Tsela ea ho Bontša Hore re Ananela Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
1. Ke hobane’ng ha re leboha Jehova haholo?
1 Jehova o re file ‘limpho tse ngata tse molemo,’ empa thekollo ea Mora oa hae eo a mo ratang, ke mpho e khōlō ka ho fetisisa. (Jak. 1:17) E etsa hore re fumane litlhohonolofatso tse ngata tse akhang tšoarelo ea libe. (Baef. 1:7) Re leboha Molimo kamehla ka mpho ena. Nako ea Sehopotso, e re fa monyetla o motle oa hore re nahanisise ka mpho ena e babatsehang.
2. Re ka etsa’ng e le hore rōna le litho tsa malapa a rōna re ananele thekollo?
2 Ba Thuse Hore ba e Ananele: E le hore u thuse lelapa la hao ho ananela thekollo, tšohlang lingoliloeng tse buang ka thekollo mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa libekeng tse tlang pele ho letsatsi la Sehopotso, e leng la 30 March. Hape tšohlang ’malo oa Bibele oa Sehopotso le le lelapa letsatsi ka leng. Motho ka mong a nahane kamoo thekollo e mo ruisitseng molemo kateng, kamoo e ammeng tsela eo a talimang Jehova ka eona, a italimang ka eona, a talimang batho ba bang ka eona le kamoo a talimang bokamoso kateng. U tla boela u rue molemo ka ho itloaetsa lipina tse peli tse tla binoa Sehopotsong, e leng pina ea 87 le ea 105.—Pes. 77:12.
3. Re ka bontša joang hore re ananela thekollo?
3 Litsela Tsa ho Bontša Kananelo: Ho ananela thekollo ho re susumelletsa hore re bue le batho ba bang ka Jehova le ka lerato leo a re bontšitseng lona ka ho romela Mora oa hae. (Pes. 145:2-7) Khoeling ea March, April le May, malapa a mang a bontša hore a ananela thekollo ka ho lokisetsa hore bonyane setho se le seng sa lelapa e be pula-maliboho ea thusang. Haeba ho sa khonehe, na u ka ‘ithekela nako’ e le hore u khathe tema e khōloanyane tšebeletsong? (Baef. 5:16) Le le lelapa, ikemisetseng ho ikakhela ka setotsoana Letsatsing la Limakasine le khethehileng e leng Moqebelo oa la 17 April. Ho ananela thekollo ho tla re susumelletsa ho thusa batho ba bang hore ba be teng Sehopotsong. (Tšen. 22:17) Qala ka ho ngola batho bao u ba etsetsang maeto a ho boela, bao u ba khannelang lithuto tsa Bibele, beng ka uena, basebetsi-’moho le uena le baahelani e le hore u ba meme, ebe u ikakhela ka setotsoana letšolong le khethehileng la ho memela batho Sehopotsong.
4. Re ka sebelisa nako ea Sehopotso joang ka bohlale?
4 Nako ea Sehopotso e re fa menyetla e eketsehileng ea ho bontša Jehova hore re ananela mpho eo a e fileng moloko oa batho. E se eka nakong ena ea Sehopotso re ka ananela thekollo le “maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste” ’me re bontše seo ka liketso.—Baef. 3:8.