Likhopotso Tsa Sehopotso
Mokete oa Sehopotso selemong sena o ka Sontaha sa la 8 April. Baholo ba lokela ho ela hloko litaba tse latelang:
◼ Ha le beha nako ea seboka, etsang bonnete ba hore litšoantšetso li ke ke tsa fetisoa ho fihlela letsatsi le liketse.
◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, ba lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona.
◼ Mofuta o nepahetseng oa bohobe le veine li lokela ho fumanoa ’me li lokisoe.—Bo-na Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 19.
◼ Lipoleiti, likhalase le tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me li behoe moo li loketseng pele ho nako.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tla tšoareloa seboka ho sona li lokela ho hloekisoa haholo pele ho nako.
◼ Bahlokomeli le ba tla fetisa litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele ka mesebetsi ea bona le tsamaiso e nepahetseng.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho leha e le ofe oa batlotsuoa ea kulang ’me a sa khone ho ba teng.
◼ Haeba motho ea khaotsoeng a e-ja litšoantšetso ha aa lokela ho baloa e le ea jeleng, empa a ka baloa a le teng.—Bona Molula-Qhooa oa February 1, 1976, leqepheng la 54.
◼ Haeba ho lokiselitsoe hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, liphutheho tseo li lokela ho sebelisana hantle e le hore li ka qoba tšubuhlellano e sa hlokahaleng liphasejeng kapa menyako, litseleng le moo ho pakoang likoloi.