Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 85
  • Ho Batla tse Lahlehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla tse Lahlehileng
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla tse Lahlehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Thaba ha Moetsalibe a Baka
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na U Tla Etsisa Mohau oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Le Ithute ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 85

Khaolo ea 85

Ho Batla tse Lahlehileng

JESU o chesehela ho batla le ho fumana bao ka boikokobetso ba tla sebeletsa Molimo. Ka hona oa batlisisa le ho bua le e mong le e mong ka ’Muso, ho akarelletsa le baetsalibe ba tummeng haholo. Batho ba joalo joale baa atamela le ho mo mamela.

Ha Bafarisi le bangoli ba hlokomela sena, ba nyatsa Jesu ka hore o tsamaea le batho bao ba ba nkang ba sa tšoanelehe. Baa korotla: ‘Enoa o amohela baetsalibe, o ja le bona.’ Seriti sa bona se ne se ka theoloa hakaakang haeba bona ba ne ba ka etsa joalo! Bafarisi le bangoli ba talima batho feela ba maemo a tlaase joaloka lithōle tlas’a maoto a bona. Ha e le hantle, ba ne ba sebelisa polelo ea Seheberu ‛am ha·’aʹrets, “batho ba lefatše [mobu],” ho bontša ho nyatsa ha bona batho ba joalo.

Ka lehlakoreng le leng, Jesu o tšoara e mong le e mong ka tsela e nang le tlhompho, mosa, le kutloelo-bohloko. Ka baka lena, batho ba bangata ba tlaasana, ho akarelletsa le batho ba tummeng ka ho etsa lintho tse mpe, ba chesehela ho mo mamela. Empa ho thoe’ng ka ho nyatsa ha Bafarisi Jesu ka baka la ho atolosetsa ha hae thuso ho batho ba nkoang ba sa tšoanelehe?

Jesu a araba khanyetso ea bona ka ho sebelisa papiso. O bua ka mokhoa o utloisisoang ke Bafarisi, o bontša hore ba lokile ’me ba bolokehile ka lesakeng la Molimo, ha ‛am ha·’aʹrets ba nyatsehang ba khelohile ’me ba le boemong ba tahleho. Mamela ha a botsa:

“Ke ofe motho har’a lōna, ea nang le linku tse lekholo, ha a lahlehetsoe ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong feelleng, a ee ho batla e lahlehileng, a tle a be a e bone? ’Me ha a e fumane, a e nke, a e jare mahetleng a hae, a thabile. ’Me ha a fihla hae, a bokelle metsoalle ea hae le ba ahisaneng le eena, a re ho bona: Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.”

Jesu joale o bontša ho sebetsa ha moqoqo oa hae, ka ho hlalosa: “Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e tla ba teng leholimong ka baka la moetsalibe a le mong ea bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.”

Bafarisi ba ipona ba lokile ’me ba sa hloke pako. Ha ba bang ba bona ba ne ba nyatsa Jesu lilemo tse seng kae pejana ka ho ja le balekhetho le baetsalibe, o ile a ba bolella: “Hobane ha kea tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsalibe.” Bafarisi ba iponang ba lokile, ba hlōlehang ho bona bohlokoa ba ho baka, ha ba tlise thabo ea letho leholimong. Empa baetsalibe ba bakang ka ’nete ba tlisa thabo.

Ho tiisa ntlha ea hore ho khutlisoa ha baetsalibe ba neng ba lahlehile ke lebaka la thabo e khōlō, Jesu o pheta papiso e ’ngoe hape. O re: “Kapa mosali ke ofe ea nang le lidrakema tse leshome, ha a lahlehetsoe ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane? ’Me ha a e fumane, a bokelle metsoalle ea hae le ba ahisaneng le eena, a re ho bona: Thabang le ’na, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetsoe ke eona.”

Jesu o fana ka tšebeliso e tšoanang. O tsoela pele ka ho re: “Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e teng pel’a mangeloi a Molimo ka moetsalibe a le mong ea bakang.”

Kameho ee e lerato ea mangeloi a Molimo ke e ikhethang hakaakang bakeng sa ho khutlisoa ha baetsalibe ba lahlehileng! Ho joalo haholo-holo hobane bana bao e kileng ea e-⁠ba ba nyatsehang, ‛am ha·’aʹrets, ba qetella ba finyella boemo bo ba lumellang ho ba litho ’Musong oa Molimo oa leholimo. Ka baka lena, ba fumana boemo leholimong bo phahametseng ba mangeloi ka booona! Empa ho e-⁠na le hore mangeloi a ikutloe a le mōna kapa a nyenyefalitsoe, a ananela ka boikokobetso ’nete ea hore batho bana ba baetsalibe ba ile ba tobana haesita le ho hloea maemo bophelong a ba hlomelletseng ho sebeletsa e le marena a leholimo le baprista ba nang le kutloelo-bohloko le mohau. Luka 15:1-10; Mattheu 9:13; 1 Ba-Korinthe 6:2, 3; Tšenolo 20:6.

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a kopana le baetsalibe ba tummeng haholo, ’me ke nyatso efe eo a e fumanang ho Bafarisi?

▪ Bafarisi ba talima batho feela ba maemo a tlaase joang?

▪ Jesu o sebelisa lipapiso life, ’me re ka ithuta eng ho tsona?

▪ Ke hobane’ng ha ho thaba ha mangeloi ho hlile ho ikhetha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela