Khaolo ea 86
Pale ea Mora ea Lahlehileng
HA JESU a qeta ho bolella Bafarisi setšoantšo sa ho fumana nku le drakema tse lahlehileng, o tsoela pele ka setšoantšo se seng. Setšoantšo sena se bua ka ntate ea lerato le tsela eo a tšoarang bara ba hae ba babeli ka eona, bao e mong le e mong ho bona a nang le liphoso tse tebileng.
Pele, ho na le mora e monyenyane, e leng eena motho ea ka sehloohong setšoantšong sena. O bokella lefa la hae, leo ntat’ae a mo fileng lona a sa qea-qee. Joale o tloha hae ’me o ameha tseleng ea bophelo ba boitšoaro bo bobe haholo. Empa mamela ha Jesu a pheta pale, ’me u bone haeba u ka tseba hore na batho bana ba emela bo-mang.
Jesu oa qala: “Motho oa horeng o na a na le bara ba babeli. E monyenyane oa bona a re ho ntat’ae: Ntate, mphe karolo ea letlotlo ee e tla ba ea ka. ’Me [ntate] a ba arolela lintho tsa hae.” Mora eo e monyenyane o etsa eng ka seo a se amohelang?
Jesu oa hlalosa: “Ha feta matsatsi a se makae, mora oa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.” Ha e le hantle o senya chelete ea hae a phela le matekatse. Ka mor’a moo ho tla linako tse thata, joalokaha Jesu a tsoela pele ho bolela:
“Eitse hobane a qete tsohle, ha oa tlala e kholo lefatšeng leo; ’me a qala ho hloka. A ea tholoa ke e mong oa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ea hae ho alosa likolobe. O na a lakatsa ho khorisa mpa ea hae ka makhapetla a jeoang ke likolobe; empa o na a sa fuoe ke motho.”
E ne e le ho eisehang hakaakang ho qobelloa ho alosa likolobe, kaha liphoofolo tsee li ne li le litšila ho latela Molao! Empa ho neng ho utloisa mora enoa bohloko haholo e ne e le tlala e mo qetang e ileng ea ba ea mo etsa hore a lakatse lijo tse neng li feptjoa likolobe. Ka baka la tlokotsi ea hae e tšabehang, Jesu o re, “Eaba moo a ikhopolang.”
Ha a ntšetsa pele pale ea hae, Jesu oa hlalosa: “[A ipolella] a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlōloang ke bohobe; ’me ’na mona ke bolaoa ke tlala! Ke tla tsoha, ke ee ho ntate; ’me ke tla re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena; ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao; u nketse ea joalo ka e mong oa bahlanka ba hao. Eaba o tloha, a ea ho ntat’ae.”
Ntho e lokelang ho nahanisisoa ke ena: Haeba ntate oa hae a ne a mo fetohetse ’me a ile a mo ja ka bohale ha a tloha lapeng, ha ho bonahale mora a ne a ka ba le mohopolo o le mong hakaalo mabapi le seo a lokelang ho se etsa. O ne a ka ’na a rera ho khutla le ho leka ho fumana mosebetsi kae-kae naheng ea habo e le hore a se ke a teanya mahlo le ntat’ae. Leha ho le joalo, haa ka a ba le khopolo e joalo ka kelellong ea hae. O ne a ipatla lapeng!
Ka ho hlakileng, ntate setšoantšong sena sa Jesu o emela Ntate oa rōna ea lerato, le ea mohau oa leholimo, Jehova Molimo. ’Me mohlomong le uena oa hopola hore mora ea lahlehileng, kapa ea lehlasoa, o emela baetsalibe ba tummeng. Bafarisi, bao Jesu a buang le bona, pejana ba ne ba ile ba nyatsa Jesu ka ho ja le bona batho bana. Empa mora e moholo o emela mang?
Ha Mora ea Lahlehileng a Fumanoa
Ha mora ea lahlehileng, kapa ea lehlasoa, setšoantšong sena sa Jesu a khutlela lapeng, ke kamohelo ea mofuta ofe eo a e fumanang? Mamela ha Jesu a e hlalosa:
“Eare ha a sa le hole, ntat’ae a ’mona, a mo utloela bohloko, a titima, a itihela molaleng oa hae, a mo aka.” Ke ntate ea mohau, le ea nang le kutloelo-bohloko hakaakang, ea emelang hamolemo Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova!
Mohlomong ntat’ae o ne a ile a utloa ka bophelo ba bootsoa ba mora oa hae. Leha ho le joalo o mo amohela lapeng ntle le ho emela tlhaloso e felletseng. Jesu le eena o na le moea o joalo oa ho amohela, o nka bohato ba pele ba ho atamela baetsalibe le balekhetho, ba emeloang ke mora ea lehlasoa setšoantšong sena.
Kannete, ntate ea nahanelang setšoantšong sena sa Jesu ha ho pelaelo hore o na le mohopolo o itseng ka ho baka ha mora oa hae ka ho hlokomela ho soaba le moea o robehileng tse bonahalang ho mora oa hae ha a khutla. Empa bohato bo lerato bo nkoang ke ntate bo etsa hore mora a nolofalloe ho ipolela libe tsa hae, joalokaha Jesu a bolela: “Empa mora a re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena, ’me ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao; [“u nketse ea joalo ka e mong oa bahlanka ba hao,” NW].”
Empa, le pele mora a qeta ho bua ntat’ae o nka khato, o laela bahlanka ba hae: “Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokoa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monoaneng, le be le mo roese lieta maotong; ’me le tlise namane e nontšitsoeng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle. Hobane mora enoa oa ka o na a shoele, ’me joale o boetse o pholohile; o na a lahlehile, ’me joale o boetse o fumanoe.”
Khabareng, ‘mora oa ntat’ae e moholo o na a le naheng.’ Bona haeba u ka khetholla hore na o emela mang ka hore u mamele karolo e setseng ea pale. Jesu o re ka mora e moholo: “Eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utloa lipina le mehobelo. A bitsa e mong oa bahlanka, a ’motsa, a re: Taba tseo ke’ng? Eo a re ho eena: Moen’ao o fihlile, ’me ntat’ao o hlabile namane e nontšitsoeng, hobane o bile a ’mona a sa phela. Eaba oa halefa, a hana ho kena. Ntat’ae a mpa a tsoa, a mo rapela, a re, a kene. Eena a araba, a re ho ntat’ae: Bona! Ke u sebelelitse lilemo tse kalo, ke sa tlōle litaelo tsa hao, ’me ha u e-so ho ’nee le potsanyane hore ke thabe le metsoalle ea ka. Empa enoa mora oa hao, ea jeleng letlotlo la hao kaofela le linyatsi, ere a sa fihla, u mo hlabetse namane e nontšitsoeng.”
Ke bo-mang, bao joaloka mora e moholo, ba ileng ba nyatsa mohau le tlhokomelo tse bontšitsoeng baetsalibe? Na hase bangoli le Bafarisi? Kaha Jesu o ile a susumetsoa ho etsa setšoantšo sena ha ba mo nyatsa ha a amohela baetsalibe, ka ho hlakileng e tlameha e be ke bona ba emeloang ke mora e moholo.
Jesu o phetha pale ea hae ka boipiletso ba ntate ho mora oa hae e moholo: “Ngoan’a ka, u ho ’na ka mehla, ’me tsohle tsa ka ke tsa hao. Empa re ne re tšoanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enoa, ngoan’eno, o na be a shoele, ’me o bile o pholohile; o na be a lahlehile, ’me o bile o fumanoe.”
Jesu o siea a sa hlakisa joalo seo mora e moholo a se etsang qetellong. Ka sebele, hamorao, ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, ho ile “ha ba ha lumela le baprista ba bangata,” mohlomong ho akarelletsa le ba bang ba sehlopha sena sa “mora e moholo” bao Jesu a buang le bona mona.
Empa mehleng ee bara baa ba babeli ba emela bo-mang? E tlameha e be ke ba seng ba e-na le tsebo e lekaneng ka merero ea Jehova hoo ba nang le motheo oa ho ba le kamano le eena. Mora e moholo o emela litho tse ling tsa “mohlatsoana,” kapa ‘phutheho ea matsibolo ao mabitso a ’ona a ngotsoeng bukeng ea leholimo.’ Bana ba ile ba e-ba le boikutlo bo tšoanang le ba mora eane e moholo. Ba ne ba se na takatso ea ho amohela sehlopha sa lefatšeng, “linku tse ling,” tseo ba neng ba ikutloa hore li ba nkela boemo bo hlahelletseng ka pel’a batho.
Ka lehlakoreng le leng, mora ea lehlasoa, o emela batho ba bang ba Molimo ba tlohang ho ea thabela menate eo lefatše le fanang ka eona. Leha ho le joalo, ka nako ea teng, bana ba bakileng baa khutla ’me ba fetoha bahlanka ba mafolo-folo ba Molimo hape. Ka sebele, ke Ntate ea lerato le ea mohau hakaakang ho bao ba hlokomelang hore ba hloka tšoarelo ’me ba khutlela ho eena! Luka 15:11-32; Levitike 11:7, 8; Liketso 6:7; Luka 12:32; Ba-Heberu 12:23, TLP; Johanne 10:16.
▪ Jesu o bolella bo-mang setšoantšo see, kapa pale, ’me e le ka lebaka lefe?
▪ Motho ea ka sehloohong ke mang paleng ee, ’me o hlaheloa ke eng?
▪ Ntate le mora e monyenyane ba mehleng ea Jesu ba emela bo-mang?
▪ Jesu o latela mohlala oa ntate ea nang le kutloelo-bohloko setšoantšong sa hae joang?
▪ Pono ea mora e moholo ke efe ka ho amoheloa ha ngoan’abo, ’me Bafarisi ba ile ba itšoara joaloka mora e moholo joang
▪ Setšoantšo see sa Jesu se sebetsa joang mehleng ea rōna?