Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 3 leq. 6
  • Batho ba Pholoha Moroallo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Pholoha Moroallo
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 3 leq. 6

Karolo 3

Batho ba Pholoha Moroallo

Molimo o timetsa batho ba khopo empa o pholosa Noe le lelapa la hae

HA BATHO ba ntse ba eketseha, sebe le bokhopo li ile tsa ata ka potlako lefatšeng. Moprofeta ea neng a le mong to! ea bitsoang Enoke o ile a lemosa hore ka letsatsi le leng Molimo o tla timetsa batho ba khopo. Leha ho le joalo, bobe bo ile ba ’na ba eketseha ’me ha senyeha le ho feta. Mangeloi a mang a ile a fetohela Molimo ka ho tloha libakeng tsa ’ona leholimong, ’me a iphetola batho eaba ka meharo a nyala basali. Manyalong ao a sa tloaelehang ho ile ha hlaha bana ba matla ka tsela e makatsang—liqhenqha tse mabifi tse bitsoang Banefilime tse ileng tsa etsa hore mabifi le tšollo ea mali li tote lefatšeng. Molimo a utloa bohloko haholo ha a bona batho bao a ba bōpileng ba senyeha.

Ka mor’a lefu la Enoke, ho ne ho na le monna ea ikhethang lefatšeng leo le khopo. Lebitso la hae ke Noe. Eena le lelapa la hae ba ne ba leka ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. Ha Molimo a etsa qeto ea ho timetsa batho ba khopo ba mehleng eo, o ne a batla ho sireletsa Noe le liphoofolo. Kahoo a re Noe a hahe areka—e leng sekepe se seholo se nang le mahlakore a mane. Noe le lelapa la hae hammoho le liphoofolo tsa mefuta-futa ba ne ba tla pholoha moroallo oa lefatše lohle ha ba le ka arekeng. Noe o ile a mamela Molimo. Lilemong tse mashome tseo Noe a neng a ntse a haha areka ka tsona, e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) O ile a lemosa batho ka Moroallo o tlang, empa ha baa ka ba mo nkela hloohong. Ho ile ha fihla nako ea hore Noe le lelapa la hae hammoho le liphoofolo ba kene arekeng. Molimo a koala monyako oa areka. Eaba pula ea na.

Ho ile ha na pula ea litloebelele ka matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela lefatše lohle le koahetsoe ke metsi. Batho ba khopo ba ile ba fela. Likhoeling tse latelang, ha metsi a ntse a kokobela, areka ea lula holim’a thaba. Noe le lelapa la hae le liphoofolo ba ne ba qetile selemo sohle ba le ka arekeng. Noe o ile a etsa nyehelo ea ho leboha Molimo, ’me Molimo a kholisa Noe le lelapa la hae hore A ke ke a hlola a tlisa moroallo o tla felisa lintho tsohle tse phelang lefatšeng. A tiisa sena ka ho hlahisa mookoli, o neng o tla ba hopotsa tšepiso ena e khothatsang.

Ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a boela a fa batho litaelo tse ncha. O ile a ba lumella ho ja nama ea liphoofolo. Leha ho le joalo, a ba thibela ho ja mali. A boela a ba laela hore ba hasane hohle lefatšeng, empa ba bang ha baa ka ba mamela. Ba ile ba iketsa khokanyan’a phiri ba eteletsoe pele ke Nimrode eaba ba qala ho haha tora e khōlō motseng oa Babele, oo hamorao o ileng oa bitsoa Babylona. Sepheo sa bona e ne e le hore ba se ke ba mamela taelo ea Molimo ea hore ba hasane hohle lefatšeng. Empa Molimo a nyopisa morero oa bafetoheli bao ka ho ferekanya puo e le ’ngoe eo ba neng ba e bua ’me a etsa hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng. Kaha ba ne ba sitoa ho buisana, ba ile ba tlohela mohaho oo ’me ba hasana.

​—E thehiloe ho Genese khaolo ea 6 ho ea ho 11; Juda 14, 15.

◼ Ho tlile joang hore bokhopo bo ate lefatšeng?

◼ Noe o ile a bontša joang hore oa tšepahala?

◼ Ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a thibela batho ho ja eng?

[Lebokose le leqepheng la 6]

BA TSAMAEA LE MOLIMO

Boholo ba bana ba Adama le Eva bo ile ba hana ho busoa ke Molimo. Leha ho le joalo, ho bile le mekhelo, oa pele e bile Abele, mora oa bona ea tšepahalang. Hamorao Bibele e ile ea re Enoke le Noe ba ne ba tsamaea le Molimo, ho bolelang hore ba ne ba phela ka tsela e mo khahlisang. (Genese 5:22; 6:9) Ka Bibeleng ho buuoa haholo ka banna le basali bao le bona ba ileng ba ikhethela hore Molimo e be ’Musi oa bona.

[Chate e leqepheng la 6]

● Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu

Mareka

Luka

Johanne

Liketso

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

Bafilipi

Bakolose

1 Bathesalonika

2 Bathesalonika

1 Timothea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela