Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/06 leq. 1
  • Thusa ba Bang ho Rua Molemo Thekollong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa ba Bang ho Rua Molemo Thekollong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Libokeng Kamehla?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • “Le ’ne le Etse Sena”—Sehopotso se Tla Tšoaroa ka la 5 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • A re Bontšeng Hore re na le Kananelo—Sehopotso se Tla ba ka la 17 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Leka Kahohle ho Ikhopotsa Lefu la Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 3/06 leq. 1

Thusa ba Bang ho Rua Molemo Thekollong

Sehopotso sa Lefu la Kreste se Tla Ketekoa ka la 12 April

1. Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona batho ba Molimo ba bontšang hore ba ananela thekollo?

1 “Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakor. 9:15) Mantsoe ao a hlalosa hantle kamoo re ikutloang kateng ka molemo le mosa o lerato oo Molimo a o bontšang batho ba hae ka ho fana ka Mora oa hae, Jesu Kreste e le thekollo. Ka ho khetheha, re tla bontša kananelo e joalo ka ho bokana ho tla keteka Sehopotso sa lefu la Kreste ka la 12 April.

2. Ke bo-mang ba kopanelang le bahlanka ba Jehova moketeng oa Sehopotso, hona ho hlokahala hore ba etse’ng e le hore ba rue molemo thekollong?

2 Selemo le selemo ho ba le batho ba bang ba ka bang limilione tse leshome ba kopanelang moketeng oa Sehopotso le bahlanka ba Jehova. Ka ho etsa joalo, ba bontša hore ba na le kananelo e itseng bakeng sa sehlabelo sa Kreste. Leha ho le joalo, ba lokela ho bontša tumelo thekollong e le hore ba rue molemo ho eona. (Joh. 3:16, 36) Re ka ba thusa joang hore ba be le tumelo ea mofuta oo? Nakong ena ea Sehopotso, re ka khothalletsa e mong le e mong oa bona hore a amohele thuto ea Bibele ’me a be teng libokeng tsa phutheho tsa beke le beke. Ela hloko litlhahiso tse latelang.

3. Mohlomong re ka qalisa thuto ea Bibele joang ha re memela batho Sehopotsong?

3 Lithuto Tsa Bibele: Ha u mema batho ba thahasellang hore ba tle Sehopotsong, ke hobane’ng ha u sa qalise thuto ea Bibele le bona ka buka ea Seo Bibele e se Rutang? Ithaopele ho hlalosetsa motho eo ka mokete oa Sehopotso ’me u phetle leqepheng la 206-8 ebe u tšohla sehlooho se reng “Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo.” U ka ’na ua tšohla boitsebiso boo leetong le le leng kapa a mabeli, mohlomong u khanne thuto ea Bibele u eme monyako. Ha le qetile boitsebiso boo, motho eo a ka ’na a batla ho ithuta khaolo ea 5 e reng, “Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa.” Hang ha thuto ea Bibele ea kamehla e se e qalisitsoe, khutlela morao ebe le ithuta likhaolo tse ’nè tse qalang tsa buka ena.

4. Re ka qalisa lithuto tsa Bibele le bo-mang nakong ee ea Sehopotso?

4 Re ka qalisa thuto ea Bibele le bo-mang re sebelisa tsela e boletsoeng ka holimo? Mohlomong le basebetsi-’moho le rōna ba bang, bao re kenang sekolo le bona, kapa baahelani ba rōna ba re lumellang ho qoqa le bona ka tsela eo. Re khothalletsa barab’abo rōna hore ba sebelise mokhoa oo ha ba atamela balekane ba sa lumelang ba baralib’abo rōna. U se ke ua tlōlisa beng ka uena bao e seng Lipaki mahlo. Ho feta moo, re tla rata ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho mema ba kileng ba kopanela le phutheho ka mafolofolo hore ba be teng Sehopotsong. (Luka 15:3-7) E se eka re ka thusa batho ba mofuta oo kaofela hore ba rue molemo thekollong.

5. Re ka khothalletsa liithuti tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang joang hore ba be teng libokeng tsa beke le beke tsa phutheho?

5 Liboka Tsa Phutheho: Sehopotso ke seboka sa pele seo liithuti tse ngata tsa Bibele le ba thahasellang ba tlang ho sona. Joale re ka ba khothatsa joang hore ba rue molemo libokeng tsa rōna tse ling tsa phutheho? Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leqepheng la 8 e fana ka litlhahiso tse latelang: “Bolela sehlooho sa puo e latelang ea phatlalatsa. Li bontše boitsebiso bo tla tšohloa Thutong ea Molula-Qhooa le Thutong ea Buka ea Phutheho. Hlalosa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Ha u e-na le puo sekolong, mohlomong u ka e hlahloba le tsona ha u itlhakisa. Bolela lintlha tse thahasellisang tse fanoeng libokeng. Sebelisa litšoantšo tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna ho li thusa ho bona ka mahlo a kelello se etsahalang. Li meme hore li be teng ho tloha thutong ea pele feela.”

6. Ke litsela life tse peli tseo ka tsona re ka thusang ba lipelo li ntle ho rua molemo thekollong?

6 Ha batho ba lipelo li ntle ba khanneloa thuto ea Bibele kamehla ba bile ba e-ba teng libokeng tsa phutheho kamehla, hangata ba hatela pele moeeng ka potlako. Ka hona, e se eka re ka khothalletsa ba bang ho rua molemo litokisetsong tsena tsa moea le mphong e khōlō ka ho fetisisa ea Molimo—e leng thekollo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela