KAROLO 5
Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
Mehleng ea Noe batho ba bangata ba ne ba etsa lintho tse mpe. Genese 6:5
Adama le Eva ba ile ba ba le bana ’me batho ba ile ba ngatafala lefatšeng. Ha nako e ntse e feta, mangeloi a mang le ’ona a ile a fetohela Molimo joaloka Satane.
A ile a tla lefatšeng ’me a apara ’mele ea nama e le hore a tsebe ho nyala basali. Basali bao ba ile ba e-ba le bana ba lifonthoane ba neng ba le mabifi ba bile ba le matla.
Lefatše le ile la tlala batho ba neng ba etsa lintho tse mpe. Bibele e re: ‘Bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e ne e le mpe feela ka linako tsohle.’
Noe o ile a mamela Molimo eaba o haha areka. Genese 6:13, 14, 18, 19, 22
Noe e ne e le motho ea lokileng. Jehova o ile a bolella Noe hore O ne a tlil’o timetsa batho ba khopo ka moroallo o moholo.
Molimo o ile a boela a bolella Noe hore a hahe sekepe se seholo se bitsoang areka, le hore a kenye lelapa la hae le liphoofolo tsa mefuta eohle ka ho sona.
Noe o ile a lemosa batho ka Moroallo o moholo o neng o tla, empa ha baa ka ba mamela. Ba bang ba ile ba tšeha Noe, athe ba bang bona ba ne ba mo hloile.
Ha areka e se e felile, Noe o ile a kenya liphoofolo ka ho eona.