Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 3 leq. 14-leq. 15 ser. 3
  • Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Ileng ba Lahleheloa ke Lehae la Bona
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ba Bang ba re Phahametse
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Ho Qaleha Bophelo bo Thata
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 3 leq. 14-leq. 15 ser. 3
Adama le Eva ba tsoa serapeng sa Edene

THUTO EA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Adama o tšoere tholoana eo a sa lokelang ho e ja eo a e filoeng ke Eva

Ka letsatsi le leng ha Eva a setse a le mong, noha e ile ea bua le eena. E ile ea re: ‘Na kannete Molimo o itse le se ke la ja litholoana tsa lifate tsohle?’ Eva a re: ‘Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng empa ha rea lokela ho ja tsa sefate se har’a serapa. Ha re ka ja tholoana ea sefate seo, re tla shoa.’ Eaba noha e re: ‘Ho hang le ke ke la shoa. Mohlang le li jang, mahlo a lona a tla buleha ’me le tla ba joaloka Molimo.’ Na e ne e bua ’nete? Che, e ne e bua leshano. Empa Eva o ile a e kholoa. Ha a ntse a sheba litholoana tsa sefate seo, o ile a li lakatsa le ho feta. Kahoo, a kha tholoana a e ja ’me a e fa Adama. Adama o ne a tseba hore ba tla shoa haeba ba sa mamele Molimo. Leha ho le joalo, o ile a e ja.

Ha Adama le Eva ba tsoa serapeng sa Edene, Jehova o ile a beha mangeloi le sabole e tukang ho ba thibela ho kena serapeng seo

Hamorao letsatsing lona leo, Jehova o ile a bua le Adama le Eva. O ile a ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba jele tholoana eo. Eva o ile a re ke noha e itseng a e je ’me Adama a re ke Eva ea itseng a e je. Jehova o ile a ba leleka serapeng seo hobane ba ne ba sa mo mamela. O ile a beha mangeloi le sabole e tukang ho ba thibela ho kena serapeng seo.

Jehova o ile a re o tla otla noha e thetsitseng Eva. Ha e le hantle, e ne e se noha e buang le Eva. Jehova o ne a sa bopa linoha tse tsebang ho bua. Ke lengeloi le khopo le ileng la etsa hore noha e bue. Le ne le batla ho qhekella Eva. Lengeloi leo ke Satane Diabolose. Nakong e tlang, Jehova o tla felisa Satane e le hore a se ke a hlola a qhekella batho.

“Diabolose . . . e bile ’molai ho tloha qalong ’me o ile a lahla ’nete hobane ha a e rate.”—Johanne 8:44

Lipotso: Ke hobane’ng ha Eva a ile a ja tholoana ea sefate? Ho ile ha etsahala’ng ka Adama le Eva ka mor’a hore ba je tholoana eo Jehova a itseng ba se ke ba e ja? Satane Diabolose ke mang?

Genese 3:1-24; Johanne 8:44; 1 Johanne 3:8; Tšenolo 12:9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela