“Le ’ne le Etse Sena”—Sehopotso se Tla Tšoaroa ka la 5 April
1. Ke hobane’ng ha ho tšoara Sehopotso e le habohlokoa?
1 “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Ka mantsoe ao, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ikhopotse lefu la hae la sehlabelo. Ka lebaka la lintho tsohle tse finyeletsoeng ka thekollo, ho Bakreste ha ho na letsatsi la bohlokoa ho feta ho tšoara Sehopotso selemo le selemo. Ha letsatsi la la 5 April, e leng leo se tla tšoara ka lona selemong sena le ntse le atamela, re ka iponahatsa re le ba lebohang Jehova joang?—Bakol. 3:15.
2. Re ka bontša joang hore re ananela Sehopotso ka ho ithuta le ho thuisa?
2 Itokise: Ka tloaelo re itokisetsa lintho tseo re nkang hore ke tsa bohlokoa. Re ka lokisetsa lipelo tsa rōna Sehopotso ka hore re le lelapa, re ithute hammoho lintho tse ileng tsa etsahala matsatsing a ho qetela a Jesu lefatšeng le ka ho thuisa ka tsona. (Esd. 7:10) Ho na le lethathamo la mangolo a seng makae le fumanehang almanakeng le bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla, athe lethathamo le feletseng la mangolo le likhaolo tse tsamaisanang le ’ona tse bukeng ea Motho e Moholo, le fumaneha Molula-Qhooeng oa February 1, 2011, leqepheng la 23-24.
3. Re ka bontša joang hore re ananela Sehopotso ka ho eketsa seabo sa rōna tšebeletsong?
3 Bolela litaba tse molemo: Re ka boela ra bontša kananelo ea rōna ka hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. (Luka 6:45) Moqebelo oa la 10 March, e tla be e le Letsatsi la rōna la Limakasine, ’me ka Moqebelo oa la 17 March, re tla qala letšolo la lefatše lohle la ho memela batho Sehopotsong. Na u ka etsa liphetoho kemisong ea hao e le hore u qete nako e eketsehileng tšebeletsong, mohlomong ka hore u be pula-maliboho ea thusang? Ho ka ba molemo hore le buisane ka sena Borapeling ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea bo latelang.
4. Re ka fumana melemo efe ha re tšoara Sehopotso?
4 Ka sebele re rua molemo haholo ka ho ba teng Sehopotsong selemo le selemo! Thabo ea rōna le lerato leo re ratang Molimo ka lona lia eketseha ha re nahana ka mosa oa Jehova oa hore ebe o fane ka Mora oa hae ea tsoetseng a ’notši e le thekollo. (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9, 10) Sena se re qobella hore re se ke ra hlola re iphelela. (2 Bakor. 5:14, 15) Se boetse se re susumetsa hore re be le takatso ea ho rorisa Jehova phatlalatsa. (Pes. 102:19-21) Re le bahlanka ba Jehova ba nang le teboho, ruri re lebeletse ka tjantjello e khōlō monyetla oo re tla ba le oona oa ‘ho phatlalatsa lefu la Morena’ ha re tšoara Sehopotso ka la 5 April.—1 Bakor. 11:26.