Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 1994
LITAELO
Ka 1994 ho tla ba le litokisetso tse latelang ha ho tsamaisoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
LIBUKA: Bibele, Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete [uwSU], “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” [siSU], Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela [gtSU], le Lihlooho tsa Litaba tsa Bibele tsa Puisano (Khatiso ea 1993) [tdSU] e tla ba tsona mohloli oa likabelo.
Sekolo se tla qala ka pina, thapelo, le mantsoe a kamohelo, ’me se tsoele pele ka mokhoa o latelang:
KABELO NO. 1: Metsotso e 15. Puo ena e lokela ho neheloa ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang, ’me e tla thehoa bukeng Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete kapa “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo.” Kabelo ena e lokela ho fanoa e le puo ea taeo ea metsotso e 10 ho isa ho e 12 ’me e lateloe ke tlhahlobo ea molomo ea metsotso e 3 ho isa ho e 5, ho sebelisoa lipotso tse hatisitsoeng tse leng bukeng. Sepheo e se be feela ho akaretsa boitsebiso empa ho lebisa tlhokomelo molemong o sebetsang oa boitsebiso boo ho buisanoang ka bona, ho totobatsa lintlha tse tla fana ka thuso e khōlō phuthehong. Ho lokela hore ho sebelisoe sehlooho se bontšitsoeng. Bohle ba khothaletsoa ho lokisetsa ka hloko esale pele e le hore ba ka rua molemo o feletseng boitsebisong bona.
Baena ba abetsoeng puo ena ba lokela ho ba hlokolosi hore ba boloke nako eo ba e abetsoeng. Keletso e ka thōko e ka fanoa haeba ho hlokahala kapa haeba sebui se e kōpile esale pele.
LINTLHA TSE KHŌLŌ TSA ’MALO OA BIBELE: Metsotso e 6. Lintlha tsena li lokela ho tšohloa ke molebeli oa sekolo kapa moholo e mong kapa mohlanka ea sebeletsang ea tla sebelisa boitsebiso bona ka tsela e atlehang litlhokong tsa phutheho. E se be feela kakaretso ea ’malo o abiloeng, Lekanyetsa tlhahlobo e qalang e akaretsang ea likhaolo tse abiloeng ho metsotsoana e 30 ho ea ho e 60. Pakane e ka sehloohong ke ho thusa bamameli ho utloisisa lebaka le tsela eo ka eona boitsebiso bona e leng ba bohlokoa ho rōna. Ka mor’a moo molebeli oa sekolo o tla laela lithuti hore li ee litlelaseng tsa tsona tse fapaneng.
PUO NO. 2: Metsotso e 5. Ena ke ea ’malo oa Bibele oa boitsebiso bo abiloeng e lokelang ho neheloa ke moena. Sena se tla sebetsa ka sekolong se leng holong e khōlō le lihlopheng tse nyenyane. Hangata likarolo tse baloang li khutšoanyane ka ho lekaneng hoo seithuti se ka khonang ho etsa kenyeletso e khutšoanyane le litlhaloso tse koalang. Ho ka akareletsoa taba ea histori, se boleloang ke boprofeta kapa lithuto tsa Bibele, ’me ho ka kenyeletsoa le kamoo melao-motheo e sebetsang ka teng. Litemana tsohle tse abiloeng li lokela ho baloa ho sa kenyeletsoe letho lipakeng. Ho hlakile hore moo litemana tse lokelang ho baloa li sa latellaneng, seithuti se ka bolela temana eo ’malo o tsoelang pele ho tloha ho eona.
PUO NO. 3: Metsotso e 5. Puo ena e tla abeloa bo-khaitseli. Lihlooho tsa puo ena li tla thehoa bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Seithuti se abetsoeng puo ena se lokela ho tseba ho bala. Ha seithuti se nehela puo, se ka ’na sa ema kapa sa lula. Molebeli oa sekolo o tla se abela mothusi a le mong, empa ho ka sebelisoa bathusi ba eketsehileng. Ho molemo hore boemo boo puo e neheloang ho bona (settings) e be ba tšebeletso ea tšimo kapa ba bopaki bo sa reroang. Ea fanang ka puo a ka qala puisano kapa (ba)mothusi a ka etsa joalo. Ntho e ka sehloohong eo ho amehoang ka eona e se be mokhoa oo puo e neheloang ka oona empa e be boitsebiso bo fanoang. Seithuti se lokela ho sebelisa sehlooho se fanoeng.
PUO NO. 4: Metsotso e 5. E abeloe moena kapa khaitseli. E tla theoa ho Lihlooho tsa Litaba tsa Bibele tsa Puisano. Haeba e abetsoe moena, o lokela ho e nehela ho bamameli bohle. Ho ka ba molemo ha moena a lokisetsa puo ea hae a hopotse bamameli ba leng Holong ea ’Muso e le hore puo e be e nang le boitsebiso bo rutang le bo molemo ho ba e mametseng. Leha ho le joalo, haeba boitsebiso bo nyalana le kemiso e ’ngoe e sebetsang le e tšoanelehang ho bamameli, moena a ka khetha ho lokisetsa puo ea hae tumellanong le eona. Seithuti se lokela ho sebelisa sehlooho se fanoeng.
Ha puo ena e abetsoe khaitseli, boitsebiso bo lokela ho fanoa ka tsela e tšoanang le ea Puo No. 3.
KELETSO LE LITLHALOSO: Ka mor’a hore seithuti ka seng se fane ka puo, molebeli oa sekolo o tla fana ka keletso e tobileng, ho sa hlokahale hore a latele lintlha tsa keletso tse thathamisitsoeng ka ho latellana leqetšoaneng la Keletso ea Puo. Ho e-na le hoo, o lokela ho lebisa tlhokomelo likarolong tseo seithuti se lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Haeba ho tšoaneleha hore seithuti se nehelang puo se tšoauoe feela “H” ’me ho se ntlha e ’ngoe ea keletso e tšoailoeng “N” kapa “S,” joale moeletsi o lokela ho etsa lesakana lebokoseng, leo ka tloaelo ho ngoloang “H,” “N,” kapa “S,” le mabapi le ntlha ea keletso eo seithuti se lokelang ho sebeletsa ho eona nakong e tlang. O tla tsebisa seithuti ka sena hona mantsiboeeng ao le ho ngola ntlha ena ea keletso leqetšoaneng le latelang la seithuti la Kabelo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (S-89). Ba fanang ka lipuo ba lokela ho lula litulong tse ka pele holong. Sena se tla boloka nako le ho thusa molebeli oa sekolo ho fana ka keletso ka tsela e tobileng ho seithuti ka seng. Haeba nako e le teng ka mor’a ho fana ka keletso ea molomo e hlokahalang, moeletsi a ka hlalosa lintlha tse rutang le tse sebetsang tseo liithuti li sa kang tsa li akareletsa. Molebeli oa sekolo a hlokomele hore a se nke metsotso e fetang e ’meli ha a fana ka keletso le litlhaloso tse ling tse khutšoanyane ka mor’a puo ea seithuti ka seng. Haeba puo ea lintlha tse khōlō tsa Bibele e siile boitsebiso bo bong ba bohlokoa, ho ka fanoa ka keletso ka thōko.
HO LOKISETSA LIPUO: Pele seithuti se lokisetsa puo eo se e abetsoeng, se lokela ho bala ka hloko boitsebiso bo sebetsanang le ntlha ea keletso eo se lokelang ho sebeletsa ho eona bukeng ea Tataiso ea Sekolo. Liithuti tse abetsoeng puo ea bobeli li lokela ho khetha sehlooho se loketseng karolo ea Bibele e baloang. Lipuo tse ling li tla lokisetsoa tumellanong le sehlooho se bontšitsoeng kemisong e hatisitsoeng.
NAKO: Ha ho puo, keletso kapa litlhaloso tsa moeletsi tse lokelang ho fanoa ka nako e fetang eo li e abetsoeng. Lipuo No. 2 ho ea ho 4 li lokela ho emisoa ka bohlale ha nako ea tsona e felile. Ea abetsoeng ho etsa pontšo ea ho emisa seithuti o lokela ho etsa joalo hang-hang. Ha baena ba fanang ka Kabelo No. 1 le ea lintlha tse khōlō tsa Bibele ba ja nako, ba lokela ho eletsoa ka thōko. Bohle ba lokela ho sheba nako ea bona ka hloko. Nako ea lenaneo lohle: metsotso e 45, ho sa akareletsoe pina le thapelo.
TLHAHLOBO E NGOLOANG: Nako le nako ho tla ba le tlhahlobo e ngoloang. Bakeng sa ho e lokisetsa, ikhopotse boitsebiso bo neng bo abiloe le ho qetella ’malo oa Bibele o abiloeng. Ho ka sebelisoa Bibele feela ha ho ngoloa tlhahlobo ena ea metsotso e 25. Nako e setseng e tla sebelisetsoa puisano ea lipotso le likarabo. Seithuti ka seng se tla tšoaea leqephe la sona. Molebeli oa sekolo o tla hlahloba likarabo tsa lipotso tsa tlhahlobo le bamameli le ho lebisa tlhokomelo lipotsong tse thata haholoanyane, ka morero oa ho thusa bohle ho utloisisa likarabo ka ho hlaka. Haeba ka mabaka a itseng, maemo a sebaka sa lōna a le qobella, tlhahlobo e ngoloang e ka ngoloa bekeng e latelang e bontšitsoeng kemisong.
LIPHUTHEHO TSE KHŌLŌ: Liphutheho tse nang le liithuti tse 50 kapa ho feta tse ngolisitseng sekolong li ka rata ho lokisetsa lihlopha tsa liithuti tse eketsehileng hore li fane ka lipuo tse leng kemisong ka pel’a baeletsi ba bang. Ha e le hantle, batho ba sa kolobetsoang bao bophelo ba bona bo lumellanang le melao-motheo ea Bokreste le bona ba ka ngolisa sekolong le ho fuoa likabelo.
BA SA BENG TENG: Bohle ba ka phuthehong ba ka bontša kananelo bakeng sa sekolo sena ka ho etsa boiteko bo matla ba ho ba teng lenaneong ka leng la beke le beke, ka ho lokisetsa likabelo tsa bona hantle le ka ho fana ka litlhaloso lipuong tse nang le lipotso. Ho tšeptjoa hore liithuti tsohle li tla nka likabelo tsa tsona ka ho teba. Ha seithuti se le sieo nakong eo se abetsoeng puo, e mong a ka ithaopela kabelo eo, a etsa boiteko leha e le bofe boo a ikutloang hore o lokela ho bo etsa ka nako eo e khutšoanyane eo a tsebisitsoeng ka eona. Kapa molebeli oa sekolo a ka akaretsa boitsebiso ka hore bamameli ba kopanele ka tsela e loketseng.
KEMISO
Jan. 3 ’Malo oa Bibele: Nehemia 9 ho ea ho 11
No. 1: Kamoo Bonngoe ba Bokreste ba ’Nete bo Finyelloang (uwSU maq. 5-7 lir. 1-7)
No. 2: Nehemia 9:4, 26-33, 36-38
No. 3: Ho Etsa Lintho Tseo ka Sebele li Amohelehang ho Molimo (gtSU khao. 83)
No. 4: tdSU 18A Morero oa Molimo Bakeng sa Lefatše
Jan. 10 ’Malo oa Bibele: Nehemia 12 le 13
No. 1: Nehemia—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU maq. 90-1 lir. 16-19)
No. 2: Nehemia 13:15-18, 23-31
No. 3: Boikarabelo ba ho ba Morutuoa (gtSU khao. 84)
No. 4: tdSU 18B Lefatše le ke ke la Hloka Baahi le ka Mohla
Jan. 17 ’Malo oa Bibele: Esthere 1 ho ea ho 5
No. 1: Selelekela sa Esthere (siSU maq. 91-2 lir. 1-6)
No. 2: Esthere 4:6-17
No. 3: Hlokomela ho Itokafatsa, ’me u Ananele Boikokobetso (gtSU khao.85)
No. 4: tdSU 2A Kamoo Baprofeta ba Bohata ba ka Khetholloang
Jan. 24 ’Malo oa Bibele: Esthere 6 ho ea ho 10
No. 1: Esthere—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 94 lir. 16-18)
No. 2: Esthere 6:1-13
No. 3: Mora ea Lahlehileng le Ntat’ae ea Lerato (gtSU khao. 86 lir. 1-9)
No. 4: tdSU 31A Lebaka Leo ka Lona Pholiso ea Moea e Leng Bohlokoa Haholo
Jan. 31 ’Malo oa Bibele: Jobo 1 ho ea ho 3
No. 1: Selelekela sa Jobo (siSU maq. 95-6 lir. 1-6)
No. 2: Jobo 2:1-13
No. 3: Ho Khutla ha Mora ea Lahlehileng ho Ama ba Bang (gtSU khao. 86 lir. 10-20)
No. 4: tdSU 31B ’Muso oa Molimo o Tla Tlisa Liphekolo tse sa Feleng tsa ’Mele
Feb. 7 ’Malo oa Bibele: Jobo 4 ho ea ho 6
No. 1: Mabaka a Bohlokoa Bakeng sa Bonngoe ba Bokreste (uwSU leq.8 ser. 8 ho ea ho 8 [3])
No. 2: Jobo 6:1-11, 29, 30
No. 3: Lokisetsa Bokamoso ka Bohlale bo Sebetsang (gtSU khao. 87)
No. 4: tdSU 31C Ho Folisa ka Tumelo ha Kajeno ha ho na Bopaki ba Kamohelo ea Molimo
Feb. 14 ’Malo oa Bibele: Jobo 7 ho ea ho 9
No. 1: Mabaka a Tlatsetsang Bonngoeng ba Bokreste (uwSU leq. 9 lir.8 [4] ho ea ho 9)
No. 2: Jobo 9:1-15
No. 3: Morui le Lazaro (gtSU khao. 88 lir. 1-10)
No. 4: tdSU 31D Ho Bua ka Maleme e ne e le Tokisetso ea Nakoana Feela
Feb. 21 ’Malo oa Bibele: Jobo 10 ho ea ho 12
No. 1: Bakreste ba ’Nete ba Qoba Litšusumetso tse Arolang (uwSU maq. 10-11 lir. 10-12)
No. 2: Jobo 12:1-16
No. 3: Se Boleloang ke Setšoantšo sa Morui le Lazaro (gtSU khao. 88 lir. 11-21)
No. 4: tdSU 20A Ke ba 144 000 Feela ba Eang Leholimong
Feb. 28 ’Malo oa Bibele: Jobo 13 ho ea ho 15
No. 1: Tseba Jehova u be u mo Ananele (uwSU maq. 12-13 lir. 1-4)
No. 2: Jobo 13:1-13
No. 3: Tšebeletso ea Mohau Judea (gtSU khao. 89)
No. 4: tdSU 22A Ha ho na Mollo oa Sebele Liheleng
Mar. 7 ’Malo oa Bibele: Jobo 16 ho ea ho 18
No. 1: Etsisa Mohlala oa Jehova oa Lerato (uwSU maq. 14-15 lir.5-7)
No. 2: Jobo 16:1-11, 22
No. 3: Jesu o Bua ka Tšepo ea Tsoho (gtSU khao. 90)
No. 4: tdSU 22B Mollo ke Tšoantšetso ea Pheliso e Feletseng
Mar. 14 ’Malo oa Bibele: Jobo 19 le 20
No. 1: Thusa Batho ho Ithuta ’Nete ka Molimo (uwSU maq. 15-17 lir. 8 ho ea ho 11 [2])
No. 2: Jobo 19:14-29
No. 3: Jesu o Tsosa Lazaro (gtSU khao. 91)
No. 4: tdSU 22C Tlaleho ea Monna ea Ruileng le Lazarose—Hase Bopaki ba Tlhokofatso e sa Feleng
Mar. 21 ’Malo oa Bibele: Jobo 21 le 22
No. 1: Ho na le Jehova a le Mong Feela (uwSU maq. 17-18 lir. 11 [3] ho ea ho 12)
No. 2: Jobo 21:19-34
No. 3: Bontša Teboho Bakeng sa Molemo oa Molimo (gtSU khao. 92)
No. 4: tdSU 26A Bakreste ba Pele ba ne ba sa Boloke Matsatsi a Tsoalo Kapa Keresemese
Mar. 28 ’Malo oa Bibele: Jobo 23 ho ea ho 26
No. 1: Se Boleloang ke ho Tsamaea ka Lebitso la Molimo (uwSU maq. 18-19 lir. 13-15)
No. 2: Jobo 24:1, 2, 14-25
No. 3: Ha Mor’a Motho a Senoleha (gtSU khao. 93)
No. 4: tdSU 24A Tšebeliso ea Litšoantšo Borapeling e Hlompholla Molimo
Apr. 4 ’Malo oa Bibele: Jobo 27 ho ea ho 29
No. 1: Thusa ba Bang ho Amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo (uwSU maq. 20-2 lir. 1-6)
No. 2: Jobo 29:2-18
No. 3: Ho Hlokahala Thapelo le Boikokobetso (gtSU khao. 94)
No. 4: tdSU 24B Borapeli ba Litšoantšo bo ile ba Tlatsetsa ho Oeng ha Iseraele
Apr. 11 ’Malo oa Bibele: Jobo 30 le 31
No. 1: Bala Bibele ka Mehla (uwSU maq. 23-5 lir. 7-11)
No. 2: Jobo 31:23-37
No. 3: Lithuto Mabapi le Tlhalo le ho Rata Bana (gtSU khao. 95)
No. 4: tdSU 24C Molimo ha a Lumelle Borapeli bo “Lekanyelitsoeng”
Apr. 18 ’Malo oa Bibele: Jobo 32 le 33
No. 1: Ithute ka Jehova (uwSU maq. 25-6 ser. 12 ho ea ho 12 [1])
No. 2: Jobo 33:1-6, 23-33
No. 3: Jesu le ’Musi e Mocha oa Morui (gtSU khao. 96)
No. 4: tdSU 44A Bonngoe ba ’Nete ha bo Tsoe Litumelong tse Kopanetsoeng
Apr. 25 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella Nehemia 9 ho ea ho Jobo 33
May 2 ’Malo oa Bibele: Jobo 34 ho ea ho 36
No. 1: Nahana ka Sehlooho sa Bibele le Taba e Potolohileng Mangolo (uwSU leq. 26 ser. 12 [2] le 12 [3])
No. 2: Jobo 34:1-15
No. 3: Setšoantšo sa Jesu sa Tšimo ea Merara (gtSU khao. 97)
No. 4: tdSU 44B Hase ’Nete Hore “Malumeli ’Ohle a Molemo”
May 9 ’Malo oa Bibele: Jobo 37 le 38
No. 1: Sebelisa Seo u Ithutang Sona Bophelong ba Hao le ho se Arolelana le ba Bang (uwSU maq. 26-8 lir. 12 [4] ho ea ho 13)
No. 2: Jobo 37:5-14, 23, 24
No. 3: Jesu o Lokisetsa Barutuoa ba Hae se Larileng ka Pele (gtSU khao.98)
No. 4: tdSU14A Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Lebitso la Molimo la Botho
May 16 ’Malo oa Bibele: Jobo 39 le 40
No. 1: Seo Baprofeta ba se Bolelang ka Jesu (uwSU maq. 29-31 lir. 1-6)
No. 2: Jobo 40:1-14
No. 3: Jesu o Tsosolosa Mora oa Abrahama ea Lahlehileng (gtSU khao. 99)
No. 4: tdSU 14B Linnete tse Buang ka ho ba Teng ha Molimo
May 23 ’Malo oa Bibele: Jobo 41 le 42
No. 1: Jobo—Lebaka Leo e Leng Molemo (siSU leq. 100 lir. 39-43)
No. 2: Jobo 42:1-10, 12-17
No. 3: Setšoantšo sa Limina (gtSU khao. 100)
No. 4: tdSU 14C Ho Khetholla Litšobotsi tsa Molimo
May 30 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 1 ho ea ho 6
|No. 1: Selelekela sa Lipesaleme—Karolo 1 (siSU leq. 101 lir. 1-5)
No. 2: Pesaleme ea 2:1-12
No. 3: Jesu o Sireletsa Maria Bakeng sa Ketso ea Hae e Molemo (gtSU khao. 101)
No. 4: tdSU14D Hase Bohle ba Sebeletsang Molimo a le Mong
June 6 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 7 ho ea ho 10
No. 1: Selelekela sa Lipesaleme—Karolo 2 (siSU leq. 102 lir. 6-11)
No. 2: Pesaleme ea 8:1–9:5
No. 3: Ho Kena ha Kreste ka Tlhōlo Jerusalema (gtSU khao. 102)
No. 4: tdSU 23A Qaleho ea Lipaki tsa Jehova
June 13 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 11 ho ea ho 17
No. 1: Ela Hloko Mehlala ea Boprofeta (uwSU maq. 32-3 lir. 7 ho ea ho 8 [2])
No. 2: Pesaleme ea 14:1–15:5
No. 3: Jesu o Nyatsa ba Silafatsang Tempele ea Molimo (gtSU khao. 103)
No. 4: tdSU 15A Jesu ke Mor’a Molimo le Morena ea Khethiloeng
June 20 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 18 ho ea ho 20
No. 1: Moprista oa Rōna e Moholo oa Tšoantšetsoa (uwSU leq. 33 ser.8 [3] le 8 [4])
No. 2: Pesaleme ea 19:1-14
No. 3: Lentsoe la Molimo le Utloahala Lekhetlo la Boraro (gtSU khao. 104)
No. 4: tdSU 15B Ho Lumela ho Jesu Kreste ke Habohlokoahali Bakeng sa Poloko
June 27 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 21 ho ea ho 24
No. 1: Lebaka Leo ka Lona Pako le Tumelo li Leng Bohlokoa (uwSU maq. 33-7 lir. 9-14)
No. 2: Pesaleme ea 23:1–24:10
No. 3: Se Emeloang ke Sefate sa Feiga se Rohakiloeng (gtSU khao. 105)
No. 4: tdSU 15C Ho Hlokahala ho Fetang Tumelo ho Jesu
July 4 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 25 ho ea ho 29
No. 1: Ho Utloa Molimo ho Tlisa Tokoloho ea ’Nete (uwSU maq. 38-40 lir. 1-5)
No. 2: Pesaleme ea 26:1-12
No. 3: Kamoo Baeta-pele ba Bolumeli ba Pepesoang (gtSU khao. 106)
No. 4: tdSU 30A Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsetsa Moloko oa Batho
July 11 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 30 ho ea ho 33
No. 1: Moo ho ka Fumanoang Tokoloho ea ’Nete Kajeno (uwSU maq. 40-2 lir. 6-9)
No. 2: Pesaleme ea 32:1-11
No. 3: Se Emeloang ke Setšoantšo sa Mokete oa Lenyalo (gtSU khao. 107)
No. 4: tdSU 30B Puso ea ’Muso e Qala ha Lira tsa Kreste li sa Ntse li Sebetsa ka Mafolo-folo
July 18 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 34 ho ea ho 36
No. 1: Ha e le Hantle Tokoloho ea Lefatše ke Bokhoba (uwSU maq.42-3 lir. 10-12)
No. 2: Pesaleme ea 36:1-12
No. 3: Ba Hlōleha ho Tšoasa Jesu (gtSU khao. 108)
No. 4: tdSU 30C ’Muso oa Molimo ha o Tlisoe ke Boiteko ba Batho
July 25 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 37 ho ea ho 39
No. 1: Kamoo ho ka Khetholloang Litloaelano tse Mpe (uwSU maq. 44-5 lir. 13, 14)
No. 2: Pesaleme ea 37:23-38
No. 3: Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae (gtSU khao. 109)
No. 4: tdSU 27A Se Boleloang ke ‘Bofelo ba Lefatše’
Aug. 1 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 40 ho ea ho 44
No. 1: Tseko e Khōlō eo e Mong le e Mong a Tlamehang ho Talimana le Eona (uwSU maq. 46-7 lir. 1-3)
No. 2: Pesaleme ea 41:1-13
No. 3: Tšebeletso ea Jesu Tempeleng ea Phethoa (gtSU khao. 110)
No. 4: tdSU 27B Falimehela Bopaki ba Mehla ea Qetello
Aug. 8 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 45 ho ea ho 49
No. 1: Etsisa Tumelo ea ba Tšepahalang (uwSU maq. 47-52 lir.4-11)
No. 2: Pesaleme ea 45:1-7, 10-17
No. 3: Jesu o Fana ka Pontšo ea Mehla ea Qetello (gtSU khao. 111 lir.1-11)
No. 4: tdSU 6A Molimo o Tšepisa Moloko oa Batho ba Utloang Bophelo bo sa Feleng
Aug. 15 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 50 ho ea ho 52
No. 1: ’Nete e Tlotlisa Jehova (uwSU maq. 52-4 lir. 12-15)
No. 2: Pesaleme ea 51:1-17
No. 3: Jesu o Pheta ho Eketsehileng ka Mehla ea Qetello (gtSU khao. 111 lir. 12-19)
No. 4: tdSU 6B Ke ba Leng ’Meleng oa Kreste Feela ba Eang Leholimong
Aug. 22 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 53 ho ea ho 57
No. 1: Seo ho Lumella ha Molimo Bobe ho re Rutang Sona (uwSU maq. 55-7 lir. 1-7)
No. 2: Pesaleme ea 55:1, 2, 12-23
No. 3: Baroetsana ba Bohlale le ba Maoatla (gtSU khao. 111 lir. 20-8)
No. 4: tdSU 6C Bophelo bo sa Feleng bo Tšepisitsoe “Linku tse Ling” Tseo Lenane la Tsona le sa Lekanyetsoang
Aug. 29 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella Jobo 34 ho ea ho Pesaleme ea 57
Sept. 5 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 58 ho ea ho 62
No. 1: Le ka Mohla Molimo ha a E-s’o Hloke Toka (uwSU maq. 58-61 lir. 8-16)
No. 2: Pesaleme ea 62:1-12
No. 3: Setšoantšo sa Litalenta (gtSU khao. 111 lir. 29-37)
No. 4: tdSU 21A Kopano ea Lenyalo e Tlameha ho Hlompheha
Sept. 12 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 63 ho ea ho 67
No. 1: Tšepa Jehova—Hanela Meea e Khopo (uwSU maq. 62-4 lir. 1-5)
No. 2: Pesaleme ea 65:1-13
No. 3: Ha Kreste a Fihla ka Matla a ’Muso (gtSU khao. 111 lir. 38-46)
No. 4: tdSU 21B Bakreste ba Tlameha ho Hlompha Molao-motheo oa Bohlooho
Sept. 19 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 68 ho ea ho 69
No. 1: Hlokomela Maqiti a Bolotsana a Diabolose (uwSU maq. 64-7 lir. 6-12)
No. 2: Pesaleme ea 68:1-11, 32-35
No. 3: Paseka ea ho Qetela ea Jesu e Haufi (gtSU khao. 112)
No. 4: tdSU 21C Boikarabelo ba Batsoali ba Bakreste ho Bana
Sept. 26 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 70 ho ea ho 73
No. 1: Aparang Seaparo sa Ntoa se Feletseng se Tsoang ho Molimo (uwSU maq. 67-9 lir. 13-15)
No. 2: Pesaleme ea 72:1-20
No. 3: Jesu o Fana ka Thuto ea Boikokobetso (gtSU khao. 113)
No. 4: tdSU 21D Bakreste ba Lokela ho Nyalana le Bakreste Feela
Oct. 3 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 74 ho ea ho 77
No. 1: Tsebo, Tumelo, le Tsoho (uwSU maq. 70-3 lir. 1-7)
No. 2: Pesaleme ea 76:1-12
No. 3: Jesu o Hloma Sehopotso (gtSU khao. 114)
No. 4: tdSU 21E Bakreste ba ’Nete ha ba Kene Lenyalong la Sethepu
Oct. 10 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 78 le 79
No. 1: Jesu o na le Linotlolo tsa Lefu le Hades (uwSU maq. 73-7 lir.8-15)
No. 2: Pesaleme ea 79:1-13
No. 3: Ka Mamello Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae Lerato le Boikokobetso (gtSU khao. 115)
No. 4: tdSU 8A Maria e ne e le ’Mè oa Jesu, Eseng “’Mè oa Molimo”
Oct. 17 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 80 ho ea ho 85
No. 1: Ananela ’Muso oa Molimo o Leng Teng ka Mehla (uwSU maq. 78-81 lir. 1-9)
No. 2: Pesaleme ea 83:1-18
No. 3: Jesu o Lokisetsa Baapostola ho Arohana ha Hae le Bona (gtSU khao. 116 lir. 1-14)
No. 4: tdSU 8B Bibele e Bontša Hore Maria ha ea ka ea e-ba ‘Moroetsana ka ho sa Feleng’
Oct. 24 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 86 ho ea ho 89
No. 1: ’Muso o Tla Finyella Morero oa Molimo oa Tšimolohong (uwSU maq. 81-2 lir. 10-12)
No. 2: Pesaleme ea 86:1-17
No. 3: Bao e Leng Metsoalle ea Jesu ea Sebele (gtSU khao. 116 lir. 15-25)
No. 4: tdSU 38A Seo Mangolo a se Bolelang ka Sehopotso
Oct. 31 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 90 ho ea ho 94
No. 1: Seo ’Muso o Seng o se Finyeletse (uwSU maq. 83-6 lir. 13-15)
No. 2: Pesaleme ea 90:1-17
No. 3: Jesu o Hlomella Barutuoa ba Hae Esale Pele ’me oa ba Khothatsa (gtSU khao. 116 lir. 26-37)
No. 4: tdSU 38B Ho Keteka ’Misa ha ho Lumellane le Mangolo
Nov. 7 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 95 ho ea ho 101
No. 1: Tsela ea ho Batla ’Muso Pele (uw maq. 87-9 lir. 1-6)
No. 2: Pesaleme ea 100:1–101:8
No. 3: Thapelo ea ho Qetela ea Jesu ka Phaposing e ka Holimo (gtSU khao. 116 lir. 38-51)
No. 4: tdSU 29A Bakreste Bohle e Tlameha ho ba Basebeletsi
Nov. 14 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 102 ho ea ho 104
No. 1: Latela Mohlala oa Barutuoa ba Pele (uwSU maq. 90-1 lir.7-9)
No. 2: Pesaleme ea 103:1-14, 21, 22
No. 3: Mahlomola Tšimong (gtSU khao. 117)
No. 4: tdSU 29B Litšoaneleho Bakeng sa Bosebeletsi
Nov. 21 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 105 le 106
No. 1: Ka Bouena Eteletsa ’Muso Pele (uwSU maq.91-4 lir. 10-15)
No. 2: Pesaleme ea 106:1-12, 47, 48
No. 3: Ho Ekoa le ho Tšoaroa ha Jesu (gtSU khao. 118)
No. 4: tdSU 17A Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba Hloiloeng
Nov. 28 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 107 ho ea ho 109
No. 1: Seo Mangolo a se Bolelang ka Kolobetso ea Johanne (uwSU maq. 95-6 lir. 1-5)
No. 2: Pesaleme ea 108:1-13
No. 3: Jesu oa Hlekefetsoa ’me o Qosoa ka Tsela e Khahlanong le Molao (gtSU khao. 119)
No. 4: tdSU 17B Mosali ha aa Lokela ho Lumella Monna ho mo Arohanya le Molimo
Dec. 5 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 110 ho ea ho 115
No. 1: Ho Kolobeletsoa Lefung (uwSU maq. 97-8 lir. 6-8)
No. 2: Pesaleme ea 110:1-7; 114:1-8
No. 3: Ho Tšaba Batho ho Susumeletsa Petrose ho Latola Kreste (gtSU khao.120)
No. 4: tdSU 17C Monna ha aa Lokela ho Lumella Mosali ho mo Thibela ho Sebeletsa Molimo
Dec. 12 ’Malo oa Bibele: Lipesaleme 116 ho ea ho 119:32
No. 1: Kolobetso “ka Lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang” (uwSU leq. 98 ser. 9)
No. 2: Pesaleme ea 116:1-19
No. 3: Ka Sebete Jesu o Bua ’Nete ka Pel’a Sanhedrin le Pilato (gtSU khao.121)
No. 4: tdSU 41A Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang
Dec. 19 ’Malo oa Bibele: Pesaleme ea 119:33-112
No. 1: Kolobetso le Boikarabelo ba Bokreste (uwSU maq. 99-102 lir. 10-14)
No. 2: Pesaleme ea 119:97-112
No. 3: Pilato le Heroda ba Sitoa ho Fumana Jesu a le Molato (gtSU khao. 122)
No. 4: tdSU 41B Lebaka Leo ka Lona Lithapelo tse Itseng e Leng tsa Lefeela
Dec. 26 Tlhahlobo e Ngoloang. Qetella Lipesaleme 58 ho ea ho 119:112