Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 7: c.1500 B.C.E. ho ea pele—Bohindu—U Mamello
“Motho e mong le e mong o lokela ho latela bolumeli ba hae.”—Ramakrishna, molokisi oa Bohindu oa lekholong la bo19 la lilemo
HANGATA mamello e nkoa e le botle. Leha ho le joalo, e hlalosa hantle bolumeli bo boholo ba lefatše bo tsejoang e le Bohindu. Ka 1985 ho tlalehoa hore karolo ea 13,5 lekholong ea baahi ba lefatše, hoo e ka bang batho ba 650 000 000, e ne e ipolela hore ke Mahindu.
Bohindu bo ’nile ba bitsoa “bolumeli ba sechaba bo likarolo li ngata, bo mefuta e mengata e fapa-fapaneng” ’me ka mantsoe a bonolo feela ke “lentsoe le akaretsang bakeng sa malumeli ’ohle a India.” The New Encyclopcedia Britannica e okola feela ha e lumela hore “boiteko leha e le bofe ba ho etsa tlhaloso e tobileng ea Bohindu bo ipakile e le bo sa khotsofatseng, ho joalo haholo hobane liithuti tsa Maindia tse hloahloa ka ho fetisisa tsa Bohindu, ho akarelletsa tsa Mahindu ka booona, li ’nile tsa hatisa litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa ntho e le ’ngoe.”
Leha ho le joalo, Bohindu ke bolumeli ba khale. Bo simolohile molatsoaneng oa Nōka ea Indus, eo hajoale e leng karolo ea Pakistan. Batho ba motsoako oa India le Europe ba neng ba tsejoa e le Maaryan ba ile ba fallela sebakeng sena hoo e ka bang ka 1500 B.C.E. Kaha ba ne ba nka mesebetsi e meng e itseng e le tsebo e halalelang ka ho khethehileng (veda), bolumeli ba bona bo ile ba tsejoa e le Boveda. Bo ne bo e-na le metsoako e meng e itseng e neng e nkiloe bolumeling ba baholo-holo ba maIran a kajeno. Monyetla oa tšusumetso ea Babylona o teng, joalokaha ho hlalosa Encyclopcedia of Religion and Ethics, ha e bua ka “libaka tse sa tšoaneng tsa tumellano pakeng tsa tsoelo-pele ea Bobabylona le ea Bohindu ba pele.” Bolumeli ba baahi ba pele bo ile ba ahoa holim’a metsoako ena e neng e hlaha libakeng lisele, bo eketsa kapa bo lahla tumelo le mekhoa ho theosa le lilemo ha bo ntse bo susumetsoa ke malumeli a mang. Ka hona, Bohindu ke tholoana ea keketso e ntseng e tsoela pele ea metsoako e mengata e nkiloeng mehloling e fapa-fapaneng.
Lithuto le Mekhoa
Maaryane a ile a thusa ho rala motheo bakeng sa tsamaiso ea Sehindu ea ho beha batho ka lihlopha tsa boemo ba bona bophelong. Lihlopha tsa pele tse ’ne li ile tsa eketseha hore hamorao li akarelletse lihlotšoana tse likete-kete. Lihlopha tsena tse ’ne ho nahanoa hore li tsoile likarolong tsa ’mele tse sa tšoaneng tsa purusa, lentsoe la se-Sanskrit le bolelang “motho” kapa “monna” ha ho buuoa ka ntate oa pele oa batho.
Mabrahmane, ao ho nahanoang hore a tsoile molomong oa hae, e ne e le baeta-pele ba bolumeli; Makshatriya, a tsoileng matsohong a hae, e ne e le baeta-pele ba sesole le ba lipolotiki; Mavaisya, a tsoileng liropeng tsa hae, e ne e le balemi, baetsi ba mesebetsi ea matsoho, le bahoebi; ’me Masudra, a tsoileng maotong a hae, e ne e le makhoba. “Ba Litšila” e ne e le sehlopha se tlaase sa batho bao mesebetsi ea bona kapa tsela eo ba phelang ka eona e neng e akarelletsa mesebetsi e sa hloekang bolumeling. Le hoja hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 40, India le Pakistan li ile tsa hlakola ka molao mefuta e fetelletseng ea tsamaiso ea Sehindu ea ho beha batho ka lihlopha tsa boemo ba bona bophelong, metsoako ea eona e sa ntsane e le teng.
Ka nakoana, mahlabelo a liphoofolo e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli, e neng e hloka boprista bo neng bo etsa litšebeletso tse hlokahalang. Mabrahmane a ile a ipha matla hoo lekala la ’ona la bolumeli le ileng la tsejoa e le Bobrahmane. T. W. Organ o re: “Baprista ba ne ba tšajoa ba bile ba hlomphuoa ho feta melimo, hobane baprista ba ne ba ka timetsa lira ka hore feela ba fetole litšebeletso.” Ha mekhoa e laetsoeng ea ho etsa litšebeletso tsa mahlabelo e ntse e rarahana haholoanyane, ho ile ha qaleha mokhoa o mocha o ileng oa hatisa ho itima lintho tse hlokahalang, kapa ho itlhokofatsa nameng.
Samsara e ne e le eona tumelo e ka sehloohong. Bonyane e ile ea hlomamisoa ka ho Upanishads, sehlopha seo sa mangolo a Sehindu seo ho bonahalang e ka ’na eaba se qalile halofong ea pele ea lilemo tsa ho qetela tse sekete B.C.E. Ba ne ba ruta hore ka morao ho lefu le ho lula ka nakoana leholimong kapa liheleng, batho ba boetse ba tsoaloa e le batho hape kapa e le liphoofolo boemong bo phahameng haholoanyane kapa bo tlaase haholoanyane ho feta boo ba neng ba bo phela pele, hona ho etsoa ho latela molao oa Karma. Pakane ea bophelo ke ho finyella moksha, ho lokolloa lebiling le sa khaotseng la ho tsoaloa hangata, hore qetellong motho a nkeloe mohloling oa ho qetela oa taolo o bitsoang Brahma.
Boveda bo ne bo e-na le melimo e mengata. Empa ho latela buka Goncepts of lndian Philosophy, balumeli ba bona ba ile ba fumana hona e le ho sa khotsofatseng, eaba “butle-butle ba khutlela khopolong ea hore ho na le molimo o le mong feela. . . . Mokhoa o mong oa ho finyella sena ebile oa ho bōpella melimo eohle ea pele hammoho ho e etsa ntho e le ’ngoe . . . hore e hlahise molimo o le mong o inahaneloang.” Ke moo Brahma ebileng molimo o se nang botho o se nang litšobotsi le litšoaneleho tsa botle empa o ileng oa mothofatsoa ka melimo e fapa-fapaneng.
Takatso ea ho finyella moksha e theiloeng ho seo rahistori Will Durant a se bitsang “ho loantša bophelo . . . , ho pholletsang ka mokhoa o lefifi mohopolong oohle oa Mohindu.” Boikutlo bona bo lefifi le bo nyahameng bo bontšoa hantle ho Maitri Upanishad, e botsang: ” ’Meleng ona, o hlasetsoeng ke takatso, bohale, meharo, thetso, tšabo, ho nyahama, mohono, ho ikarola linthong tse hlokahalang, ho ikopanya le lintho tse sa hlokahaleng, tlala, lenyora, mefokolo e bakoang ke botsofali, lefu, ho kula, masoabi le tse ling tse joalo, molemo oa ho thabela litakatso ke ofe?”
Tsela ea ho qoba boemo bona bo sa thabiseng e ile ea fanoa ho Puranas, letoto la libuka leo mohlomong le ileng la qaptjoa lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea Rōna. Li bolela “lipale tsa boholo-holo,” lipale tsena li ne li fumaneha hohle ’me li ile tsa tsejoa e le mangolo a motho feela ea tloaelehileng. Garuda Purana e re: “Thabo ea ’nete e itšetlehile ka ho felisa boikutlo bohle. . . . Moo ho nang le kameho e lerato ho na le mahlomola. ... Lahla kameho e lerato ’me u tla thaba.” Ka bomalimabe, thabo ena le eona e bonahala e le bosula joaloka boemo ba ho hloka thabo boo e reretsoeng ho bo fokotsa.
Pele ho mona, Bhagavad Gita, e bolelang “Pina ea Morena” ’me ka linako tse ling e bitsoa “buka ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa India,” e ile ea bolela litsela tse tharo tsa ho finyella tokoloho. “Tsela ea litšoanelo” e ne e hatisa litlameho tsa ho phethahatsa litšebeletso le boahisani, “tsela ea tsebo” e ne e akarelletsa ho itloaetsa ho thuisa taba le ho itloaetsa Yoga, ’me “tsela ea boinehelo” e ne e akarelletsa boinehelo ho molimo oa motho. Bhagavad Gita e ’nile ea tšoantšoa le “Testamente e Ncha” ea Bokreste-’mōtoana. Batho ba bangata ba India ba tseba tse ling tsa litemana tsa eona ka hlooho, ’me letsatsi le letsatsi ba bangata ba pheta-pheta likarolo tseo ba ithutileng tsona ka hlooho.
Bhagavad Gita ha e le hantle ke karolo e nyenyane feela ea thothokiso ea Sehindu e bitsoang Mahabharata, e nang le litemana tse likete tse lekholo, tseo habonolo li e etsang thothokiso e telele ka ho fetisisa lefatšeng. Ka ho kenyelletsoa ha Bhagavad Gita ho Mahabharata (mohlomong lekholong la boraro la lilemo B.C.E.), qetellong Bohindu bo ne bo fetohile bolumeli bo khethollehileng ho Boveda le Bobrahmane.
Litokiso Tse sa Khaotseng
Ho tloha qalong ea bona, Bohindu bo ’nile ba tšoauoa ka tokiso tse sa khaotseng. Ba bileng ka pelepele ho balokisi ba lekholo la botšelela la lilemo B.C.E. e ne e le Siddhārtha Gautama le Vardhamāna Mahāvīra, bao ka ho latellana e leng bathei ba Bobuddha le Bojaini.
Mahāvīra o ne a inka e le oa bo24 letotong la bo-Jina (bahapi) bao bophelo ba Bojaini bo theiloeng ho bona. Bolumeli bona bo fapane le Bohindu ka hore bo latola boteng ba ’mōpi, bo ruta hore lefatše le nang le bophelo haesale le le teng. Bo buella haholo thuto ea ahimsa. Mokhoa oa ho hloka pefo o ileng oa lateloa ke moeta-pele oa Moindia oa lekholong la bo20 la lilemo Mohandas Gandhi nakong ea ntoa ea hae bakeng sa tokoloho ea India ha e le hantle e ne e le tšebeliso ea thuto ena ea bolumeli ka tsela ea lipolotiki.
Ho latela Bojaini, tumelo e nepahetseng, tsebo e nepahetseng, le boitšoaro bo nepahetseng, ha li kopanngoa le ho itloaetsa Yoga, li isa tokolohong. Ka nako e tšoanang, bo pheha khang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha e le hantle ke taba ea pono ea botho, kahoo bo latola litekanyetso tse teng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Hona ho hlakisa hore na ke hobane’ng ha Mahindu, ao Bojaini bo hlahileng ho bona a nang le mamello.
Lilemong tse ka bang 2 000 hamorao, lekholong la bo15 la lilemo, molokisi e mong o ile a hlaha. O ne a bitsoa Nanak, o ile a leka ho hlophisa bolumeli bo amohelehang ho Mahindu le Masolomane ka bobeli. Phello ebile Bosikhi, “Sikh” e le lentsoe le nkiloeng lentsoeng la se-Sanskrit le bolelang “morutuoa.” Nānak ebile eena oa pele ho ba-guru ba leshome, bao oa leshome ho bona ka 1699 a ileng a thea bolumeli bo neng bo bitsoa Khalsa (ba hloekileng). Ho felisa khethollo ea lihlopha tsa boemo bophelong le ho hatisa ho ba ha bona masole a tumelo ea bona, litho li ile tsa nehoa lebitso le le leng le tloaelehileng la lelapa Singh (tau). Ba ne ba hlokoa hore ba boloke li-K tse hlano: hore ba se ke ba beola moriri oa bona le litelu tsa bona (kesh); hore ba tlame moriri oa bona o thatetsoeng ka tuku e khōlō ka kama (kangha); hore ba apare marikhoe a makhutšoanyane (kachs), mohlomong ka hare ho marikhoe a malelele; hore ba tšoare sabole (kirpan); le hore ba roale sepetja sa tšepe (kara). Letoto la baruti bana le ne le fella ka ba leshome. Buka e halalelang ea Bosikhi, Guru Granth Sahib, e ile ea nka sebaka sa eona. E hlophisitsoe ka 1604, e ile ea hlahlojoa bocha ka morao ho lilemo tse lekholo.a
Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, moprista oa Calcutta Ramakrishna o ile a leka ho kopanya Bohindu le seo a neng a nahana hore ke likhopolo tse molemo ka ho fetisisa tsa malumeli a Bophirimela. Khang ea hae e ne e le hore joalokaha metsi a bitsoa ka mabitso a fapa-fapaneng ka lipuo tse fapa-fapaneng, ka hona “Sa-tchit-ananda, lehlohonolo la ka ho sa feleng leo motho a bang ho lona a phela, ba bang ba le bolela hore ke Molimo, ba bang ba re ke Allah, ba bang ba re ke Jehova, ba bang ba re ke Hari, ’me ba bang ba re ke Brahmane.” “Joalokaha motho e mong a hloella ka holimo ho ntlo ka lere kapa ka bamboo kapa ka litepisi kapa ka ropo, le litsela le mekhoa ea ho atamela Molimo ha e tšoane. . . . Litumelo tse sa tšoaneng e mpa e le litsela tse sa tšoaneng tsa ho fihla ho Ea Matla ’Ohle.”
Boemo bo joalo ba mamello bo lumella ho se tšoane ho hoholo borapeling ba Hindu, bo lumella lihlotšoana tse ling ho lebisa borapeli ba tsona haholo-holo bo Brahma (Bobrahmane), tse ling ho Vishnu (Bovaishnava), ’me tse ling hape ho Siva (Bosaiva). Bo lumella Bohindu, Boshakti le Botantri hore e ’ngoe le e ’ngoe ho tsona e bolele Bohindu ka mokhoa oa eona. Ka mohlala, Botantri, bo akarelletsa mekhoa ea merabe e fapa-fapaneng le e amohelehang karolong e khōlō ea sechaba ’me bo hatisa borapeli ba molimo oa mosali, bo ileng ba hlahella pejana historing ea Bohindu. Mahindu a bua ka naha ea habo ’ona e le “’Mè India,” e emelang molimo oa mosali o bitsoang Bhārat Mā.
Ho Mamella—Ho Molemo Kapa ho Hobe?
Geoffrey Parrinder, moruti oa bolumeli oa Brithani le tichere ea malumeli a fapa-fapaneng oa ngola, “Ka linako tsohle Bohindu bo ’nile ba ipaka bo khona ho amohela lithuto tse ncha,” ’me oa eketsa, “moluba-lube ona kapa motsoako ona oa malumeli, mohlomong ke oona mocha o tloaelehileng ka ho fetisisa oa thuto ea Sehindu kajeno.” Batho ba bangata ho bonahala ba lumellana le khopolo ena ea Mahindu ea ho mamella, ka mantsoe a mang, ba re, ‘Sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng ho uena.’
Empa Parrinder o re “ka ho lekanya litumelo tsohle,” ho na le “kotsi ea ho hlōleha ho khetholla pakeng tsa botle le bobe.” Na hona ho ntse ho sa totobale haholoanyane hore bolumeli bo ka ba bobe ba ba ba e-ba botle? Na ho na le botle leha e le bofe ba ho kenya metsoako ea bobe bolumeling ba motho?
Kajeno, batho ba bangata ba soabisitsoe ke bolumeli ba bona. Ho bile joalo ka Mohindu oa sehlopha se busang sa Kshatriya ea phetseng lilemong tse fetileng tse ka bang likete tse peli le halofo. Bohindu bo ile ba hlōleha ho arabela lipotso tsa hae. O ne a batla leseli. Sehlooho sa rōna se latelang, “Tsebo e Ileng ea Tšepisa Tokoloho,” se tla re bolella ho hongatanyana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tloha ka 1985, Majaini a ka bang 3 300 300 a ile a fumanoa a phela linaheng tse fapa-fapaneng tse 5, ’me Masikhi a ka bang 16 000 000 a phela ho tse 19.
[Lebokose le leqepheng la 28]
“Mohlomong u ’Nile ua Makala
Mahindu a hlalosa samsara joang? Bhagavad Gita e re: “Joalokaha motho, ea hlobolang liaparo tse tsofetseng, a nka tse ncha, ho joalo ka ea lutseng ’meleng, ea hlobolang ’mele o tsofetseng, a kena ho o mong o mocha.” Garuda Purana e hlalosa hore “ke mesebetsi ea boleng bona ha bo ne bo phela nakong e fetileng e rerang hore na ka nako e tlang ’mele e tla ba oa eng.... Motho bophelong o fumana seo a se reretsoeng e sa le pele hore o tla se fumana, ’me le oona molimo o ke ke oa fetola boemo.” Ha e bapisa, The Markandeya Purana e qotsa motho ea reng: “Ke tsoetsoe ke le Brahmana, Kshatriya, Vaisya le Sudra, ’me hape ke le sebatana, sebōkō, letsa le nonyana.”
Na Mahindu a nka likhomo li halalela? RigVeda le Avesta li bua ka likhomo e le “lintho tse phelang tse ke keng tsa bolaoa.” Empa hona ho bonahala ho theiloe mokhoeng oa ho se ntše letho le phelang kotsing ho ena le tumelong ea ho tsoaloa hangata. Leha ho le joalo, The Markandeya Purana e totobatsa botebo ba ho hlōleha ho utloa molao ona, e bolela hore “motho ea bolaeang khomo o ea liheleng ha a ntse a tsoaloa ka makhetlo a mararo a hlahlamanang.”
Pono ea Mahindu ke efe ka nōka ea Ganges? “Bahalaleli, ba hloekisoang ka ho itlhatsoa metsing a nōka ena, le bao mehopolo ea bona e inehetseng ho Kesava [Vishnu], ba fuoa tokoloho ea ho qetela. Nōka ena e halalelang, ha motho a utloela ka eona, a e lakatsa, a e bona, a e ama, a hlapa ka ho eona, kapa a bina ka eona, tsatsi le leng le le leng e hloekisa lintho tsohle tse lulang. Ka hona, ba lulang leha e ka ba bohole ba liyoyana tse lekholo [lik’hilomithara tse 1 400] ’me ba hoeletsa ‘Ganga le Ganga’ ba lokolloa libeng tse entsoeng nakong ea makhetlo a mararo a sa tšoaneng ao ba ileng ba phela ka ’ona.”—The Vishnu Purana.
Hare Krishna ke Bomang? Ke litho tsa Mokhatlo oa Machaba oa ho Ela Seli Krishna, mofuta oa boromuoa oa boinehelo ho Bohindu. Mothei oa oona, mofu A. C. Bhaktivedanta Swami Prabhupada, o ile a tlisa molaetsa oa hae United States ka 1965. 0 ntse o bolokile metsoako e itseng ea ho itima lintho tse hlokahalang, o theiloe borapeling ba molimo Krishna, ’me o hatisa ho pheta-phetoa ha tumelo ea Krishna. Bhaktivedanta o ne a nka hore ho pheta lebitso la Molimo feela ho lekane bakeng sa poloko.