Khaolo 5
Bohindu—Ho Batla Tokoloho
“Har’a batho ba Mahindu, ke moetlo oa bolumeli, hore ntho ea pele hoseng ho hong le ho hong, motho a tole nōkeng e haufi kapa lapeng haeba ho se nōka kapa nōkana haufi. Batho ba lumela hore ho ba etsa hore ba halalele. Joale, ba ntse ba e-so ho je, ba ea tempeleng ea sebaka seo ’me ba etsa linyehelo tsa lipalesa le lijo ho molimo oa sebaka seo. Ba bang ba tla hlatsoa molimo oa setšoantšo le ho o khabisa ka poiri e khubelu kapa e tšehla.
“Hoo e ka bang ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e na le sekhutlo kapa eona kamore bakeng sa borapeli ba molimo o ratoang oa lelapa. Molimo o ratoang libakeng tse ling ke Ganesa, molimo oa tlou. Batho ba tla o rapela ka ho khethehileng bakeng sa mahlohonolo, kaha o tsejoa o tlosa litšitiso. Libakeng tse ling Krishna, Rama, Siva, Durga, kapa molimo o mong feela o ka ’na oa nka sebaka sa pele boinehelong.”—Tara C., Kathmandu, Nepal.
1.(a) Hlalosa e meng ea meetlo ea Mahindu. (b) Ho se tšoane ho hong ho pakeng tsa pono ea Bophirima le pono ea Bohindu ke hofe?
BOHINDU ke eng? Na ke feela khopolo e nolofalitsoeng haholo ea Bophirima ea ho hlompha liphoofolo, ho tola Ganges, le ho aroloa ka lihlopha? Kapa na ho na le ho eketsehileng ho bona? Karabo: Ho na le ho eketsehileng haholo. Bohindu ke tsela e fapaneng ea ho utloisisa hore na bophelo ke eng eo ho eona litekanyetso tsa Bophirima e leng lisele ka ho felletseng. Batho ba Bophirima ba sekamela ho bona bophelo e le letoto la liketsahalo historing. Mahindu a bona bophelo e le potoloho e ntseng e ipheta eo ho eona histori ea motho e seng ea bohlokoa ho hang.
2, 3.(a) Ke hobane’ng ha ho le thata ho hlalosa Bohindu? (b) Sengoli se seng sa Moindia se hlalosa Bohindu le ho rapela melimo e mengata joang?
2 Hase mosebetsi o bonolo ho hlalosa Bohindu, kaha ha bo na tumelo e emeng nģa e le ’ngoe, tlhophiso ea boprista, kapa sehlopha sa babusi. Leha ho le joalo, bo na le baswami (baruti) le baguru (batataisi ba moea). Tlhaloso e batsi ea Bohindu e fanoeng ke buka e ’ngoe ea histori e bolela hore ke “sehlopha se felletseng se rarahaneng sa litumelo le mekhoa tse hlahileng nakong ea ha ho ne ho qaptjoa Liveda, mangolo, tsa bona tsa boholo-holo (le a halalelang ka ho fetisisa), ho fihlela hona joale.” E ’ngoe e re: “Re ka ’na ra re Bohindu ke ho khomarela kapa ho rapela melimo Vishnu, kapa Shiva [Siva], kapa molimotsana Shakti, kapa ho neoa ha eona ’mele ea nama, litšobotsi, balekane, kapa bana.” Hoo ho sebeletsa ho akarelletsa lihlotšoana tsa Rama le Krishna (ho neoa ’mele oa nama ha Vishnu), Durga, Skanda, le Ganesa (ka ho latellana e le mosali le bara ba Siva). Ho boleloa hore Bohindu bo na le melimo e limillione tse 330, empa leha ho le joalo ho boleloa hore Bohindu ha bo rapele melimo e mengata. Ho ka ba joalo joang?
3 Sengoli sa Moindia A. Parthasarathy sea hlalosa: “Mahindu ha a rapele melimo e mengata. Bohindu bo bua ka Molimo o le mong . . . Melimo le melimotsana e fapa-fapaneng ea sehlopha sa melimo sa Mahindu ke feela litšoantšetso tsa matla le mesebetsi ea Molimo o le mong o phahameng ka ho fetisisa lefatšeng le bonahalang.”
4. Lentsoe “Bohindu” le akarelletsa eng?
4 Hangata Mahindu a bua ka tumelo ea oona e le sanatana dharma, e bolelang molao kapa taolo ea ka ho sa feleng. Bohindua haele hantle ke lentsoe le sa emang nģa e le ’ngoe le hlalosang malumeli a mangata le lihlotšoana (sampradayas) a ’nileng a hōla le ho ngatafala ka lilemo tse likete tlas’a tšireletso ea litšōmo tse rarahaneng tsa boholo-holo tsa Mahindu. Litšōmo tseo li rarahane hoo New Larousse Encyclopedia of Mythology e reng: “Litšōmo tsa India ke mofero o lohellaneng oa mahlomela a nonneng. Ha u kena ho oona u lahleheloa ke leseli la motšehare le kelello eohle e elileng ea hore na u leba kae.” Leha ho le joalo, khaolo ena e tla sebetsana le tse ling tsa litšobotsi le lithuto tsa tumelo ena.
Tšimoloho ea Boholo-holo ea Bohindu
5. Bohindu bo pharalletse hakae?
5 Le hoja e ka ’na eaba Bohindu ha boa pharalla joaloka malumeli a mang a maholo, leha ho le joalo, bo ne bo laola botšepehi ba balateli ba ka bang limillione tse 700 ka 1990, kapa hoo e ka bang a le 1 ho ba 8 (13%) ho baahi ba lefatše. Leha ho le joalo, boholo ba bana ba fumanoa India. Ka hona ke ho utloahalang ho botsa, Ke joang hona hobane’ng ha Bohindu bo ile ba bokellana India?
6, 7. (a) Ho latela bo-rahistori ba bang, Bohindu bo ile ba fihla India joang? (b) Bohindu bo beha pale ea bona ea moroallo joang? (c) Ho latela setsebi sa mesaletsa ea lintho tsa khale Marshall, ho ne ho sebelisoa bolumeli ba mofuta ofe Phuleng ea Indus pele Maaryan a fihla?
6 Bo-rahistori ba bang ba bolela hore Bohindu bo simolohile lilemong tse ka holimo ho 3 500 tse fetileng ka ho falla ho hoholo ho ileng ha tlisa batho ba Aryan ba lebala le thothofa ba neng ba e-tsoa tlaase leboea-bophirima ba e-tla Phuleng ea Indus, bao hajoale boholo ba bona ba leng Pakistan le India. Ho tloha moo ba ile ba saballa le lithota tsa Nōka ea Ganges ho tšelela India. Litsebi tse ling li bolela hore maikutlo a bolumeli a bafalali bana a ne a theiloe lithutong tsa boholo-holo tsa Iran le Babylona. Karolo e ’ngoe e tloaelehileng meetlong e mengata le e fumanoang hape Bohindung ke ea pale ea moroallo.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 120.
7 Hantle-ntle ke bolumeli ba mofuta ofe bo neng bo sebelisoa Phuleng ea Indus pele Maaryan a fihla? Setsebi se seng sa mesaletsa ea lintho tsa khale, Sir John Marshall, se bua ka “‘Molimotsana o Moholo oo e Leng ’Mè’, litšoantšetso tse ling e le setšoantšo sa motho e motšehali oa moimana, tse ngata e le litšoantšo tse apereng liaparo tse bonaletsang tsa batho ba batšehali ba apereng liaparo tse lik’holloro li holimo le lintho tse roaloang hloohong. . . . Ho latele ‘Molimo o Motona’, ‘o hlokomeloang hang-hang e le setšoantšo sa Siva ea tsebisahalang’, o lutseng bohato ba maoto a oona bo thetsitse (setšoantšo sa yoga), setho sa botona se sataletseng (e hopotsang ka sehlotšoana sa lingam [setho sa botona]), o pota-potiloe ke liphoofolo (tse tšoantšetsang lebitso le emelang Shiva, ‘Morena oa Libatana’). Litšoantšetso tsa lejoe tsa setho sa botona le setho sa bosali li ngata, . . . e leng tse bontšang sehlotšoana sa lingam le yoni kapa Shiva le molekane oa hae.” (World Religions—From Ancient History to the Present) Ho tla fihlela kajeno Siva o hlomphuoa e le molimo oa kemolo, molimo oa setho sa botona, kapa lingam. O tsoetsoe ke poho Nandi.
8, 9. (a) Setsebi se seng sa Bohindu se hanana joang le khopolo ea Marshall? (b) Ke lipolelo life tse hanyetsang tse entsoeng ka lintho tse hlomphuoang tsa Bohindu le “Bokreste”? (c) Motheo oa lingoliloeng tse halalelang tsa Bohindu ke ofe?
8 Setsebi sa Bohindu Swami Sankarananda se hanana le tlhaloso ea Marshall, se bolela hore tšimolohong majoe a hlomphuoang, a mang a tsejoa e le Sivalinga, e ne e le litšoantšetso tsa “mollo oa sepaka-paka kapa letsatsi le mollo oa letsatsi, mahlaseli.” (The Rigvedic Culture of the Pre-Historic Indus) O beha lebaka la hore “sehlotšoana sa botona le botšehali . . . ha sea simoloha e le sehlotšoana sa bolumeli. Ke ntho e ileng ea hlaha ka morao ho moo. Ke ho theoha boemong ha ntho ea mathomo. Ke batho ba ileng ba theola ntho ea sebele, e phahameng haholo hore ba ka e utloisisa, ho e tlisa boemong ba bona.” Ho hanyetsa khang ea batho ba Bophirima ea ho soma Bohindu, o bolela hore, motheong oa ho rapela ha Bokreste sefapano, tšoantšetso ea bohetene ea setho sa botona, “Bakreste . . . ke barapeli ba chesehang ba sehlotšoana sa likamano tsa botona le botšehali.”
9 Ha nako e ntse e feta, litumelo, litšōmo, le lipale tsa India li ile tsa ngoloa, ’me kajeno li bōpa lingoliloeng tse halalelang tsa Bohindu. Le hoja libuka tsena tse halalelang li atile haholo, ha li leke ho bōpa thuto e momahaneng ea Bohindu.
Lingoliloeng Tse Halalelang Tsa Bohindu
10. Tse ling tsa lingoliloeng tsa khale haholo tsa Bohindu ke life?
10 Lingoliloeng tsa khale haholo ke Liveda, pokello ea lithapelo le lifela e tsejoang e le Rig-Veda, Sama-Veda, Yajur-Veda, le Atharva-Veda. Li ile tsa qaptjoa ka makholo a mangata a lilemo ’me tsa phethoa hoo e ka bang ka 900 B.C.E. Liveda hamorao li ile tsa tlatsoa ka lingoliloeng tse ling, ho akarelletsa Librahmana le Liupanishad.
11. (a) Phapang ke efe pakeng tsa Librahmana le Liupanishad? (b) Liupanishad li hlalosa lithuto life?
11 Librahmana li qaqisa hore na litšebeletso le mahlabelo, tse etsetsoang lapeng le phatlalatsa li ka etsoa joang, ’me li kena ka ho qaqa ho hoholoanyane hore na ka botebo li bolela eng. Li ile tsa ngoloa ho tloha ka hoo e ka bang ka 300 B.C.E. kapa hamoraonyana. Liupanishad (hantle-ntle, “ho lula pel’a moruti”), hape li tsejoa e le Vedanta ’me li ngotsoe hoo e ka bang ka 600-300 B.C.E., ke libuka tse ngotsoeng ka mokhoa o qapollisang tse behang lebaka bakeng sa likhopolo tsohle le liketso, ho latela filosofi ea Bohindu. Lithuto tsa samsara (ho fetohela ha moea ’meleng o mong) le Karma (tumelo ea hore liketso tsa bophelong bo fetileng ke sesosa sa boemo ba bophelo ba hona joale ba motho) li ile tsa hlalosoa ho lingoliloeng tsena.
12. Rama e ne e le mang, ’me pale ea hae e fumanoa hokae?
12 Sehlopha se seng sa lingoliloeng ke Lipurana, kapa lipapiso tse telele tsa lipale tse nang le litšōmo tse ngata tsa Bohindu tsa melimo le melimotsana hammoho le bahale ba Bohindu. Pokello ena ea libuka e khōlō ea Bohindu e akarelletsa le lithoko tsa Ramayana le Mahabharata. Ea pele, ho latela A. Parthasarathy, ke pale ea “Morena Rama . . . ea hlomphuoang ka ho fetisisa ho bohle ba fumanoang likhatisong tsa mangolo.” Ramayana ke e ’ngoe ea lingoliloeng tse ratehang ka ho fetisisa ho Mahindu, ea hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E. Ke pale ea mohale Rama, kapa Ramachandra, eo Mahindu a mo talimang e le mora, ngoan’abo bona, le monna eo e leng mohlala. O nkoa e le avatar (’mele oa nama) ea bosupa ea Vishnu, ’me lebitso la hae hangata le sebelisoa e le mokhoa oa tumeliso.
13, 14. (a) Ho latela mohloli o mong oa Bohindu, Bhagavad Gita ke eng? (b) Sruti le Smriti li bolela eng, ’me Manu Smriti ke eng?
13 Ho latela Bhaktivedanta Swami Prabhupāda, mothei oa Mokhatlo oa Machaba o Hlokomelisang ka Krishna, “Bhagavad-gıtā [karolo ea Mahabharata] ke taeo e phahameng ka ho fetisisa ea boitšoaro. Litaeo tsa Bhagavad-gıtā li bōpa mokhoa o phahameng ka ho fetisisa oa bolumeli le mokhoa o phahameng ka ho fetisisa oa boitšoaro. . . . Taeo ea ho qetela ea Gıtā ke lentsoe la ho qetela la boitšoaro bohle le bolumeli: ho inehela ho Kṛṣṇa [Krishna].”—BG.
14 Bhagavad Gita (Pina ea Leholimo), eo ba bang ba e talimang e le “lehakoe la bohlale ba moea ba India,” ke puisano e bakang lintoa “pakeng tsa Morena Śrī Kṛṣṇa [Krishna], Botho bo Phahameng ka ho Fetisisa ba Molimo, le Arjuna, motsoalle oa Hae ea haufi haholo le ea inehetseng ho eena, eo A mo laeang saenseng ea ho ikelelloa.” Leha ho le joalo, Bhagavad Gita ke karolo feela ea pokello e khōlō ea libuka tse halalelang ea Bohindu. Tse ling tsa lingoliloeng tsena (Liveda, Librahmana, le Liupanishad) li talingoa e le Sruti, kapa “tse utluoeng,” ’me ka lebaka leo li nkoa e le lingoliloeng tse halalelang tse senotsoeng ka ho toba. Tse ling, tse kang lithoko le Lipurana, ke Smriti, kapa “tse hopoloang,” ’me kahoo li qapiloe ke lingoli tsa batho, le hoja li simolohile tšenolong. Mohlala o mong ke Manu Smriti, e thathamisang molao oa bolumeli le oa kahisano oa Bohindu, e phaellang ka ho hlalosa motheo oa tsamaiso ea ho arola batho ka lihlopha. Tse ling tsa litumelo tse hlahileng ka lingoliloeng tsee tsa Bohindu ke life?
Lithuto le Boitšoaro—Ahimsa le Varna
15. (a) Hlalosa ahimsa, u be u hlalose kamoo Majaine a e sebelisang ka teng. (b) Gandhi o ne a talima ahimsa joang? (c) Masikh a fapana joang le Mahindu le Majaine?
15 Bohindung, joaloka malumeling a mang, ho na le likhopolo tse itseng tsa motheo tse susumetsang monahano le boitšoaro ba letsatsi le letsatsi. E hlahelletseng haholo ke ea ahimsa (ahinsa ka Sesanskrit), kapa ho se be mabifi, eo Mohandas Gandhi (1869-1948), ea tsejoang e le Mahatma, a neng a tumme ka eona. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 113.) Motheong oa filosofi ena, Mahindu ha aa lebelloa ho bolaea kapa ho ba mabifi ho libopuoa tse ling, e leng le leng la mabaka ao ka ’ona a hlomphang tse ling tsa liphoofolo, tse kang likhomo, linoha, le litšoene. Babuelli ba thata-thata ba thuto ena ea ahimsa le ba hlomphang bophelo ke balateli ba Bojaine (bo theiloeng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.), ba tsamaeang ba sa roala lieta ba bile ba roala lintho tse koahelang molomo hore ba se ke ba koenya ka tsietsi kokoanyana leha e le efe. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 104, le setšoantšo, leqepheng la 108.) Ho fapana le moo, Masikh a tsejoa ka tšobotsi e khethehileng ea ’ona ea ho loana, ’me Singh, fane e tloaelehileng har’a ’ona, e bolela tau.—Bona se ka lebokoseng, maqepheng a 100-101.
16. (a) Mahindu a mangata a talima tsamaiso e arolang batho ka lihlopha joang? (b) Gandhi o ile a re’ng ka tsamaiso e arolang batho ka lihlopha?
16 Tšobotsi e tsebisahalang hohle ea Bohindu ke varna, kapa tsamaiso ea ho arola batho ka lihlopha, e arolang batho ka lihlopha tse hlomamisitsoeng ka thata. (Bona lebokose, leqepheng 113.) Motho o bona habonolo hore batho ba Mahindu ba sa ntsane ba arotsoe ka lihlopha ke tsamaiso ena, le hoja e hanoa ke Mabuddha le Majaine. Leha ho le joalo, joalokaha khethollo ea merabe e phehella United States le libakeng tse ling, ka ho tšoanang le tsamaiso e arolang batho ka lihlopha e kene ka botebo likelellong tsa Maindia. Ka tsela e ’ngoe ke mokhoa oa ho hlokomela lihlopha oo, ka tsela e tšoanang, o sa ntsaneng o ka fumanoa ka tekanyo e tlaase har’a batho ba Brithani le linaheng tse ling. (Jakobo 2:1-9) Kahoo, India motho o tsoalloa tsamaisong e hlomamisitsoeng ka thata e arolang batho ka lihlopha, ’me ha ho tsela eo a ka tsoang ka eona. Ho feta moo, Mohindu feela tjee ha a batle tsela ea ho tsoa. O ho nka e le kabelo eo a e reretsoeng esale pele, kabelo eo a ke keng a e balehela bophelong, phello ea liketso tsa hae bophelong bo fetileng, kapa Karma. Empa tsamaiso ena e arolang batho ka lihlopha e simolohile joang? Hang hape re lokela ho retelehela litšōmong tsa Bohindu.
17, 18. Ho latela litšōmo tsa Bohindu, tsamaiso e arolang batho ka lihlopha e ile ea qala joang?
17 Ho latela litšōmo tsa Bohindu, tšimolohong ho ne ho e-na le lihlopha tse khōlō tse ’nè tseo batho ba neng ba arotsoe ka tsona tse theiloeng likarolong tsa ’mele tsa Purusha, moemeli oa ntate oa batho oa pele-pele. Lifela tsa Rig-Veda li re:
“Ha ba arola Purusha ba ile ba etsa likarolo tse kae?
Molomo oa hae ba o bitsa eng, matsoho a hae? Lirope tsa hae le maoto ba li bitsa eng?
Brahman [sehlopha se ka holimo-limo] e ne e le molomo oa hae, ka matsoho a hae a mabeli ba ile ba etsa Rajanya.
Lirope tsa hae li ile tsa fetoha Vaisya, ka maoto a hae ha hlahisoa Sudra.”—The Bible of the World.
18 Kahoo, Mabrahman a boprista, sehlopha se ka holimo-limo, ho ne ho nahanoa hore a simolohile molomong oa Purusha, karolo e kaholimo-limo ea hae. Sehlopha se busang, kapa sa bahlabani, (Kshatriya kapa Rajanya) se tsoile matsohong a hae. Sehlopha sa bahoebi le balemi, se bitsoang Vaisya, kapa Vaishya, se simolohile liropeng tsa hae. Sehlopha se tlaasenyana, Sudra, kapa Shudra, kapa sehlopha sa basebetsi, se hlahile karolong e ka tlaase-tlaase ea ’mele, maoto a hae.
19. Ke lihlopha life tse ling tse ileng tsa e-ba teng?
19 Ho theosa le makholo a lilemo ho ’nile ha hlaha lihlopha tse tlaase haholo, melahloa le Ba sa Angoeng, kapa joalokaha Mahatma Gandhi a ile a ba bitsa ka mosa haholoanyane, Maharijan, kapa “batho ba molimo Vishnu.” Le hoja ho se angoe ho ile ha tlosoa ka molao India ho tloha ka 1948, Ba sa Angoeng ba sa ntsane ba phela bophelo bo thata haholo.
20. Litšobotsi tse ling tsa tsamaiso e arolang batho ka lihlopha ke life?
20 Ha nako e ntse e feta, lihlopha li ile tsa ata ho lumellana le hoo e ka bang mosebetsi o mong le o mong le botsebi har’a batho ba Maindia. Tsamaiso ena ea boholo-holo ea ho arola batho ka lihlopha, e bolokang e mong le e mong sebakeng sa hae sechabeng, haele hantle hape ke ho khethollana ka merabe ’me “e akarelletsa mefuta e khethehileng ea merabe e sa tšoaneng ho tloha ka ba tsejoang e le Maaryan [ba letlalo le khanyang] ho isa ho meloko ea pele ho Badravidian [ba letlalo le letšo].” Varna, kapa sehlopha, e bolela “lebala.” “Lihlopha tse tharo tsa pele e ne e le Maaryan, batho ba lebala le khanyang ka ho fetisisa; sehlopha sa bone, se entsoeng ka maaborijene a letlalo le letšo, e ne e se Maaryan.” (Myths and Legends Series—India, ea Donald A. Mackenzie) Ke ’nete e ke keng ea latoloa hore bophelong India tsamaiso e arolang batho ka lihlopha, e sirelelitsoeng ke thuto ea bolumeli ea Karma, e notlelletse ka ho sa feleng batho ba limillione bofumeng le ho hlokeng toka.
Potoloho e Nyahamisang ea Bophelo
21. Ho latela Garuda Purana, Karma e ama qetello ea motho joang?
21 Tumelo e ’ngoe ea motheo e amang melao ea se nepahetseng le se fosahetseng le boitšoaro tsa Mahindu, le e ’ngoe ea tsa bohlokoa ka ho fetisisa, ke thuto ea Karma. Ke molao-motheo oa hore ketso e ’ngoe le e ’ngoe e na le liphello tsa eona, tse ntle kapa tse mpe; e rera bophelo bo bong le bo bong ha moea o fetohela ’meleng o mong kapa ha o neoa ’mele oa nama. Joalokaha Garuda Purana e hlalosa:
“Motho ke ’mōpi oa qetello ea hae, le bophelong ba ha a le ka popelong o angoa ke matla a mesebetsi ea bophelo ba hae ba pele. E-bang o koalletsoe qhobosheaneng ea thaba kapa o ipatile mpeng ea leoatle, e-bang o sireletsehile seropeng sa ’m’ae kapa o phahamiselitsoe holim’a hlooho ea ’m’ae, motho a ke ke a baleha liphello tsa liketso tsa hae tsa pele. . . . Eng kapa eng e tla oela motho mehleng efe kapa efe e khethehileng kapa nako ka sebele e tla mo fihlela ka nako eo le ka letsatsi leo.”
Garuda Purana e tsoela pele:
“Tsebo eo motho a ileng a e fumana tsoalong ea hae ea pele, leruo leo a ileng a fana ka lona ho thusa bahloki bophelong ba hae ba pele, le mesebetsi eo a ileng a e etsa ’meleng oo a neng a le ho oona pele, li etella moea oa hae pele leahong la oona la nakoana.”
22. (a) Ke phapang efe e teng pakeng tsa khetho e ka etsoang Bohindung le Bokreste-’mōtoaneng bakeng sa moea ka morao ho lefu? (b) Thuto ea Bibele ke efe ka moea?
22 Tumelo ee e itšetlehile ho eng? Moea o sa shoeng ke oa bohlokoa thutong ea Karma, ’me Karma ke eona e etsang hore pono ea Bohindu ea moea e fapane le ea Bokreste-’mōtoana. Mohindu o lumela hore moea o mong le o mong oa motho, jīva kapa prān,b o feta ’meleng e tsoetsoeng bocha e mengata ’me mohlomong le “liheleng.” O tlameha ho loanela ho kopana le “Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa,” oo hape o bitsoang Brahman, kapa Brahm (o se ke oa ferekanngoa le molimo oa Mahindu Brahma). Ka lehlakoreng le leng, lithuto tsa Bokreste-’mōtoana li khethela moea leholimo, lihele, pelekatori, kapa Limbo, ho itšetlehile ka hore na maikutlo a bolumeli ke afe.—Moeklesia 9:5, 6, 10; Pesaleme ea 146:4.
23. Karma e ama pono ea bophelo ea Mohindu joang? (Bapisa le Ba-Galata 6:7-10.)
23 Ka lebaka la Karma, Mahindu a sekamela ho nahaneng ka lefu ka linako tsohle. A lumela hore seo motho a leng sona le boemo ba hae hona joale ke phello ea bophelo ba pele ’me ka baka leo se loketse, e-bang se sebe kapa se setle. Mohindu a ka leka ho thea tlaleho e molemo e le hore bophelo bo latelang bo ka mamelleha haholoanyane. Kahoo, o amohela habonolo kabelo ea hae bophelong ho feta motho oa Bophirima. Mohindu o e bona kaofela ha eona e le phethahalo ea molao oa sesosa le phello kamanong le bophelo ba hae ba pele. Ke molao-motheo oa ho kotula seo u se jetseng bophelong boo ho nahanoang hore ke ba nakong e fetileng. Joalokaha ho ka lebelloa, sena sohle se theiloe khopolong ea hore motho o na le moea o sa shoeng o fetelang bophelong bo bong, e-bang ke ba motho, phoofolo, kapa moroho.
24. Moksha ke eng, ’me Mahindu a lumela hore e finyelloa joang?
24 Kahoo, sepheo-pheo sa ho qetela sa tumelo ea Bohindu ke sefe? Ho finyella moksha, e bolelang tokoloho, kapa topollo, lebiling le hatellang ka sehlōhō la ho tsoaloa hape le bophelo bo fapa-fapaneng. Ka baka leo, ke ho baleha bophelo ba moea o keneng ’meleng, e seng ha ’mele, empa ha “moea.” “Kaha moksha, kapa tokollo letotong le lelelele la ’mele e fapa-fapaneng, ke pakane ea Mohindu e mong le e mong, ketsahalo e khōlō haholo bophelong ba hae hantle-ntle ke lefu la hae,” kamoo ho bolelang mohlalosi e mong. Moksha e ka finyelloa ka ho latela limarga, kapa litsela tse sa tšoaneng. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 110.) Thuto ee ea bolumeli e itšetlehile hakaakang ka khopolo ea boholo-holo ea Bababylona ea hore moea ha o shoe!
25. Maikutlo a Bohindu ka bophelo a fapana joang le pono ea Bibele?
25 Leha ho le joalo, ho latela Bibele, ho nyelisa le ho nyefola bophelo ba nama ho hanana ka ho fetisisang le morero oa tšimolohong oa Jehova Molimo bakeng sa moloko oa batho. Ha a bōpa batho ba babeli ba pele, o ile a ba abela bophelo ba lefatšeng ba thabo, le nyakallo. Tlaleho ea Bibele ea re bolella:
“Molimo oa etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali. Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng. . . . Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:27-31)
Bibele e profeta mehla e haufi ea khotso le toka bakeng sa lefatše, mehla eo ho eona lelapa le leng le le leng le tla ba le sebaka sa lona se itlhomphang sa bolulo, ’me bophelo bo phethahetseng ’meleng le bophelo e tla ba kabelo ea ka ho sa feleng ea moloko oa batho.—Esaia 65:17-25; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.
26. Ke potso efe joale e hlokang karabo?
26 Potso e latelang e arabeloang ke hore, Ke melimo efe eo Mohindu a tlamehang ho e khahlisa e le hore a finyelle Karma e molemo?
Sehlopha sa Melimo ea Mahindu
27, 28. (a) Ke melimo efe e bōpang Trimurti ea Bohindu? (b) Basali kapa balekane ba eona ke bafe? (c) Bolela melimo le melimotsana e meng ea Mahindu.
27 Le hoja Bohindu bo ka ipolela hore bo na le melimo e limillione, ketsong ho na le melimo e itseng e ratehang e fetohileng ea bohlokoa bakeng sa lihlotšoana tse sa tšoaneng tsa Bohindu. E meraro ho melimo e tsebahalang haholo e akarelletsoa ho seo Mahindu a se bitsang Trimurti, boraro-bo-bong, kapa melimo e meraro ho o le mong.—Bakeng sa melimo e meng ea Mahindu, bona se ka lebokoseng, maqepheng a 116-17.
28 Melimo ena e meraro ho o le mong e entsoe ka Brahma ’Mōpi, Vishnu ’Moloki, le Siva Motimetsi, ’me o mong le o mong bonyane o na le mosali a le mong kapa molekane. Brahma o nyalane le Saraswati, molimotsana oa tsebo. Mosali oa Vishnu ke Lakshmi, ha mosali oa pele oa Siva e ne e le Sati, ea ileng a ipolaea. Ke eena mosali oa pele ea ileng a kena mollong oa sehlabelo, ’me kahoo a fetoha mosali oa pele ea chesetsoang qubung ea ho chesa setopo ea monna oa hae. Ho latela mohlala oa hae oa tšōmong, bahlolohali ba likete ba Mahindu ho theosa le makholo a lilemo ba ’nile ba iketsa mahlabelo liqubung tsa lintho tse chesang litopo tseo litšebeletso tsa banna ba bona li ileng tsa tšoareloa ho tsona pele ba chesoa, le hoja mokhoa ona hona joale o haneloa ka molao. Siva o na le mosali e mong hape ea tsejoang ka mabitso le litlotla tse ngata. Sebopehong sa hae se sa tšoseng, ke Parvati le Uma, hammoho le Gauri, Oa Bohlokoa. Ha e le Durga kapa Kali, ke molimotsana o tšosang.
29. Mahindu a talima Brahma joang? (Bapisa le Liketso 17:22-31.)
29 Brahma, le hoja e le eena oa bohlokoahali litšōmong tsa Mahindu, ha a nke sebaka sa bohlokoa borapeling ba Mohindu e mong le e mong. Haele hantle ke litempele tse ’maloa feela tse nehetsoeng ho eena, le hoja a bitsoa Brahma ’Mōpi. Leha ho le joalo, litšōmo tsa Mahindu li fana ka kabelo ea ho bōpa bokahohleng bo bonahalang ho boleng bo phahameng, mohloli, kapa sebopeho—Brahman, kapa Brahm, ea tsebahatsoang ka molumo o halalelang oa OM kapa AUM. Litho kaofela tse tharo tsa boraro-bo-bong bona li nkoa e le karolo ea “Molimo” oo, ’me melimo e meng kaofela e talingoa e le libopeho tse fapa-fapaneng. Hore na ke molimo ofe o rapeloang e le o phahameng ka ho fetisisa, molimo oo ho nahanoa hore o akaretsa sohle. Kahoo leha Mahindu a rapela melimo e limillione, boholo ba lumela hore ho na le Molimo o le mong feela oa ’nete, o ka nkang libopeho tse ngata: botona, botšehali, kapa le sona sa phoofolo. Ka baka leo, litsebi tsa Bohindu li potlakela ho supa hore Bohindu haele hantle bo rapela molimo o le mong, e seng melimo e mengata. Leha ho le joalo, hamorao monahano oa Veda o lahla khopolo ea molimo o phahameng ka ho fetisisa, e e nkela sebaka ka molimo o se nang botho kapa tšimoloho.
30. Liavatar tse ling tsa Vishnu ke life?
30 Vishnu, molimo o etsetsang batho melemo oa letsatsi le o moholohali, ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba balateli ba Bovaishnava. O hlaha tlas’a liavatar kapa ’mele e leshome, ho akarelletsa Rama, Krishna, le Buddha.c Avatar e ’ngoe ke Vishnu Narayana, “e tšoantšetsoang ka sebopeho sa motho ea robetseng holim’a noha e ikharileng Shesha kapa Ananta, e phaphametseng holim’a metsi a mangata haholo le mosali oa hae, molimotsana Lakshmi, ea lutseng maotong a hae ha molimo Brahma a hlaha mohalalitoeng o metseng mokhubung oa Vishnu.”—The Encyclopedia of World Faiths.
31. Siva ke molimo oa mofuta ofe?
31 Siva, hape ka tloaelo o bitsoa Mahesha (Morena ea Phahameng ka ho Fetisisa) le Mahadeva (Molimo o Moholo), ke molimo oa bobeli o moholo oa Bohindu, ’me borapeli bo lebisoang ho eena bo bitsoa Bosaiva. O hlalosoa e le “moitšotli e moholo, morena yogin ea lulang a nahanisisa methipoloheng ea lithaba tsa Himalaya, ’mele oa hae o tlotsitsoe melora ’me hlooho ea hae e koahetsoe ka moriri o lohiloeng marang-rang.” Hape o tsebahala “ka ho tsosa ha hae takatso ea botona le botšehali, e le eena ea tlisang kemolo le morena ea phahameng ka ho fetisisa oa pōpo, Mahadeva.” (The Encyclopedia of World Faiths) Borapeli bo neheloa ho Siva ka lingam, kapa setšoantšo sa setho sa botona.—Bona litšoantšo, leqepheng la 99.
32. (a) Molimotsana Kali o nka libopeho life? (b) Lentsoe la Senyesemane le ile la simolloa joang borapeling ba hae?
32 Joaloka malumeli a mang a mangata a lefatše, Bohindu bo na le molimotsana oa bona o phahameng ka ho fetisisa, o ka khahlang kapa oa tšosa. Sebopehong sa oona se khahlisang haholoanyane, o tsejoa e le Parvati le Uma. Sebopeho sa oona se tšosang se bontšoa e le Durga kapa Kali, molimotsana o nyoretsoeng mali o thabelang mahlabelo a mali. Ha e le Molimotsana oa ’Mè, Kali Ma (Lefatše-’Mè e Motšo), ke molimo o moholo oa sehlotšoana sa Shakti. O tšoantšetsoa a hlobotse ho fihla liqholong ’me a apere mekhabiso ea litopo, linoha, le mahata. Linakong tse fetileng, liphofu tsa batho ba khanngoeng li ne li nyeheloa ho eena ke balumeli ba tsejoang e le thugi, eo ho eona ho tsoileng lentsoe la Senyesemane “thug.”
Bohindu le Nōka ea Ganges
33. Ke hobane’ng ha Ganges e halalela ho Mahindu?
33 Re ke ke ra bua ka sehlopha sa melimo ea Bohindu ntle ho ho bolela nōka ea ’ona e halalelang ka ho fetisisa—Ganges. Boholo ba litšōmo tsa Bohindu li amana ka ho toba le nōka ea Ganges, kapa Ganga Ma (’Mè Ganga), kamoo Mahindu a chesehang a e bitsang ka teng. (Bona se ’mapeng, leqepheng la 123.) A pheta ka hlooho thapelo e akarelletsang mabitso a fapa-fapaneng a 108 a nōka ena. Ke hobane’ng ha Ganges e hlompshoa hakaale-kaale ke Mahindu a tšepahalang? Hobane e amana haholo le ho tsoela pele ha ’ona a ntse a phela ka letsatsi le letsatsi le litšōmo tsa ’ona tsa boholo-holo. A lumela hore pele e ne e le maholimong e le Molala. Joale ho ile ha tla joang hore e be nōka?
34. Ho latela litšōmo tsa Mahindu, tlhaloso e ’ngoe ea kamoo nōka ea Ganges e qalileng ka eona ke efe?
34 Ka ho se tšoane ho itseng boholo ba Mahindu bo ne bo tla hlalosa tjena: Maharajah Sagara o ne a e-na le bara ba 60 000 ba ileng ba bolaoa ke mollo oa Kapila, sebopeho se seng sa Vishnu. Meea ea bona e ne e ahloletsoe liheleng ntle le haeba molimotsana Ganga o ne o ka theoha leholimong ho tla ba hloekisa le ho ba lopolla thohakong eo. Bhagīratha, setloho-tloholoana sa Sagara, o ile a etsa thapeli ho Brahma hore a lumelle Ganga ea halalelang hore a theohele lefatšeng. Tlaleho e ’ngoe e tsoela pele: “Ganga o ile a arabela. ‘Ke phororo e matla hoo nka soahlamanyang metheo ea lefatše.’ Ka hona [Bhagīratha], ka mor’a ho itlhokofatsa ka lilemo tse sekete, o ile a ea ho molimo Shiva, moitšotli e moholohali, ’me a mo phehella hore a eme ka holimo-limo ho lefatše har’a mafika le leqhoa lithabeng tsa Himalaya. Shiva o ne a bokelletsoe moriri o lohiloeng marang-rang hloohong ea hae, ’me o ile a lumella Ganga hore a lume a le sepaka-pakeng, a lumele lishobeng tsa moriri oa hae, tse ileng tsa monya butle ho luma ho tšosang ho sokelang lefatše. Ganga joale a rothela butle-butle lefatšeng ’me a phallela tlaase ho tsoa lithabeng le ho haola lithota, a tlisa metsi ’me kahoo a tlisa bophelo lefatšeng le ommeng.”—From the Ocean to the Sky, ea Sir Edmund Hillary.
35. Balateli ba Vishnu ba hlalosa boteng ba nōka ena joang?
35 Balateli ba Vishnu ba na le tlhaloso e batlang e fapane ea kamoo Ganges e qalileng ka teng. Ho latela buka ea boholo-holo, Vishnu Purana, tlhaloso ea bona ke hore:
“Ho tsoa sebakeng sena [sebaka se halalelang sa Vishnu] ho tsoa nōka ea Ganges, e tlosang libe tsohle . . . E phalla ho tsoa lenaleng la monoana o moholo oa leoto le letšehali la Vishnu.”
Kapa joalokaha balateli ba Vishnu ba bolela ka Sesanskrit: “Visnu-padabja-sambhuta,” e bolelang “E tsoetsoeng ke leoto le kang mohalalitoe la Vishnu.”
36. Mahindu a lumela eng ka matla a metsi a Ganges?
36 Mahindu a lumela hore Ganges e na le matla a ho lopolla, ho hloekisa, ho hlatsoa, le ho phekola balumeli. Vishnu Purana e re:
“Bahalaleli, ba hloekisoang ka ho tola metsing a nōka ena, le bao likelello tsa bona li nehetsoeng ho Kesava [Vishnu], ba fumana tokoloho ea ho qetela. Nōka e halalelang, ha motho a utloela ka eona, a e lakatsa, a e bona, a e ama, a tola ho eona, kapa a e roka ka lifela, letsatsi le letsatsi e hloekisa batho bohle. Esita le bao le hoja ba phela hōle . . . ba buang ba re ‘Ganga le Ganga’ ba lopolloa libeng tse entsoeng maphelong a mararo a pele.”
The Brahmandapurana e re:
“Ba tolang ka lekhetlo le le leng feela ka boinehelo metsing a Ganga a hloekileng a phallang, meloko ea bona e sireletsoa ke Eona likotsing tse makholo a likete. Bobe bo ’nileng ba bokelloa ho theosa le meloko boa timetsoa. Motho o hloekisoa hang-hang ka hore a tole ka hare ho Ganga.”
37, 38. Ke hobane’ng ha Mahindu a limillione a khobokana Ganges?
37 Maindia a khobokana nōkeng ena ho etsa puja, kapa borapeli, ka ho nyehela lipalesa, ho pheta-pheta lithapelo, le ho fumana ho moprista tilak, motaka oa mokeli-keli o mofubelu kapa o mosehla phatleng. Joale ba kena ka metsing ho tola. Ba bangata ba tla noa le metsi, le hoja e silafetse haholo ke likhoere-khoere tsa metsi a litšila, lik’hemikale, le litopo. Empa khoheli ea moea ea Ganges e matla hoo e leng takatso ea Maindia a limillione hore a tole bonyane ka lekhetlo le le leng ‘nōkeng e halalelang’ ea oona, e silafetse kapa e sa silafala.
38 Ba bang ba tlisa litopo tsa baratuoa ba bona hore li chesoe liqubung tsa lintho tse chesang litopo tse mathokong a nōka ena, e be joale melora e fafatsoa ka hare ho nōka. Ba lumela hore hona ho tiisa thabo ea ka ho sa feleng bakeng sa moea o ileng. Ba futsanehileng haholo ho lefella liqubu tsa lintho tse chesang litopo ba sutumeletsa setopo se thatetsoeng ka nōkeng, moo se hlaseloang ke linonyana tse jang libolu kapa se bollang teng. Hona ho re tlisa potsong, Ho phaella ho seo re seng re se hlahlobile, Bohindu bo ruta eng ka bophelo ka morao ho lefu?
Bohindu le Moea
39, 40. Mohlalosi e mong oa Bohindu o re’ng ka moea?
39 Bhagavad Gita e fana ka karabo ha e re: “Joalokaha moea o kentsoeng ’meleng o ntse o fetela pele ’meleng ona, ho tloha boshemaneng ho ea bocheng, ’me joale o fetela botsofaling, ka ho tšoanang moea o fetela ’meleng o mong lefung.”—Khaolo 2, temana ea 13.
40 Tlhaloso e ’ngoe ea Bohindu temaneng ena e re: “Kaha motho e mong le e mong ea phelang ke moea o ikemetseng, o mong le o mong o fetola ’mele oa oona ka motsotso o mong le o mong, ka linako tse ling o bonahala e le ngoana, ka linako tse ling e le mocha, ’me ka linako tse ling e le monna-moholo—le hoja motho enoa oa moea a ntse a le teng ’me ho se mohla a fetohang ka tsela leha e le efe. Moea ona o ikemetseng qetellong o fetola ’mele ka booona, ha o fetoha ho tloha ’meleng o mong ho ea ho o mong, ’me kaha e le ’nete hore o tla ba le ’mele o mong tsoalong e latelang—e-bang ke oa nama kapa oa moea—ho ne ho se lebaka la hore Arjuna a lle ka lebaka la lefu.”
41. Ho latela Bibele, ho lokela ho etsoe khethollo efe mabapi le moea?
41 Hlokomela hore tlhaloso ena e bolela hore “motho e mong le e mong ea phelang ke moea o ikemetseng.” Polelo ena joale e lumellana le seo Bibele e se bolelang ho Genese 2:7.
“Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela; ’me motho ea e-ba moea o phelang.”
Empa ho lokela hore ho etsoe khethollo ea bohlokoa: Na motho o entsoe moea o phelang le mesebetsi le matla ’ohle tsa hae, kapa na o na le moea o arohaneng le mesebetsi e etsoang ke ’mele oa hae? Na motho ke moea, kapa o na le moea? Litaba tse latelang tse qotsitsoeng li hlakisa khopolo ea Mahindu.
42. Bohindu le Bibele li fapana joang kutloisisong ea moea?
42 Khaolo 2, temana ea 17, ea Bhagavad Gita e re:
“Se ka hare ho ’mele oohle ha se senyehe. Ha ho motho ea ka khonang ho timetsa moea o sa senyeheng.”
Temana ena joale ea hlalosoa:
“’Mele o mong le o mong o na le moea o ikemetseng, ’me pontšo ea hore moea o teng e lemohuoa e le ho ikutloa ha motho ka mong.”
Ka baka leo, ha Bibele e bolela hore motho ke moea, thuto ea Bohindu e bolela hore o na le moea. ’Me ho na le phapang e khōlō mona e amang ka botebo lithuto tseo e leng phello ea maikutlo ana.—Levitike 24:17, 18, NW.
43. (a) Tšimoloho ea thuto ea hore moea ha o shoe ke efe? (b) Liphello tsa eona ke life?
43 Thuto ea hore moea ha o shoe kae kae e nkiloe letšeng la metsi a bolileng ke ho se phalle la Babylona ea boholo-holo la tsebo ea bolumeli. Ka ho hlakileng e isa liphellong tsa ‘bophelo ka morao ho lefu’ tse nkang karolo ea bohlokoa lithutong tsa malumeli a mangata haholo—ho tsoaloa ka ’mele o mocha, leholimo, lihele, pelekatori, Limbo, le tse ling. Ho Mohindu, leholimo le lihele ke libaka tse bohareng tseo ho engoang ho tsona pele moea o fetela ’meleng oa oona o tsoetsoeng bocha. Ho thahasellisang ka ho khethehileng ke khopolo ea Mahindu ea lihele.
Thuto ea Mahindu ea Lihele
44. Re tseba joang hore Bohindu bo ruta hore ho na le lihele tsa tlhokofatso eo ho ikutluoang ho eona?
44 Temana e ’ngoe e tsoang ho Bhagavad Gita e re:
“Ha ho timetsoa melao ea lelapa, ho latelang ka sebele bakeng sa batho ba phelang liheleng ke Janārdana.”—I.44, Harvard Oriental Series, Moq. 38, 1952.
Tlhaloso e re: “Ba tletseng boetsalibe bophelong ba bona ba lefatšeng ba lokela ho feta tlas’a mefuta e fapa-fapaneng ea kotlo liplaneteng tsa lihele.” Leha ho le joalo, ho na le phapang e le ’ngoe feela le tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea mollo oa lihele ea Bokreste-’mōtoana: “Kotlo ena . . . hase ea ka ho sa feleng.” Joale, hantle-ntle lihele tsa Bohindu ke eng?
45. Litlhokofatso tsa lihele tsa Bohindu li hlalosoa joang?
45 Se latelang ke tlhaloso ea qetello ea moetsalibe, e nkiloeng ho Markandeya Purana:
“Joale manģosa a Yama [molimo oa bafu] a mo tlama ka potlako ka lihakisi tse kenyelletsang tšabo ’me a mo hulanyetsa boroa, a thothomela ke ho otloa ka thupa. Joale o hulanngoa ke manģosa a Yama, a ntse a ntša seboko se tšabehang, le se seng monate ha a feta libakeng tse makukuno tse nang le [semela sa] Kusa, meutloa, liolo, lipele tse hlabang le majoe, tse qhomang malakabe libakeng tse ling, tse aparetsoeng ke likoti, tse tlabolang ke lebatama la letsatsi le tse chesang ke mahlaseli a lona. A hulanngoa ke manģosa a kenyelletsang tšabo ’me a jeoa ke liphokojoe tse makholo-kholo, motho oa moetsalibe o ea ntlong ea Yama a fetile phacheseng e tšosang. . . .
“Ha ’mele oa hae o chesoa o utloa bohloko bo boholo ba ho cha; ’me ha ’mele oa hae o otloa kapa o sehoa o utloa bohloko bo boholo.
“Sebopuoa seo ’mele oa sona o timetsoang joalo, le hoja se tsamaea ho ea kena ’meleng o mong, se utloa mahlomola a ka ho sa feleng ka lebaka la liketso tsa sona tse lokeloang ke kahlolo. . . .
“Hore libe tsa hae li hlatsuoe o isoa liheleng tse ling tse joalo. Ka mor’a hore a fete liheleng tsena kaofela moetsalibe o nka bophelo ba bobatana. Joale ha a ntse a feta bophelong ba libōkō, likokoanyana, le lintsintsi, libatana tse jang nama, linta, litlou, lifate, lipere, likhomo, le maphelo a mang a sa tšoaneng a boetsalibe le a hlomolang, ha a fihla morabeng oa batho, o tsoaloa e le motho ea lekhutla, kapa e mobe litšobotsing kapa e le sehole se sekhutšoaane kapa e le Chandala Pukkasa.”
46, 47. Bibele e re’ng ka boemo ba bafu, ’me re ka etsa liqeto life?
46 Bapisa seo le seo Bibele e se bolelang ka bafu:
“Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong. Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 6, 10.
47 ’Nete ke hore, haeba joalokaha Bibele e bolela, motho ha a na moea empa ke moea, joale motho ha a ikutloe ho hang ka morao ho lefu. Ha ho thabo, ’me ha ho mahlomola. Marang-rang ’ohle a sa utloahaleng a “bophelo ba ka morao ho lefu” aa nyamela.d
Sera se Qothisanang Lehlokoa le Bohindu
48, 49. (a) Tlhahlobong, lithuto tse ling tsa Mahindu ke life? (b) Ke hobane’ng ha ba bang ba belaelletse ho tšoaneleha ha Bohindu? (c) Ke mang ea ileng a hlaha a qholotsa khopolo ea Bohindu?
48 Tlhahlobo ena e khutšoanyane ka ho utloahalang ea Bohindu e bontšitse hore ke bolumeli bo rapelang melimo e mengata bo theiloeng ho molimo o le mong—ho lumela ho Brahman, Boleng bo Phahameng ka ho Fetisisa, mohloli, kapa sebopeho, o tšoantšetsoang ka molumo OM kapa AUM, le ka litšobotsi kapa libopeho tse ngata. Hape ke bolumeli bo rutang ho se nke malumeli a mang ka leeme le bo khothalletsang mosa ho liphoofolo.
49 Ka lehlakoreng le leng, likarolo tse ling tsa thuto ea Bohindu, tse kang Karma le ho hloka toka ha tsamaiso e arolang batho ka lihlopha, hammoho le borapeli ba melimo ea litšoantšo le likhohlano tsa litšōmo, li entse hore batho ba bang ba nahanang ba belaelle ho tšoaneleha ha tumelo eo. ’Melaeli e mong ea joalo o ile a hlaha India ka leboea-bochabela hoo e ka bang ka selemo sa 560 B.C.E. E ne e le Siddhārtha Gautama. O ile a thea tumelo e ncha e ileng ea hlōleha ho atleha India empa e ile ea atleha libakeng tse ling, joalokaha khaolo ea rōna e latelang e tla bontša. Tumelo eo e ncha e ne e le Bobuddha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso Bohindu le qapiloe ke batho ba Europe.
b Ka Sesanskrit, “moea [“soul,” ka Senyesemane]” hangata o fetoleloa ho tsoa ho ātma, kapa ātman, empa “moea [“spirit,” ka Senyesemane]” ke phetolelo e nepahetseng haholoanyane.—Bona A Dictionary of Hinduism—Its Mythology, Folklore and Development 1500 B.C.–A.D. 1500, leqephe la 31, le bukana Victory Over Death—Is It Possible for You? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka 1986.
c Avatar ea leshome le ea ka moso ke ea Kalki Avatara “e tšoantšetsoang e le mocha e motle ea palameng pere e tšoeu e khōlō a e-na le sabole e kang naleli e qhommeng e nesang lefu le timetso ka mahlakoreng ’ohle.” “Ho tla ha hae ho tla tsosolosa ho loka lefatšeng, le ho khutlela mehleng ea bohloeki le ho hloka molato.”—Religions of India; A Dictionary of Hinduism.—Bapisa le Tšenolo 19:11-16.
d Thuto ea Bibele ea tsoho ea bafu ha ho moo e amanang le thuto ea hore moea ha o shoe. Bona Khaolo 10.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 100, 101]
Bosikh—bolumeli Ba Ntlafatso
Bosikh, bo tšoantšetsoang ka lisabole tse tharo le selika-likoe, ke bolumeli ba batho ba ka holimo ho limillione tse 17. Boholo ba bona ba phela Punjab. Tempele ea Gauda ea Bosikh, e behiloeng bohareng ba letša le iketselitsoeng, e Amritsar, motse o halalelang oa Masikh. Banna ba Masikh ba hlokomeleha habonolo ka lituku tse khōlō tsa bona tse putsoa, tse tšoeu, kapa tse ntšo, tseo ho roaloa ha tsona e leng karolo ea bohlokoa ea mokhoa oa bona oa bolumeli, joalokaha ho le joalo ka ho tlohella moriri oa bona hore o be molelele.
Lentsoe la Sehindi sikh le bolela “morutuoa.” Masikh ke barutuoa ba mothei oa bona, Guru Nānak, le balateli ba lithuto tsa baguru ba leshome (Nānak le bahlahlami ba robong) bao lingoliloeng tsa bona li leng ka bukeng e halalelang ea Bosikh, Guru Granth Sahib. Bolumeli bo qalile mathoasong a lekholo la lilemo la bo16 ha Guru Nānak a batla ho nka se molemohali Bohindung le Boislāmong le ho qapa bolumeli bo kopaneng.
Thōmo ea Nānak e ka boleloa ka polelo e le ’ngoe: “Kaha ho na le Molimo o le mong feela, ’me E le Ntat’a rōna; ka baka leo, bohle re tlameha ho ba bana ba motho.” Ho tšoana le Mamosleme, Masikh a lumela ho Molimo o le mong ’me a hanela tšebeliso ea melimo ea litšoantšo. (Pesaleme ea 115:4-9; Mattheu 23:8, 9) A latela neano ea Mahindu ea ho lumela hore moea ha o shoe, ho tsoaloa bocha ka ’mele o mong, le Karma. Sebaka sa borapeli sa Masikh se bitsoa gurdwara.—Bapisa le Pesaleme ea 103:12, 13; Liketso 24:15.
E ’ngoe ea litaelo tse khōlō haholo tsa Guru Nānak ke e neng e re: “Hopola Molimo ka mehla, pheta lebitso la Oona.” Ho buuoa ka Molimo e le “Oa ’Nete,” empa ha ho lebitso le fanoeng. (Pesaleme ea 83:16-18) Taelo e ’ngoe e ne e re “Arolelana seo u se fumanang le ba malimabe.” Tumellanong le sena, ho na le langar, kapa kichine e sa lefelloeng, tempeleng e ’ngoe le e ’ngoe ea Masikh, moo batho ba mefuta eohle ba ka jang ka bolokolohi. Ho bile ho na le likamore tse sa lefelloeng tseo baeti ba ka robalang ho tsona bosiu.—Jakobo 2:14-17.
Guru oa ho qetela, Gobind Singh (1666-1708), o ile a etsa hore Masikh e be bana ba motho ka se bitsoang Khalsa, ba latelang se tsejoang e le K tse hlano, tseo e leng: kesh, moriri o sa kutoeng, o tšoantšetsang bomoea; kangha, kama moriring, e tšoantšetsang taolo le khalemelo; kirpan, sabole, e bolelang seriti, sebete, le boitelo; kara, sepetja sa tšepe, se tšoantšetsang bonngoe le Molimo; kachh, marikhoe a makhutšoanyane e le seaparo sa ka hare, se bolelang boinyenyefatso le a apareloang ho tšoantšetsa boitšoaro.—Bona The Encyclopedia of World Faiths, leqephe la 269.
[Setšoantšo]
Tempele ea Gauda ea Masikh, Amritsar, Punjab, India
[Litšoantšo]
Tuku e khōlō e putsoa e bolela kelello e pharaletseng joaloka sepaka-paka, ho se sebaka sa leeme
Tuku e khōlō e tšoeu e bolela motho oa mohalaleli ea phelang bophelo bo behang mohlala
Tuku e khōlō e ntšo ke khopotso ea mahloriso a Manyesemane ho Masikh ka 1919
Mebala e meng ke taba ea boikhethelo
[Setšoantšo]
Pontšong ea tšebeletso moprista oa Mosikh o pheta histori ea lihlomo tse halalelang
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 104]
Bojaine—ho Itima Lintho Tse Lakatsoang Le Ho Se Be Mabifi
Bolumeli bona, ka letšoao la bona la boholo-holo la swastika ea India, bo theiloe lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ke khosana e ’ngoe ea India ea morui Nataputta Vardhamāna, ea tsejoang hamolemo e le Vardhamana Mahāvīra (tlotla e bolelang “Monna e Moholo” kapa “Mohale e Moholo”). O ile a retelehela bophelong ba ho itima lintho tse lakatsoang le ho itšotla. O ile a tsamaea a hlobotse a batla tsebo “metsaneng le lithoteng tsa India bohareng a nyoretsoe ho lokoloha potolohong ea ho tsoaloa, ho shoa, le ho tsoaloa hape.” (Man’s Religions, ea John B. Noss) O ne a lumela hore pholoho ea moea e ne e ka finyelloa feela ka ho itima lintho tse lakatsoang le ka ho itaea ka matla le ka tšebeliso e thata-thata ea ahimsa, ho se be mabifi ho libopuoa tsohle. O ile a fetelletsa ahimsa hoo a neng a nka lefielo le bonolo leo a neng a ka fiela habonolo ka lona likokoanyana tse ka ’nang tsa e-ba tseleng ea hae. Tlhompho ea hae bakeng sa bophelo e ne e boetse e le hore a sireletse bohloeki le botšepehi ba moea oa hae.
Balateli ba hae kajeno, ka boiteko ba ho ntlafatsa Karma ea bona, ba phela bophelo bo tšoanang ba ho itima lintho tse lakatsoang le ho hlompha libopuoa tsohle tse ling. Re boetse re bona phello e matla bophelong ba motho ea tumelo ea hore moea oa motho ha o shoe.
Kajeno ho na le balumeli ba ka tlaase ho limillione tse ’nè ba tumelo ena, ’me boholo ba bona ba libakeng tsa Bombay le Gujarat tsa India.
[Setšoantšo]
Mojaine ea rapelang maotong a setšoantšo se bophahamo ba limithara tse 17 sa mohalaleli Gomateswara Karnataka, India
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 106, 107]
Tataiso E Bonolo Mantsoeng A
ahimsa (Sesanskrit, ahinsa)—ho se be mabifi; ho se utloise bohloko kapa ho se bolaee eng kapa eng. Motheo oa ho ja meroho feela ha Mahindu le ho hlompha ha oona liphoofolo
ashram—sebaka se senyenyane sa thapelo kapa sebaka seo guru (motataisi oa moea) a rutelang ho sona
ātman—moea (“spirit,” ka Senyesemane); o amanang le se sa shoeng. Hangata ka phoso o fetoleloa e le moea (“soul,” ka Senyesemane). Bona jīva
avatar—sebopeho kapa ho nka ’mele oa nama ha molimo oa Bohindu
bhakti—boinehelo ho molimo ho isang polokong
bindi—motaka o mofubelu oo basali ba nyetsoeng ba o tlolang liphatleng
Brahman—boemo ba boprista le bo phahameng ka ho fetisisa tsamaisong e arolang batho ka lihlopha; hape ke Molimo O Ka Holimo-limo. Bona se leqepheng la 116
dharma—molao oa ho qetela oa lintho tsohle; o rerang ho lokela kapa ho fosahala ha liketso
ghat—litepisi kapa sethala pel’a nōka
guru—moruti kapa motataisi oa moea
Harijan—setho sa sehlopha sa Ba Sa Angoeng; e bolela “batho ba Molimo,” lebitso le bontšang kutloelo-bohloko leo ba le reiloeng ke Mahatma Gandhi
japa—borapeli ba Molimo ka ho pheta-phetoa ha le leng la mabitso a oona; mala, kapa rosari ea lifaha tse 108, e sebelisetsoa ho bala
jīva (kapa prān, prāni)—moea oa motho kapa motho
Karma—molao-motheo oa hore ketso e ’ngoe le e ’ngoe e na le liphello tsa eona tse ntle kapa tse mpe bakeng sa bophelo bo latelang ba moea o kenang ’meleng o mong
Kshatriya—sehlopha sa litsebi, babusi, le bahlabani le boemo ba bobeli tsamaisong e arolang batho ka lihlopha
mahant—monna kapa moruti ea halalelang
mahatma—mohalaleli oa Bohindu, e tsoa ho maha, ea phahameng kapa ea moholo, le ātman, moea (“spirit”)
mantra—molao o halalelang, oo ho lumeloang hore o na le matla a boloi, o sebelisoang ha motho a kenngoa sehlotšoaneng le o phetoang lithapelong le lipineng tse pheta-phetang mantsoe a boloi
maya—lefatše e se ntho ea ’nete
moksha, kapa mukti—topollo potolohong ea ho tsoaloa hape; qetello ea leeto la moea. Hape e tsejoa e le Nirvana, kopano ea motho le Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa, Brahman
OM, AUM—lentsoe le emelang Brahman le sebelisetsoang ho nahanisisa; ho nkoa hore molumo oa lona ha le bitsoa ke ho thothomela ha mohlolo; le sebelisoa e le mantra e halalelang
paramatman—Lefatše-Moea, ātman, kapa Brahman oa bokahohle
puja—borapeli
sadhu—motho ea halalelang; moitšotli kapa yogi
samsara—ho kena ’meleng o mong ha moea oa ka ho sa feleng, o sa senyeheng
Shakti—matla a motho e motšehali kapa mosali oa molimo, ka ho khetheha molekane oa Siva
sraddha—litšebeletso tsa bohlokoa tse tšoaroang ho hlompha baholo-holo le ho thusa meea e ileng hore e fumane moksha
Sudra—mosebetsi oa boemo bo tlaase, sehlopha se ka tlaase-tlaase ho tse ’nè tse khōlō
swami—moruti kapa boemo bo phahameng haholoanyane ba motataisi oa moea
tilak—motaka phatleng o tšoantšetsang ho boloka khopolo ea Morena liketsong tsohle tsa hae
Trimurti—Boraro-bo-bong ba Sehindi ba Brahma, Vishnu, le Siva
Liupanishad—lingoliloeng tse halalelang tsa pele tsa lithoko tsa Bohindu. Hape li tsejoa e le Vedanta, qetello ea Liveda
Vaisya—sehlopha sa bahoebi le balemi; sehlopha sa boraro tsamaisong e arolang batho ka lihlopha
Liveda—lingoliloeng tsa pele haholo tse halalelang tsa lithoko tsa Bohindu
Yoga—e tsoa motsong yuj, o bolelang ho kopanya kapa ho tlama jokong; e akarelletsa ho kopanya motho le molimo oa bokahohleng. Ka tloaelo e tsejoa e le taeo ea ho nahanisisa e akarelletsang seo ’mele o se etsang le ho laola phefumoloho. Bohindu bo ela hloko bonyane Liyoga, kapa litsela tse ’nè tse ka sehloohong. Bona se leqepheng la 110
[Litšoantšo]
Ho tloha ka letsohong le letšehali, mahant oa Bohindu; sadhu, a eme a nahanisisa; guru oa Nepal
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 110]
Litsela Tse ’Nè Tse Isang Moksha
Tumelo ea Bohindu e fana bonyane ka litsela tse ’nè tsa ho finyella moksha, kapa tokoloho ea moea. Tsena li tsejoa e le liyoga kapa limarga, litsela tse isang moksha.
1. Karma Yoga—“Tsela ea ketso, kapa karma yoga, ho ikoetlisetsa ketso. Haele hantle, karma marga e bolela ho etsa dharma ea motho ho latela sebaka sa motho bophelong. Mesebetsi e itseng e hlokoa ho batho bohle, e kang ahimsa le ho itima tahi le nama, empa dharma e khethehileng ea motho e mong le e mong e itšetlehile ka sehlopha seo motho a leng ho sona le ka boemo bophelong.”—Great Asian Religions.
Karma ena e etsoa ho fella feela meeling ea sehlopha seo motho a aroletsoeng ho sona. Bohloeki ba sehlopha bo bolokoa ka hore motho a se ke a kena lenyalong kapa a ja ka ntle ho sehlopha sa hae, e leng se ileng sa reroa ke Karma ea motho bophelong bo fetileng. Ka baka leo sehlopha sa motho ha se talingoe e le ho hloka toka empa e le lefa le tsoang tsoalong ea ’mele ea nakong e fetileng. Filosofing ea Bohindu banna le basali ha ba lekane. Ba arotsoe ka lihlopha le ka ba batona kapa ba batšehali ’me, haele hantle, ka lebala. Hangata ha letlalo le khanya haholoanyane, le sehlopha se tla phahama haholoanyane.
2. Jnana Yoga—“Tsela ea tsebo, kapa jnana yoga, ho ikoetlisetsa tsebo. Ho fapana le tsela ea ketso, karma marga, ka mesebetsi ea eona e hlalositsoeng bakeng sa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe bophelong, jnana marga e fana ka litsela tsa filosofi le tsa kelello tsa ho itseba le ho tseba bokahohle. Ho ba, e seng ho etsa, ke thuso e isang jnana marga. [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.] Habohlokoa haholo, tsela ena e etsa hore moksha e fumanehe bophelong bona bakeng sa ba e sebelisang.” (Great Asian Religions) E akarelletsa yoga ea ho itlhahloba bouena le ho aroha lefatšeng le mokhoa oa ho itima thabo. Ke pontšo ea boitšoaro le ho itima lintho tse lakatsoang.
3. Bhakti Yoga—“Mofuta o ratehang haholo oa neano ea Bohindu kajeno. Ena ke tsela ea boinehelo, bhakti marga. Ho fapana le karma marga . . . tsela ena e bonolo haholoanyane, e itlisa habonolo haholoanyane, ’me e ka lateloa ke batho ba sehlopha, botho, kapa lilemo life kapa life. . . . [E] lumella maikutlo le litakatso tsa botho hore li phalle ka bolokolohi ho e-na le hore li hlōloe ke ho itšotla ha yoga . . . [E] akarelletsa feela boinehelo ho batho ba halalelang.” ’Me ka neano ho na le ba limillione tse 330 ba hlomphuoang. Ho latela neano ena, ho tseba ke ho rata. Haele hantle, bhakti e bolela “tlamahano ea maikutlo le molimo oo motho a ikhethetseng oona.”—Great Asian Religions.
4. Raja Yoga—Mokhoa oa ho “beha ’mele ketsong e khethehileng, mekhoa ea ho phefumoloha, le ho pheta-phetoa ho nyallanang ha melao e loketseng ea monahano.” (Man’s Religions) E na le mehato e robeli.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 113]
Mahatma Gandhi Le Tsamaiso E Arolang Batho Ka Lihlopha
“Ho hloka mabifi ke temana ea pele ea bolumeli ba ka. Hape ke temana ea ho qetela ea tumelo ea ka.”—Mahatma Gandhi, la 23 Tlhakubele, 1922.
Mahatma Gandhi, ea tsebisahalang ka boeta-pele ba hae bo se nang mabifi ho thuseng ho fumanela India tokoloho ho Brithani (e fanoeng ka 1947), hape o ile a etsa letšolo la ho ntlafatsa kabelo ea Mahindu a habo a limillione. Joalokaha Moprofesa oa Moindia M. P. Rege a hlalosa: “O ne a phatlalatsa ahimsa (ho hloka mabifi) e le tekanyetso ea bohlokoa ea boitšoaro, eo a ileng a e hlalosa e le kameho bakeng sa seriti le boiketlo tsa motho e mong le e mong. O ile a hana matla a mangolo a Bohindu ha thuto ea oona e ne e hanana le ahimsa, a loana ka matla hore ho felisoe ho se angoe le tsamaiso e arolang batho ka lihlopha e neng e tsamaea ka tlhahlamano ea lihlopha, ’me a hōlisa ho lekana ha basali likarolong tsohle tsa bophelo.”
Pono ea Gandhi e ne e le efe ka kabelo ea Ba Sa Angoeng? Lengolong le neng le e-ea ho Jawaharlal Nehru, la la 2 Motšeanong, 1933, o ile a ngola: “Mokhatlo oa Harijan o moholo haholo bakeng sa boiteko bo ka etsoang ka bohlale ba kelello feela. Ha ho letho le lebe hakaalo lefatšeng. ’Me leha ho le joalo ke sitoa ho tlohela bolumeli ’me ka lebaka leo Bohindu. Bophelo ba ka bo ne bo tla fetoha bo boima ho ’na haeba Bohindu bo ka ntšoetsa. Ke rata Bokreste, Boislam le litumelo tse ling tse ngata ka Bohindu. . . . Empa nke ke ka bo mamella ha ho e-na le ba sa angoeng.”—The Essential Gandhi.
[Setšoantšo]
Mahatma Gandhi (1869-1948), moeta-pele le moruti oa ahimsa oa Mohindu ea hlomphuoang haholo
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 116, 117]
Bohindu—melimo Le Melimotsana E Meng
Aditi—’m’a melimo; molimotsana oa sepaka-paka; Ea Sa Feleng
Agni—molimo oa mollo
Brahma—Molimo o Bōpang, motheo oa pōpo bokahohleng. O mong oa melimo ea Trimurti (boraro-bo-bong)
Brahman, kapa Brahm—Ea Phahameng ka ho Fetisisa, molimo o ikemetseng o kenang hohle oa bokahohle, o emeloang ka molumo OM kapa AUM. (Bona tšoantšetso e ka holimo.) Hape o bitsoa Atman. Mahindu a mang a talima Brahman e le Molimo kapa Molimo o Ka Holimo-limo o se Nang Tšimoloho
Buddha—Gautama, mothei oa Bobuddha; Mahindu a mo talima e le ’mele oa nama (avatar) oa Vishnu
Durga—mosali kapa Shakti oa Siva ’me ke ntho e le ’ngoe le Kali
Ganesa (Ganesha)—molimo-mora oa Siva ea hlooho ea tlou, Morena oa Litšitiso, molimo oa mahlohonolo. Hape o bitsoa Ganapati le Gajanana
Ganga—molimotsana, e mong oa basali ba Siva le ho neoa sebopeho ha nōka ea Ganges
Hanuman—molimo oa tšoene le molateli ea chesehang oa Rama
Himalaya—bolulo ba lehloa, ntat’a Parvati
Kali—molekane ea motšo (Shakti) oa Siva le molimotsana o nyoretsoeng mali oa timetso. Hangata o tšoantšetsoa ka leleme le leketlileng le lefubelu
vKrishna—’mele oa nama oa borobeli o tletseng papali oa Vishnu le molimo oa Bhagavad Gita. Baratuoa ba hae e ne e le ligopi, kapa basali ba rekisang moo ho etsoang lintho tsa lebese
Lakshmi—molimotsana oa botle le mahlohonolo; molekane oa Vishnu
Manasa—molimotsana oa linoha
Manu—moholo-holo oa morabe oa motho; ea ileng a pholosoa timetsong ea moroallo ke tlhapi e khōlō
Mitra—molimo oa leseli. Ho Baroma o tsejoa e le Mithras
Nandi—poho, koloi ea Siva kapa mokhoa oa hae oa ho tsamaea
Nataraja—Siva boemong boo a tantšang ho bona a teetsoe hare ke selika-likoe sa malakabe
Parvati kapa Uma—molekane oa Siva oa molimotsana. Hape o nka sebopeho sa molimotsana Durga kapa Kali
Prajapati—’Mōpi oa bokahohle, Morena oa Libopuoa, ntat’a melimo, bademona, le libopuoa tse ling tsohle. Hamorao o ile a tsejoa e le Brahma
Purusha—monna e moholohali. Lihlopha tse ’nè tse khōlō tseo batho ba aroloang ka tsona li ile tsa etsoa ka ’mele oa hae
Radha—molekane oa Krishna
Rama, Ramachandra—’mele oa nama oa bosupa oa molimo Vishnu. Pale ea thoko Ramayana e pheta pale ea Rama le mosali oa hae Sita
Saraswati—molimotsana oa tsebo le molekane oa Brahma ’Mōpi
Shashti—molimotsana o sireletsang basali le bana nakong ea pelehi
Siva—molimo oa kemolo, lefu, le timetso; setho sa Trimurti. O tšoantšetsoa ka lerumo le meno a mararo le setho sa botona
Soma—ke molimo hape ke sethethefatsi; ea lelefatsang bophelo
Vishnu—molimo ’moloki oa bophelo; setho sa boraro sa Trimurti
(E theiloe lethathamong le ho Mythology—An Illustrated Encyclopedia)
[Litšoantšo]
Ho tloha ka holimo ka letsohong le letšehali, ho potoa ka letsohong le letona, Nataraja (Siva ea tantšang), Saraswati, Krishna, Durga (Kali)
[Lebokose le leqepheng la 120]
Pale Ea Mahindu Ea Moroallo
“Hoseng ba ile ba tlisetsa Manu [moholo-holo oa batho le monehi-molao oa pele] metsi a ho hlapa . . . Ha a ntse a hlapa tlhapi [Vishnu ’meleng oa hae o mocha e le Matsya] e ile ea kena ka liatleng tsa hae.
“Ea bua le eena ka mantsoe ana, ‘Nkhōlise, ke tla u pholosa!’ ‘U tla mpholosa ho eng?’ ‘Moroallo o tla hohola libopuoa tsena kaofela: ke tla u pholosa ho oona!’ ‘Ke tla u hōlisa joang?’”
Tlhapi ea laea Manu hore na a e hlokomele joang. “Eaba e re, ‘Ka selemo sa hore le hore moroallo oo o tla tla. Joale u tla ’mamela (keletso ea ka) ka ho lokisa sekepe; ’me ha moroallo o se o le teng u tla kena ka sekepeng, ’me ke tla u pholosa ho oona.’”
Manu o ile a latela litaelo tsa tlhapi, ’me nakong ea moroallo tlhapi e ile ea hulela sekepe “thabeng e ka leboea. Eaba e re, ‘Ke u pholositse. Fasa sekepe sena sefateng; empa u se ke ua lumella metsi hore a se khaole, ha u ntse u lutse thabeng. Ha metsi a kokobela, u tla theoha butle-butle!’”—SatapathaBrahmana; bapisa le Genese 6:9–8:22.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 123]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ganges e phalla ho feta lik’hilomithara tse 2 400 ho tloha lithabeng tsa Himalaya ho ea Calcutta le Bangladesh moo e arohang koto tse tharo
INDIA
Calcutta
Nōka ea Ganges
[Litšoantšo]
Ganga Ma, ka holim’a hlooho ea Siva, e theoha le moriring oa hae
Mahindu a chesehang ghat, a tola Ganges Varanasi, kapa Benares
[Setšoantšo se leqepheng la 96]
Ganesa, Molimo Oa Mahlohonolo Oa Mahindu O Hlooho Ea Tlou, Mora Oa Siva Le Parvati
[Litšoantšo tse leqepheng la 99]
Li-lingam (litšoantšetso tsa setho sa botona) tse hlomphuoang ke Mahindu. Siva (molimo oa kemolo) o ka har’a lingam e ’ngoe ’me o na le lihlooho tse ’nè tse pota-potileng e ’ngoe
[Setšoantšo se leqepheng la 108]
Baitlami ba basali ba Jaine ba apere mukha-vastrika, kapa sethiba-molomo, se thibelang likokoanyana ho kena
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Borapeli ba noha, bo sebelisoang haholo Bengal. Manasa ke molimo-tsana oa linoha
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Vishnu, le mosali oa hae Lakshmi, noeng e ikharileng Ananta le Brahma ea lihlooho li ’nè mohalalitoeng o metseng mokhubung oa Vishnu