Karolo 2
Ba Lelekoa Paradeiseng
Lengeloi le fetohetseng Molimo le susumetsa monna le mosali oa pele, e leng Adama le Eva hore ba hane ho busoa ke Molimo. Ka lebaka leo batho e ba baetsalibe ’me baa shoa
NAKO e telele pele Molimo a bōpa batho, o ile a bōpa libōpuoa tsa moea tse ngata—e leng mangeloi. Serapeng sa Edene, lengeloi le fetohetseng Molimo le ileng la bitsoa Satane Diabolose, ka bolotsana le ile la leka Eva hore a je tholoana eo Molimo a neng a ba thibetse ho e ja.
Satane o ile a sebelisa noha ha a bua le mosali, ’me ka tsela e sa tobang a re Molimo o ba tima ntho e monate. Lengeloi lena le ile la bolella Eva hore eena le monna oa hae ba ke ke ba shoa haeba ba e-ja tholoana eo Molimo a neng a ba thibetse ho e ja. Ka ho rialo, o ne a re Molimo o thetsitse bana bao ba Hae. Satane o ile a etsa hore ba bone eka ho se mamele Molimo e tla ba ntho e thabisang eo hape e tla ba hlalefisa e be e ba fe bolokolohi. Empa sena e ne e le leshano feela—ha e le hantle e bile leshano la pele lefatšeng. Taba-taba e ne e le hore na Molimo o na le tokelo ea ho busa le hore na o busa ka tsela e lokileng le e molemong oa bafo ba hae.
Eva o ile a lumela leshano la Satane. A qala ho lakatsa tholoana ena, ’me a qetella a e jele. Hamorao a e fa monna oa hae, ’me le eena a e ja. Ka lebaka leo ea e-ba baetsalibe. Ketso eo e bonahalang e sa re letho, ha e le hantle e ne e bontša hore ba fetohetse Molimo. Ka hore Adama le Eva ka boomo ba khethe ho se mamele molao oa Molimo, ba ile ba hana ho busoa ke ’Mōpi ea ba fileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho akarelletsa le bophelo bo phethahetseng.
Molimo o ile a ahlola batho bana ba mo fetohetseng. Eaba o re ho tla tla Peō e tšepisitsoeng kapa Molopolli, e neng e tla felisa Satane ea tšoantšetsoang ke noha. Molimo ha aa ka a phethahatsa kahlolo eo ea lefu hang-hang, kahoo, o ile a hauhela bana ba Adama le Eva ba neng ba e-s’o tsoaloe. Bana bao ba ne ba tla ba le tšepo hobane Molimo o ne a tla romela Motho ea neng a tla tlosa liphello tse bohloko tse bileng teng ha batho ba fetohela Molimo Edene. Ha Bibele e ntse e ngoloa, ho ile ha senoloa butle-butle hore na morero oa Molimo ka Mopholosi enoa ea tlang o tla phethahatsoa joang le hore na Mopholosi enoa e tla ba mang.
Molimo o ile a leleka Adama le Eva Paradeiseng, eaba ba tlameha ho sebetsa ka thata ho lema lijo ka ntle ho serapa sa Edene. Ka mor’a moo, Eva a ima eaba o tsoala Kaine, e leng mora oa bona oa letsibolo. Banyalani bana ba ile ba ba le bara le barali ba bang, ba akhang Abele le Setha, ntate-moholo oa Noe.
—E thehiloe ho Genese khaolo ea 3 ho ea ho 5; Tšenolo 12:9.
◼ Leshano la pele e bile lefe, hona ke mang ea le buileng?
◼ Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba lelekoa Paradeiseng?
◼ Ha Molimo a ahlola batho ba mo fetohetseng, o ile a fana ka tšepo efe?
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Peō eo “e tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.”—Genese 3:15
[Lebokose le leqepheng la 5]
HO SE PHETHAHALE LE LEFU
Molimo o bōpile Adama le Eva ba phethahetse, ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Ba ile ba etsa sebe ka ho mo fetohela. Ka lebaka leo ea e-ba batho ba sa phethahalang ’me ba senya kamano ea bona le Molimo, Mohloli oa bophelo. Ho tloha ka nako, bona le bana ba bona ba ile ba sitoa ho qoba sebe le lefu.—Baroma 5:12.
[Chate e leqepheng la 5]
Genese ●
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo