisa makhabane a Molimo a kang hore oa halalela, o matla, o na le toka, o bohlale ebile o lerato. Leha ho le joalo, Molimo le eena o ithehile lebitso le khethehileng—e leng Jehova. Libibeleng tsa lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele, lebitso lena le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000. Le hlaha ka lekhetlo la pele ho Genese 2:4. Lebitso la Jehova le bolela “O Etsa Hore ho be.” Hoa khothatsa ho tseba sena, hobane hoo ho bolela hore Molimo a ka phethahatsa ntho efe kapa efe eo a e rerileng le tšepiso efe kapa efe eo a e etsang.
[Chate e leqepheng la 4]
● Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo