Na U Itokisetsa Sehopotso?
E ne e le ka la 13 Nisane 33 C.E. Jesu o ne a tseba hore ke mantsiboea a hae a ho qetela a e-na le metsoalle ea hae e meholo pele a bolaoa. O ne a tla keteka Paseka ea hae ea ho qetela le bona ebe o theha mokete o mocha o bitsoang Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ka sebele ketsahalo eo ea bohlokoa e ne e lokela ho hlophisoa hantle. Ka lebaka leo, o ile a roma Petrose le Johanne ho ea hlophisa lintho. (Luka 22:7-13) Haesale ho tloha ka nako eo, Bakreste ba ’nile ba tlameha hore ba hlophise lintho hantle e le hore ba tšoare Sehopotso selemo le selemo. (Luka 22:19) Re ka etsa’ng e le hore re itokisetse Sehopotso se tla ba ka la 3 April?
Lintho Tseo Mohoeletsi a Lokelang ho li Hlophisa:
Lokisetsa hore u be teng kamehla phutuhong ea ho memela batho Sehopotsong.
Ngola mabitso a batho bao u ithutang Bibele le bona, beng ka uena, bao u kenang sekolo le bona, bao u sebetsang le bona le batho feela bao u ba tloaetseng ’me u ba meme.
Bala ’malo oa Bibele oa Sehopotso u be u thuise ka ’ona.
Itokisetse ho amohela baeti ha u tla Sehopotsong.