Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/13 leq. 1
  • Itokisetseng Sehopotso ka Lipelo Tse Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itokisetseng Sehopotso ka Lipelo Tse Thabileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ’ne le Etse Sena”—Sehopotso se Tla Tšoaroa ka la 5 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola” Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla ba ka la 2 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na U Itokisetsa Sehopotso?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 3/13 leq. 1

Itokisetseng Sehopotso ka Lipelo Tse Thabileng

1. Nako ea Sehopotso ke nako e khethehileng ea ho etsa’ng?

1 Sehopotso se tla tšoaroa ka Labobeli la la 26 March, se tla re fa monyetla o motlehali oa ho thabela seo Molimo a se entseng hore a re pholose. (Esa. 61:10) Le pele letsatsi la sehopotso le fihla, thabo e ka re thusa ho lokisetsa hantle. Ka tsela efe?

2. Ke eng e re susumeletsang ho lokisetsa Sehopotso?

2 Ho Lokisetsa Sehopotso: Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke ketsahalo ea bohlokoa haholo empa e hopoloa ka tsela e itekanetseng. Leha ho le joalo, e hloka ho lokisetsoa esale pele e le hore ho se ke ha lebaloa lintlha tsa bohlokoa. (Liprov. 21:5) Ho lokela hore ho khethoe nako e loketseng le sebaka se loketseng. Ho hlokahala hore ho rekoe litšoantšetso tse tšoanetseng. Sebaka seo ho tla kopaneloa ho sona se lokela ho hloekisoa hore se lokele sehopotso. Sebui se abetsoeng ho fana ka puo se lokela ho e lokisetsa ka hloko, ba fetisang litšoantšetso le bahlokomeli ba lokela ho fuoa litaelo tse hlakileng. Ha ho pelaelo hore boholo ba lintho tsena bo se bo entsoe. Teboho eo re nang le eona bakeng sa matla a pholosang a sehlabelo sa thekollo e re etsa hore re itokisetse ketsahalo ena e halalelang hamolemo.—1 Pet. 1:8, 9.

3. Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang bakeng sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

3 Lokisang Lipelo: Hape ke habohlokoa ho lokisa lipelo tsa rōna hore re utloisise ka botlalo hore na Sehopotso ke ketsahalo ea bohlokoa hakae. (Esdr. 7:10) E le hore re etse seo, re lokela ho ipha nako ea bala ʼmalo o khethehileng oa Bibele oa Sehopotso ʼme re thuise ka matsatsi a ho qetela a bophelo ba Jesu lefatšeng. Ho nahanisisa ka moea oa boitelo oa Jesu Kreste ho tla re susumelletsa hore re mo etsise.—Bagal. 2:20.

4. U thabisoa haholo ke molemo ofe oa sehlabelo sa thekollo?

4 Lefu la Kreste le tlosa qoso bobusing ba Jehova. Le re lopolla sebeng le lefung. (1 Joh. 2:2) Le re bulela tsela ea ho ba le khotso le Molimo le ea ho fumana bophelo bo sa feleng. (Bakol. 1:21, 22) Le boetse le matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho phelela boinehelo ba rōna ho Jehova le ho lula re tiile re le barutuoa ba Kreste. (Mat. 16:24) Ha le ntse le lokisetsa Sehopotso se tlang le ho ba teng ho sona, e se eka thabo ea lōna e ka hōla!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela