Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ssb pina 50
  • Ho Arabela Leratong la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Arabela Leratong la Molimo
  • Binelang Jehova Lithoriso
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Binelang Jehova Lithoriso
Ssb pina 50

Pina ea 50

Ho Arabela Leratong la Molimo

(1 Johanne 4:11)

1. Molimo, u moholo, U rateha haholo,

Jehova, re tla u rorisa (Ntate).

Re’u binele thoriso, Re phahamise bitso la hao le senolang bouena (’Mōpi).

U bontša pelo-nolo,

U thabela le khotso;

U bontša matla le bohlale (nthong tsohle).

Re tšepisoa ke Mangolo tlhohonolofatso

Ea hao ha re le ba khabane (kamehla).

2. U re ratile pele Ka ho romela Lentsoe;

Le re tliselitseng topollo (ena)

Le u tsebahalitse

Hore re u tlotlise, re tle re fumane bophelo (phelo).

La re bontša lerato ’Me le feta la batho

Hobane le re shoetse bohle (e le mpho).

Re’a thaba ha re rutoa Ke lona, le ho thusoa,

E le hore re se timele (kaofela).

3. Lefatše la bohata Le ke ke la re lahla;

Re tiee ho bolela ’nete (ea hao).

Re tla bontša lerato

Ha re bua le batho; re tla ba ruta ka Bibele (melao).

’Me ha re sebeletsa Hammoho re phehella

Ho ratana ka pelo eohle (le moea).

Ha re atisa pondo Ka ho bolela ’Muso,

O tla re ho rōna: “Ke hantle.” (haholo.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela