Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 16 March
BEKE E QALANG KA LA 16 MARCH
Pina ea 65 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 21 ¶16-21, lebokose le ho leq. 217 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Samuele 5-9 (8 mets.)
No. 1: 1 Samuele 6:10-21 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Athalia (No. 1)—Sehlooho: Hlokomela Tšusumetso ea Jezebele—it-1-E leq. 209, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Boprofeta bo Mabapi le Mesia bo Ileng ba Phethahala ho Jesu—igw leq. 11 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo.”—Tite 3:1.
10 mets: Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Taiwan. Puisano e thehiloeng sehloohong se hlahang Molula-Qhooeng oa October 15, 2014, maqephe 3-6. Bahoeletsi bao ho builoeng ka bona sehloohong see ba ile ba etsa’ng e le hore ba itokisetse ho fallela naheng esele? Ba fumane litlhohonolofatso life?
20 mets: “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Ntšetsa Pele Thahasello ea Batho Bao re ba Isetsang Limakasine Kamehla.” Puisano. Ka mor’a ho tšohla sehlooho sena, suthela pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea kōpang motho eo a mo isetsang limakasine kamehla ho ithuta Bibele le eena. Ka mor’a moo, buisana le mohoeletsi ea nang le batho bao a ba isetsang limakasine kamehla. O isetsa batho ba bakae limakasine? O itokisetsa leeto ka leng joang? Kōpa hore a phete liphihlelo leha e le life tse monate.
Pina ea 101 le Thapelo