Na U Tla Sebelisa Monyetla Oo?
Sehopotso se Ntseng se Atamela se re Nolofalletsa ho Leboha
1. Sehopotso se re fa monyetla ofe o ikhethang?
1 Sehopotso se tla tšoaroa ka la 14 April se re fa monyetla o ikhethang oa ho bontša ka liketso hore re leboha Jehova ka molemo oa hae. Tlaleho e ho Luka 17:11-18 e bontša hore na Jehova le Jesu ba talima teboho joang. Ka masoabi, ke molepera a le mong feela ho ba leshome ba phekotsoeng ea ileng a leboha. Nakong e tlang, mpho ea thekollo e tla phekola maloetse ’ohle, ’me batho ba tla phela ka ho sa feleng! Ha ho pelaelo hore ka nako eo re tla leboha Jehova letsatsi le letsatsi ka litlhohonolofatso tseo. Empa re ka bontša teboho ea rōna joang libekeng tse tlang?
2. Re ka ithuta ho leboha thekollo joang?
2 Ithute ho Leboha: Motho o susumetsoa ke pelo hore a lebohe. E le hore re ananele thekollo, ho entsoe kemiso ea ’malo o khethehileng oa Bibele oa Sehopotso o hlahang likhatisong tse sa tšoaneng, tse kang almanaka, Molula-Qhooa oa February 1, 2011, leqepheng la 23 le 24, bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla le appendix B12 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e nchafalitsoeng. Ho ka ba molemo hore le bale ’malo ona le le lelapa. Ha re etsa sena re tla ananela thekollo le ho feta. Ka lebaka leo, sena se tla ntlafatsa boitšoaro ba rōna.—2 Bakor. 5:14, 15; 1 Joh. 4:11.
3. Re ka bontša joang hore re ananela thekollo nakong ea Sehopotso?
3 Bontša Teboho: Teboho e bontšoa ka liketso. (Bakol. 3:15) Molepera ea nang le teboho o ile a etsa boiteko ba ho fumana Jesu le ho mo leboha. Ha ho pelaelo hore o ne a boetse a bua le batho ba bang ka cheseho ka ho phekoloa ha hae ka mohlolo. (Luka 6:45) Na ho leboha thekollo ho ka re susumelletsa ho kopanela ka cheseho phutuhong ea ho memela batho Sehopotsong? Ho ba bo-pula-maliboho ba thusang kapa ho eketsa nako eo re e qetang tšimong nakong ea Sehopotso ke tsela e ’ngoe e molemo eo re ka lebohang ka eona. Mantsiboeeng a Sehopotso, lipelo tse tletseng kananelo li tla re susumelletsa ho amohela baeti le ho ithaopela ho araba lipotso tsa bona.
4. Re ka etsa joang hore Sehopotsong see ho se be le seo re ikoahlaelang sona?
4 Na Sehopotso see e tla ba sa ho qetela? (1 Bakor. 11:26) Ha re tsebe. Empa haeba e tla ba sa ho qetela, re ke ke ra hlola re e-ba le monyetla o ikhethang oa hore re bontše teboho. Na u tla sebelisa monyetla oo? E se eka mantsoe a rōna a teboho le ho thuisa ha lipelo tsa rōna ho ka thabisa Jehova, ea faneng ka thekollo ka bolokolohi.—Pes. 19:14.