Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/93 leq. 11
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 10/93 leq. 11

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. January: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50.

◼ Kenyeletso ea “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 1994” e kenyelelitsoe tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso selemong sohle sa 1994.

◼ Joale liphutheho li ka odora temana ea selemo ea 1994, e fumanehang ka theko ea R13,00 e le ’ngoe, ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Theko e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka January 1, 1994.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1994 hammoho le odoro ea tsona e tloaelehileng ea libuka ho tloha ka October 1. Libukana li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Li Tla Romeloa” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ke thepa ea setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R1,50 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho July 1, 1993, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng ’me ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka lisente tse 75 e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le liodoro tsa tsona. Ho lokela ho tlatsoe foromo e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tse filoeng bo-pula-maliboho. Libukana tsena li lokela ho odoroa ka phutheho. RE KHOTHALETSA HORE SETHO SE SENG LE SE SENG SA LELAPA, HO AKARELETSA LE BANA BA KHONANG HO BALA, HO BA LE KOPI EA BUKANA ENA.

◼ Lik’hasete tse Ncha tse Leng Teng:

Sezulu: Ho Mamela Mosuoe e Moholo (Lik’hasete tse hlano le buka ka har’a albamo. Phutheho le batho bohle: R38,00; bo-pula-maliboho: R32,50).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela