A re Bontšeng Hore re na le Kananelo—Sehopotso se Tla ba ka la 17 April
1. Mopesaleme o bile le maikutlo afe ao ka ho khetheha a loketseng nakong ee ea Sehopotso?
1 Kaha mopesaleme o ne a ananela mehauhelo e mengata ea Jehova le liketso tsa hae tse pholosang, o ile a botsa potso ena: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Pes. 116:12) Kajeno bahlanka ba Molimo ba na le mabaka a eketsehileng a ho leboha. Lilemo tse makholo ka mor’a hore mantsoe ana a ngoloe, Jehova o ile a fa batho mpho e khōlō ka ho fetisisa, e leng thekollo. Ha re ntse re lokisetsa Sehopotso sa lefu la Kreste se tla ba ka la 17 April, re na le mabaka a utloahalang a ho bontša hore rea leboha.—Bakol. 3:15.
2. A mang a mabaka ao re ananelang thekollo ka ’ona ke afe?
2 Mahlohonolo a Tlisoang ke Thekollo: Thekollo e etsa hore ho be bonolo hore re ‘tšoareloe libe tsa rōna.’ (Bakol. 1:13, 14) Sena se re thusa ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng. (Baheb. 9:13, 14) Kahoo, re ka bua ka bolokolohi ha re rapela Jehova. (Baheb. 4:14-16) Ba bontšang tumelo thekollong ba na le monyetla o babatsehang oa ho fumana bophelo bo sa feleng!—Joh. 3:16.
3. Re ka bontša joang hore re leboha Jehova ka thekollo?
3 Bontšang Kananelo: Tsela e ’ngoe ea ho bontša hore re na le kananelo e tebileng ke hore letsatsi ka leng re hlahlobe ’malo oa Bibele oa Sehopotso le ho nahanisisa ka oona. Sehlooho se hlahang Molula-Qhooeng oa February 1, 2011 se reng, “Na U se U Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?” se lokiselitsoe hore se re thuse ho etsa seo. Ho feta moo, re ka bolella Jehova ha re mo rapela ho tloha pelong hore na re nka thekollo e le ea bohlokoa hakae. (1 Bathes. 5:17, 18) Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re be teng Sehopotsong, re bontša hore rea leboha. (1 Bakor. 11:24, 25) Ho feta moo, re ka etsisa lerato la Jehova le leholo eaba re mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be le rōna Sehopotsong.—Esa. 55:1-3.
4. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
4 Bahlanka ba Jehova ba ananelang ba ke ke ba nka Sehopotso e le seboka se seng feela se tloaelehileng. Ke seboka sa bohlokoa ka ho fetisisa selemong! Ha Sehopotso se ntse se atamela, e se eka re ka ba le boikemisetso bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a ngola mantsoe a latelang: “Boka Jehova, Uena moea oa ka, u se ke ua lebala liketso tsohle tsa hae.”—Pes. 103:2.