Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 9 March
BEKE E QALANG KA LA 9 MARCH
Pina ea 44 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 21 ¶9-15 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Samuele 1-4 (8 mets.)
No. 1: 1 Samuele 2:30-36 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Bibele e Boletse Eng Esale Pele Mabapi le Mesia?—igw leq. 10 (5 mets.)
No. 3: Asa (No. 1)—Sehlooho: Chesehela Borapeli bo Hloekileng—it-1-E maq. 183-185, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo.”—Tite 3:1.
10 mets: “Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo.” Puo e thehiloeng sehloohong sa khoeli. Bala Liproverbia 21:5, Tite 3:1 le 1 Petrose 3:15 ’me u li hlalose. Hlalosa hore na ho hlophisa lintho hantle ho re tsoela molemo joang. Hlalosa ka bokhutšoanyane tse ling tsa lipuo tsa Seboka sa Tšebeletso tsa khoeli ena ’me u bolele hore na li amana joang le sehlooho sa khoeli.
10 mets: Buisana le Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ke lintho life tseo u li etsang e le hore u phethe mosebetsi ua hao? U hlophisa lintho joang e le hore u tle u khanne sekolo beke le beke? Ke hobane’ng ha liithuti li lokela ho lokisetsa lipuo tsa tsona hantle? Bamameli ba tla rua molemo ofe ha ba bala boitsebiso boo re ithutang bona pele ba tla libokeng?
10 mets: “Na U Itokisetsa Sehopotso?” Puisano. Tšohla ka bokhutšoanyane boitsebiso bo hlahang leqepheng la 2 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2013. Suthela pontšo ea mohoeletsi ea amohelang moeti ea tlileng Sehopotsong.
Pina ea 8 le Thapelo