Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/02 leq. 11
  • Likhopotso Tsa Sehopotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhopotso Tsa Sehopotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhopotso Tsa Sehopotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Likhopotso Tsa Sehopotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Likhopotso Tsa Sehopotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Likhopotso Tsa Sehopotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 3/02 leq. 11

Likhopotso Tsa Sehopotso

Mokete oa Sehopotso selemong sena o ka Labone la la 28 March. Baholo ba lokela ho ela hloko lintlha tse latelang:

◼ Ha le beha nako ea seboka, etsang bonnete ba hore litšoantšetso li ke ke tsa fetisoa ho fihlela letsatsi le liketse.

◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona.

◼ Mofuta o nepahetseng oa bohobe le veine o lokela ho fumanoa ’me o lokisoe.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 19.

◼ Lipoleiti, likhalase le tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me li behoe moo li loketseng pele ho nako.

◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tla tšoareloa seboka ho sona li lokela ho hloekisoa hantle pele ho nako.

◼ Bahlokomeli le ba tla fetisa litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele ka mesebetsi ea bona le tsamaiso e nepahetseng le hore ho hlokahala moaparo le boitlhopho tse hlomphehang.

◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho leha e le ofe oa batlotsuoa ea kulang ’me a sa khone ho ba teng.

◼ Haeba motho ea khaotsoeng a e-ja litšoantšetso ha aa lokela ho baloa e le ea jeleng, empa a ka baloa a le teng.—Bona Molula-Qhooa oa February 1, 1976, leqepheng la 54.

◼ Haeba ho lokiselitsoe hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, liphutheho tseo li lokela ho sebelisana hantle e le hore li ka qoba tšubuhlellano e sa hlokahaleng liphasejeng kapa menyako, litseleng le moo ho pakoang likoloi teng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela