Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/98 leq. 1
  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • “Le ’ne le Etse Sena”—Sehopotso se Tla Tšoaroa ka la 5 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa ka 1991
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola” Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla ba ka la 2 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 3/98 leq. 1

“Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola”

1 Batho ba na le tšekamelo ea ho lumella lintho tsa bohlokoa ho nyamela butle-butle mohopolong ha nako e ntse e feta. Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona ha Jesu a ne a hlomamisa “lijo tsa shoalane tsa Morena” a ileng a laela barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Ho tloha nakong eo, moketjaneng oa sehopotso sa lefu la Jesu, ka boikokobetso Bakreste ba ile ba tsoela pele ho “phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.”—1 Bakor. 11:20, 23-26.

2 Haufinyane, Jesu o tla amohela lehaeng la leholimo ba ho qetela ba ntseng ba qepha ba masala a “mohlape o monyenyane.” (Luka 12:32; Joh. 14:2, 3) Selemong sena masala a batlotsuoa hammoho le bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” ba tla boela ba e-ba le tokelo ea ho keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena, ka la 11 April. (Joh. 10:16; Tšen. 7:9, 10) Ho tla matlafatsoa kananelo bakeng sa lerato le leholo la Jehova ka ho romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši molemong oa batho. Ntho e tla totobatsoa ke mohlala oa Jesu, lerato la hae, botšepehi ba hae ho fihlela lefung bakeng sa ho fana ka sehlabelo sa thekollo, le ho busa ha hae hona joale e le Morena oa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng, esita le litlhohonolofatso tseo ’Muso oo o tla li tlisetsa batho. Ka sebele ke ketsahalo e lokelang ho hopoloa!

3 Lokisetsang Hona Joale: Kaofela ha rōna a re sebeletseng ho etsa hore nako ena ea Sehopotso e be ea thabo le teboho e khōlō ho rōna ka borōna le ho bohle ba tlang ho kopanela le rōna. Re ka bontša kananelo ea rōna e tebileng ka ho boela re bala litlaleho tsa Bibele tse mabapi le matsatsi a ’maloa a ho qetela a tšebeletso ea Jesu le liketsahalo tse lebisang lefung la hae. Thuto ea rōna ea lelapa libekeng tse ’maloa pele ho Sehopotso e ka akarelletsa ho hlahloba khaolo ea 112-16 bukeng ea Motho e Moholo.

4 Ke ba bakae bao u ba tsebang bao mohlomong ba ka tlang Sehopotsong haeba u ka nka bohato ba pele ho haha kananelo ea bona bakeng sa ketsahalo ee, ua ba mema le ho ba etsa hore ba ikutloe ba amohelehile? Etsa lethathamo hona joale, ’me u etse seo u ka se khonang ho ba thusa ho ba teng. Ka mor’a moo, ba thuse ho tsoela pele ho hōla moeeng ka ho ba khothalletsa ho tla libokeng kamehla.

5 Nakong ea Sehopotso, ho tla etsoa litokisetso tse khethehileng tsa ho eketsa menyetla ea ho bolela ea e mong le e mong. Ka ho etsa kemiso e molemo, na u ka ba pula-maliboho ea thusang ka April? ka May? E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho bontša hore ka kananelo re hopola sehlabelo sa Jesu ke ho bua ka Molimo oa rōna Jehova, le litlhohonolofatso tseo puso ea ’Muso ea Mora oa hae e tla li tlisa.—Pes. 79:13; 147:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela