Khaolo ea 83
O Menngoe ke Mofarisi
JESU o memetsoe lapeng ha Mofarisi ea tsebisahalang ’me o sa tsoa phekola monna ea nang le seema. Ha a ntse a shebeletse bamemuoa-’moho le eena ba ikhethela libaka tse ka pele lijong, a ruta thuto ea boikokobetso.
Joale Jesu a hlalosa: “Enore ha motho a u bilelitse bohaling, u se ke ua lula tulong e kapele, e se re mohlomong e mong ea u fetisang ka ho hlomphuoa a ka tšoha a bitsitsoe le eena ke mong a lijo; ’me ea le bitsitseng, uena le eena, a ka tla u bolella, a re: Suthela enoa tulo; ’me joale, u qale ho ea lula tulong e kamorao ka lihlong.”
Ka hona Jesu oa eletsa: “Enore ha u bitsitsoe, u ee, u lule tulong e kamorao, hore ea u bitsitseng ha a e-tla, a re ho uena: Motsoalle, fetela pele. ’Me joale, e tla ba hlompho ho uena har’a ba lutseng lijong le uena.” Ha a qetella, Jesu o re: “Hobane e mong le e mong ea ikhōlisang, o tla kokobetsoa; ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla hōlisoa.”
Ho latelang, Jesu o buisana le Mofarisi ea mo memmeng ’me o hlalosa kamoo ho ka lokisetsoang lijo tsa motšehare tse tlotlehang ka sebele ho Molimo. “Enore ha u etsa ’moka oa motšehare, leha e le oa ho lalla, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao, leha e le banab’eno, leha e le baheno, leha e le barui bao u ahisaneng le bona; e se re mohlomong le bona ba u bitsa, ba ananya tsa hao. Empa enore ha u etsa ’moka, u bitse bahloki, le lihole, le lihlotsa, le lifofu; ’me u tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang sona.”
Ho lokisetsa lijo tse joalo bakeng sa ba malimabe ho tla thabisa ea li lokiselitseng hobane joalokaha Jesu a hlalosetsa ea mo memmeng: “Tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.” Tlhaloso ea Jesu ea mokete ona o hlomphehang e hopotsa momemuoa-’moho le bona ka sejo sa mofuta o mong. Momemuoa enoa o re: “Ho lehlohonolo ea tla ja bohobe ’musong oa Molimo.” Leha ho le joalo, hase bohle ba fang tebello eo e thabisang sebaka se e loketseng, joalokaha Jesu a tsoela pele ho bontša ka papiso.
“Motho e mong a etsa selallo se seholo, ’me a mema ba bangata. A roma mohlanka oa hae . . . ho bolella ba bitsitsoeng, ho re: Tlong, hobane ntho tsohle li se li lokisitsoe. Empa bohle ba e-ba ntsoe le le leng ho itatola. Oa pele a re ho eena: Ke rekile tšimo, ’me ke tšoanetse ho ea e bona. Kea u rapela, u ntatolele hantle. E mong a re: Ke rekile lipholo tse lekanang joko tse hlano, ’me ke sa ea li leka. Kea u rapela, u ntatolele hantle. E mong hape a re: Ke nyetse mosali, ke sitoa ho ea ke hona.”
Ke mabaka a fokolang hakaakang! Tšimo kapa liphoofolo ka tloaelo li hlahlobjoa pele li rekoa, ka hona ha ho letho le potlakileng ka sebele ho ea li hlahloba ka morao ho moo. Ka ho tšoanang, ho nyala ha motho ha hoa lokela ho mo thibela ho amohela memo ea bohlokoa hakaalo. Ka hona ha a utloa mabaka ana, morena oa halefa ’me o laela mohlanka oa hae:
“Phakisa u tsoele mapatlelong le literateng tsa motse, ’me u tlise koano, mafutsana, le lihole, le lihlotsa, le lifofu. Mohlanka a re: Morena, ho se ho entsoe kamoo u laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng. Morena a re ho mohlanka: Tsoela litseleng le pel’a metero, ’me u khanne batho, ba kene, ntlo ea ka e be e tlale. . . . Ha ho le a mong oa banna bale ke ba bitsitseng, ea tla latsoa selallo sa ka.”
Setšoantšo see se hlalosa boemo bofe? Ha e le hantle, “morena” ea lokiselitseng sejo o tšoantšetsa Jehova Molimo; “mohlanka” ea fetisang memo, Jesu Kreste; ’me “selallo” se seholo, menyetla ea ho ba mocheng oa ho fumana ’Muso oa maholimo.
Ba pele ho amohela memo ea ho ba mocheng oa ho fumana ’Muso e ne e le baetapele ba bolumeli ba Bajode ba mehleng ea Jesu. Leha ho le joalo, ba ile ba hana memo. Ka hona, ho tloha ka ho khethehileng ka Pentekonta ea 33 C.E., memo ea bobeli e ile ea fetisetsoa ho ba nyatsehang le ba khesehang ba sechaba sa Bajode. Empa ha hoa ka ha arabela ba lekaneng ho tlatsa libaka tse 144 000 ’Musong oa Molimo oa leholimo. Joale ka 36 C.E., lilemo tse tharo le halofo hamorao, memo ea boraro le ea ho qetela e ile ea fetisetsoa ho Bajode ba sa bollang, ’me ho bokelloa ha ba joalo ho tsoetse pele ho fihlela mehleng ea rōna. Luka 14:1-24.
▪ Jesu o ruta thuto efe ea boikokobetso?
▪ Ea memmeng a ka lokisetsa joang lijo tse tlotlehang ho Molimo, hona ke hobane’ng ha hoo ho tla mo thabisa?
▪ Ke hobane’ng ha mabaka a boitatolo a bamemuoa a fokola?
▪ Ke eng e tšoantšetsoang ke setšoantšo sa Jesu sa “selallo se seholo”?