-
LitsebisoTšebeletso ea ’Muso—1993 | October
-
-
Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. January: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50.
◼ Kenyeletso ea “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 1994” e kenyelelitsoe tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso selemong sohle sa 1994.
◼ Joale liphutheho li ka odora temana ea selemo ea 1994, e fumanehang ka theko ea R13,00 e le ’ngoe, ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Theko e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka January 1, 1994.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1994 hammoho le odoro ea tsona e tloaelehileng ea libuka ho tloha ka October 1. Libukana li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Li Tla Romeloa” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ke thepa ea setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R1,50 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho July 1, 1993, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng ’me ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka lisente tse 75 e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le liodoro tsa tsona. Ho lokela ho tlatsoe foromo e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tse filoeng bo-pula-maliboho. Libukana tsena li lokela ho odoroa ka phutheho. RE KHOTHALETSA HORE SETHO SE SENG LE SE SENG SA LELAPA, HO AKARELETSA LE BANA BA KHONANG HO BALA, HO BA LE KOPI EA BUKANA ENA.
◼ Lik’hasete tse Ncha tse Leng Teng:
Sezulu: Ho Mamela Mosuoe e Moholo (Lik’hasete tse hlano le buka ka har’a albamo. Phutheho le batho bohle: R38,00; bo-pula-maliboho: R32,50).
-
-
Ho se ee ka Tšobotsi Tšebeletsong ea RōnaTšebeletso ea ’Muso—1993 | October
-
-
Ho se ee ka Tšobotsi Tšebeletsong ea Rōna
1 Petrose o ile a re: “Molimo ha a ee ka tšobotsi, empa, lichabeng tsohle, ea mo tšabang, ea etsang toka, oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35, BPN) Kajeno boboleli ba rōna bo etsoa ka botlalo ho ntse ho hopotsoe ’nete e boletsoeng ka ho hlakileng. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse boiteko bohle ho hlōla mokoallo leha e le ofe o ka re sitisang ho finyella motho e mong le e mong ka litaba tse molemo.
2 Morao tjena, mohlomong batho ba merabe e meng ba falletse tšimong ea phutheho ea heno. Ke ho tloaelehileng, haholo-holo libakeng tsa metse e meholo ho fumana batho ba buang puo e le ’ngoe kapa tse ling tsa moo. Nakong e fetileng, mohlomong masimong a mang boholo ba batho bo ne bo bua Senyesemane. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata ha ho sa le joalo. Esita le tšimong eo boholo ba batho bo neng bo bua Sezulu, hona joale baena ba kopana le batho ba buang Setsonga, Sepotoketsi, Sevenda kapa puo e ’ngoe. Ho ka etsoa eng ho thusa batho bana kaofela ho fumana tsebo ea ’nete?
3 Pele ho tsohle, re tlameha ho ikutloa re e-na le boikarabelo ba botho bakeng sa motho e mong le e mong ea thahasellang eo re kopanang le eena tšimong ho sa tsotellehe morabe kapa puo ea hae. Baholo, haholo-holo molebeli oa tšebeletso, ba lokela ho tiisa hore lihlopha tsa lipuo tsohle li hlokomeloa ka ho lekaneng tšimong le libokeng tsa phutheho.
4 Phutheho ka ’ngoe e lokela ho tiisa hore ho na le libuka tse lekaneng ka lipuo tsohle tse fumanoang tšimong ea eona. Bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba lokela ho nka lingoliloeng tse seng kae ha ba ea tšebeletsong. Maemong a mangata, bonyane motho o khona ho bua Senyesemane kapa e ’ngoe ea lipuo tse khōlō tse sebelisoang tšimong eo. Nakong e fetileng, mohlomong re ne re potlakela ho romela mabitso a batho ba joalo le liaterese tsa bona ho Mokhatlo ’me re kōpa hore motho e mong ea buang puo eo a ba etele. Haeba ho se phutheho kapa sehlopha sebakeng seo se ka pakang ka puo e hlokahalang, mohlomong ho ka ba teng mohoeletsi ea itseng ho e ’ngoe ea liphutheho tsa sebakeng seo ea tsebang puo eo ’me a ka tseba ho ba etela. Leha ho le joalo, haeba sena se sa khonehe, ke hobane’ng ha u sa hlaolele thahasello eo ka bouena? Bahoeletsi ba bang ba ithutile puo e ’ngoe, esita le puo ea matsoho bakeng sa ho thusa motho ea thahasellang ho ithuta Bibele. Haeba ho sa khonehe ho buisana le motho eo, buisana le molebeli oa tšebeletso ea tla iteanya le molebeli oa motse. Haeba ho sa fumanoe motho ea buang puo eo le ka mor’a ho iteanya le molebeli oa motse, baena ba sebakeng seo ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho bona hore ho fanoa ka bopaki. Bukana e lekanang le makasine Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e ipakile e thusa haholo tlas’a maemo a joalo.
5 Liphuthehong tse ngata tšimong ea rōna, ho buuoa lipuo tse ngata. Sena se ka fana ka phephetso ea sebele ho baholo. Haeba ba bang teng libokeng tsa rōna ba ka fana ka litlhaloso ka e ’ngoe ea lipuo tse khōlō, ba lokela ho khothaletsoa ho etsa joalo. Leha ho le joalo, mohlomong ba bang ba ka khona feela ho fana ka litlhaloso ka lipuo tsa bona. Moo ho khonehang, baholo ba ka rata ho lokisetsa thuto ea buka esita le Thuto ea Molula-Qhooa e ka thōko e khannoang ka puo eo. Haeba Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba sa khone ho fana ka lipuo ka e ’ngoe ea lipuo tse khōlō, tse buuoang phuthehong, molebeli oa sekolo a ka lokisetsa hore ba fane ka lipuo sekolong sa bobeli kapa sa boraro, mohlomong a etse tokisetso ea hore sekolo sohle sa bobeli se be ka puo eo mantsiboeeng ao. Sena se entse hore ho thehoe liphutheho tsa lipuo lisele tšimong. Re boetse re etsa tlhahiso ea hore botong ea lōna ea linako tsa phutheho le bontše hore batho bohle baa amoheloa libokeng tsa rōna, le etse joalo empa eseng feela ka puo e khōlō e sebelisoang phuthehong empa le ka puo e le ’ngoe kapa ho feta tse buuoang tšimong ea lōna.
6 Ka ho etsa boiteko bo tiileng ba ho finyella batho bohle ka litaba tse molemo ho sa tsotellehe puo ea bona, re tla be re bonahatsa lerato la Molimo oa rōna, Jehova, “eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba bolokehe le ho finyella tsebo e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:4, NW.
-