Mema e Mong le e Mong ea Nyoriloeng
1 Joalokaha moprofeta Amose a boletse, lelapa la motho kajeno le hlokofatsoa ke ‘lenyora, eseng la metsi; empa la ho nyoreloa mantsoe a Jehova.’ (Amose 8:11, NW) Ho thusa batho ba boemong bona ba lenyora la moea, re ba bolella ka litokisetso tsa molimo tsa ho lopolla batho ba mamelang sebeng le lefung, tse tšoantšitsoeng khaolong ea ho qetela ea Tšenolo e le “nōka ea metsi a bophelo.” Re na le tokelo ea ho mema e mong le e mong ea nyoretsoeng ho loka hore “a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:1, 17) Re ka etsa see joang ka February? Ka ho nehelana ka buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Ho ba thahasellang kannete. U ka ’na ua rata ho leka linehelano tsena:
2 Kaha batho ba bangata ba amehile ka litaba tsa ho kula, u ka ’na ua fumana kenyelletso ena e le e thusang:
◼ “Ba bangata ba amehile ka litšenyehelo tsa ho kula tse ntseng li phahama. Mohlomong u ’nile ua nahana ka taba ena. [Emela karabelo.] Na bothata boo bo ka rarolleha ka ho sa feleng? [Emela karabelo.] Tšepo e babatsehang ke ena.” Bala Tšenolo 22:1, 2. Joale phetla buka ea Tlhōrō ea Tšenolo setšoantšong se leqepheng la 308-9, ebe u se hlalosa ka ho sebelisa serapa sa 22 leqepheng la 311. Qetella ka ho re: “Buka ena e tšohla khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e ho Tšenolo.” Nehelana ka buka ka monehelo oa kamehla. Etsa litokisetso tsa ho boela.
3 Ha u etsa leeto la ho boela u ka qala puisano ea hao ka ho re:
◼ “Ka lekhetlo la ho qetela ha ke ne ke le mona, re buisane ka pheko ea ka ho sa feleng ea mathata a ho kula. Na u nahana hore ho tla ke ho be le nako eo ka eona ho ke keng ha e-ba le motho ea kulang? [Emela karabelo.] Hlokomela polelo ena e tsotehang.” Bala Esaia 33:24. Joale u ka phetla thuto ea 5 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u tšohle serapa sa 5-6, u botse lipotso tse lumellanang le lirapa tse qalong ea thuto ena ’me le phetle mangolo a ’maloa a bontšitsoeng. Bolela hore ho felisoa ha ho kula le lefu ke karolo ea phethahatso ea morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa lefatše. Lokisetsa ho khutlela ho ea bua ka serapa sa 1-4 le sa 7 thutong eona ena.
4 Haeba batho ba sa ntse ba nahana ka litaba tsa morao-rao tse amang lefu le etsahetseng ka tšohanyetso, u ka ’na ua leka kenyelletso ena:
◼ “E ka ’na eaba u utloetse ka [bolela taba eo]. Ha bophelo bo khutsufatsoa ka mokhoa o sehlōhō, ba bangata baa ipotsa hore na ho ka fanoa ka matšeliso afe malapeng a ba shoetsoeng. U nahana joang?” Emela karabelo. Joale phetla leqepheng la 299 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo, ebe u mo bontša pono e tšoantšitsoeng ea tsoho. Tsoela pele ka ho re: “Ba bangata ba makatsoa ke ho tseba hore batho ba lokileng le ba sa lokang ba tla khutlisetsoa bophelong lefatšeng la Paradeise. [Bala Liketso 24:15 joalokaha e qotsitsoe serapeng sa 9 leqepheng la 297, ebe joale u fana ka tlhaloso e fumanoang serapeng sa 10.] Buka ena e bua ka makolopetso a mang a mangata a thahasellisang ka morero oa Molimo oa bokamoso. Haeba u batla ho ithuta ho eketsehileng ka oona, u ka iphumanela kopi ena ka monehelo oa R12,00.” Etsa litokisetso tsa ho boela, u etse hloko thahasello le kameho tse khethehileng tseo motho eo a nang le tsona.
5 Ha u boela, etsa hore nehelano ea hao e lokele mong’a ntlo. Mohlomong u ka re:
◼ “Ha re ne re bua lekhetlong le fetileng, ke ile ka ananela tlhaloso ea hao ka morero oa Molimo bakeng sa lefatše lena. [Pheta tlhaloso eo.] Ke fumane taba e ’ngoe eo ke lumelang hore e tla u khahla.” Phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 5. Ha mong’a ntlo a sa ntse a bontša thahasello, bala u be u tšohle lirapa tse ngata kamoo ho khonehang. Ka mor’a hore u behe nako eo u tla boela ka eona ho tla tsoela pele ka thuto ena, neha mong’a ntlo sememo se thathamisitseng linako tsa liboka tsa phutheho. Hlalosa ka Seboka sa Phatlalatsa, ’me u mo memele hore a be teng.
6 Haeba u khetha nehelano e bonolo e buellang pampitšana, u ka ’na ua re:
◼ “Ke rata ha u ka ba le pampitšana ena e reng Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?” E nehe mong’a ntlo, ’me u mo kōpe hore a bale ho ea hae ha u bala serapa sa pele. Mo lumelle hore a arabe potso e botsitsoeng polelong ea ho qetela. Bala serapa sa bobeli, ebe u phetla setšoantšo se leqepheng la 299 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo. Tsoela pele ka ho re: “Buka ena e fana ka makolopetso a eketsehileng ka tsoho le litšepiso tse ling tse hlollang tsa Bibele tsa nako e tlang. Haeba u ka rata ho e bala, u ka iphumanela kopi ena ka monehelo oa R12,00.” Etsa litokisetso tsa ho boela ho hōlisa thahasello ea motho eo ’neteng.
7 Ha re mema ba bang ka mokhoa o ipiletsang, hoo ho ka etsa hore ba tle ho tla noa metsi a bophelo ao Jehova a fanang ka ’ona hona joale. Ka hona, re ke re re ho e mong le e mong ea nyoriloeng, “Tloo!”—Tšen. 22:17.