Bana—Le Mohloli oa Thabo ea Rōna!
1 Bashanyana le banana ba banyenyane, na le tloaelane le taelo ea Jehova ea hore le akarelletsoe mesebetsing ea phutheho? (Deut. 31:12; Pes. 127:3) Ke thabo ho kopanela le lōna ha re rapela Jehova hammoho! Le thabisa lipelo tsa rōna ha le lutse le khutsitse libokeng le ho mamela ka hloko. Ho re thabisa ka ho khethehileng ha le leka ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a lōna. Phutheho eohle e thabela ha le fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ha ka cheseho le kopanela le rōna tšebeletsong ea tšimo, le ha re utloa hore ka sebete le pakela bao le kenang sekolo le bona le matichere.—Pes. 148:12, 13.
2 Re batla hore le tsebe hore re motlōtlō ka lōna ha re bona mekhoa ea lōna e metle, ponahalo ea lōna e ntle, boitšoaro ba lōna bo hloekileng le tlhompho ea lōna ho batho ba baholo. Thabo ea rōna e khaphatseha ka ho khethehileng ha le bontša hore le ‘hopola ’Mōpi oa lōna e Moholo’ ka ho ipehela lipakane tsa puso ea Molimo.—Moek. 12:1, NW; Pes. 110:3.
3 Re Bolelleng Lipakane Tsa Lōna: Moshanyana e mong ea lilemo li robeli o ile a bolella molebeli oa setereke: ‘Ntho ea pele ke rata ho kolobetsoa, joale ke tla rata ho thusa ka phuthehong ka ho sebeletsa tsamaisong ea molumo le ho tšoara li-microphone, ho ba mohlokomeli, ho thusa ka libuka, ho bala thutong ea buka le Thutong ea Molula-Qhooa. Joale ke tla rata ho ba mohlanka ea sebeletsang, joale ke be moholo. Hape ke tla rata ho ba pula-maliboho le ho ea sekolong sa bopula-maliboho. Joale ke tla rata ho ea Bethele, ho ba molebeli oa potoloho kapa molebeli oa setereke.’ Ke kananelo e babatsehang hakaakang eo a e bontšitseng bakeng sa tokelo ea ho sebeletsa Molimo!
4 Ha le ntse le hōla ’meleng le moeeng, re thabela ho bona le finyella lipakane tsa lōna. (Bapisa le Luka 2:52.) Selemo le selemo, ba likete-kete ba lōna e ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ebe joale ba tšoaneleha bakeng sa kolobetso le bahlanka ba Jehova ba inehetseng. Thabo ea rōna ea eketseha ha lekhetlong le latelang re bona le hahamalla pakane ea bopula-maliboho bo thusang esita le ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Bana, ka sebele le thabo ea rōna le mohloli o babatsehang oa thoriso ho Ntate oa rōna oa leholimo. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ka ho enneng!—Liprov. 23:24, 25.