Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/98 leq. 7
  • “Jehova ke Mothusi oa ka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova ke Mothusi oa ka”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Entse Moea o Halalelang Mothusi oa Ka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Sebete se Tiisoang ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • E-bang Sebete ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • ‘E-ba Sebete ’me U be Matla!’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 2/98 leq. 7

“Jehova ke Mothusi oa ka”

1 Jesu ha a rōma barutuoa ba hae ba pele, o itse ho bona: “Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri.” (Mat. 10:16) Na seo se ile sa ba tšosa ’me sa etsa hore ba ikhule? Che. Ba ile ba ba le boikutlo bo ileng ba hlalosoa hamorao ke moapostola Pauluse ha a ne a re ho Bakreste-’moho le eena: ‘Le be sebete ka ho feletseng ’me le re: “Jehova ke mothusi oa ka; ha nka ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”’ (Baheb. 13:6) Ba ile ba thabela ho nkoa e le ba tšoanelang ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la Jesu, ’me ha baa ka ba phetsa ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.—Lik. 5:41, 42.

2 Mosebetsi oa ho bolela o mokhahlelong oa ho qetela kajeno. Re hloiloe ke lichaba tsohle feela joalokaha Jesu a ile a bolela. (Mat. 24:9) Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ’nile oa hanyetsoa le ho songoa, ’me likarolong tse ling tsa lefatše o bile oa thibeloa. Re ka be re ile ra tšaba hoja re ne re se na tumelo. Leha ho le joalo, ho tseba hore Jehova ke Mothusi oa rōna hoa re khatholla le ho re matlafalletsa hore re mamelle.

3 Sebete ke tšobotsi ea ho ba matla, ho se tšabe le bonatla. Se fapane le tšabo, boi le bokoala. Kamehla balateli ba Jesu ba ’nile ba hloka sebete hore ba mamelle. Sea hlokahala haeba re tla qoba ho tepelletsoa ke maikutlo le liketso tsa lefatše leo e leng sera sa Molimo. Ho re khothatsa hakaakang ho nahana ka mohlala o khethehileng oa Jesu e le mohlōli oa lefatše! (Joh. 16:33) Hape, hopolang baapostola bao har’a liteko tse matla ba ileng ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29.

4 Ha re Mofuta o Ikhulang: Re lokela ho loanela ho boloka boikutlo bo botle mabapi le mosebetsi oa rōna. (Baheb. 10:39) Kamehla re lokela ho hopola hore re rongoa ke Jehova e le pontšo ea lerato la hae le mohau molokong oohle oa batho. Ha ho mohla a kōpang bahlanka ba hae hore ba etse leha e le eng e sa phetheng morero o molemo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re abetsoeng ho e etsa e tla qetella ka ho ba molemong oa ba ratang Molimo.—Baroma 8:28.

5 Pono e nang le tšepo e tla re thusa ho tsoela pele re batla ba kang linku tšimong ea rōna. Re ka talima ho se thahaselle hoo batho ba ho bontšang e le pontšo ea ho tsieleha le ho nyahama ha bona. E se eka lerato la rōna le ka re susumelletsa ho ba le kutloelo-bohloko le ho se fele pelo. Nako le nako ha re tsamaisa sengoliloeng kapa re hlokomela tlhase ea thahasello, pakane ea rōna e lokela ho ba ho etsa leeto la ho boela kapele le ho hōlisa thahasello eo ho ea pele. Le ka mohla re se ke ra belaella tsebo ea rōna ea ho qalisa thuto ea Bibele kapa ea ho atleha ha re e khanna. Ho e-na le hoo, ka thapelo re lokela ho batla thuso ea Jehova le tataiso ea hae kamehla, re kholisehile hore o tla re thusa.

6 Re lumela ka tieo hore Jehova o tla bona hore mosebetsi o fihla qetellong ea oona. (Bapisa le Bafilippi 1:6.) Ho tšepa ha rōna ka ho feletseng hore ke eena Mothusi oa rōna hoa re matlafatsa, e le hore re se ‘tele ho etsa se setle.’—Bagal. 6:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela