Pina ea 158
Bonngoe ba Rōna ba Bokreste
1. Ke mang ea tšoanang le Jehova,
Molim’o fa nang ka bonngoe?
Ke Mor’a hae ea re lopollotseng
A ba a re ruta ’nete.
Motheo oa bonngoe bona
Ke mang ha’e se Jesu Kreste (feela)?
O entse lelapa le momahaneng
La batho ba ratang ’Mōpi.
2. Re lokela ho etsa’ng rōna
Bao re leng bonngoeng le Jesu?
Ho ba ba khabane boitšoarong.
Re pake hoo ka liketso.
Ho fana ho tlisa thabo
Eo e leng tholoan’a moea (oa hae).
Re ka fa ba bang taba tse molemo
Tsa ’Mus’o tlang oa Jehova.
3. Ka puso ea oona Molimo
O ntse o re tataisa,
’Me ha re phelela ’net’ea oona,
Re tla ba bonngoeng kaofela.
Ke eng hape eo Molimo
O reng re’e bontše kamehla (eohle)?
Ke mosa, khauho le eona toka,
Re bontše ho’inyenyefatsa.