“Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola” Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla ba ka la 2 April
1. Ke hobane’ng ha letsatsi la la 2 April, 2007, e le la bohlokoa?
1 Ka la 2 April, 2007, batho ba limilione lefatšeng lohle ba tla bokana ka morero oa ho ikhopotsa lefu la sehlabelo la Jesu. Jesu o ile a shoa e le motšehetsi oa bobusi ba Ntate oa hae oa leholimo, a fana ka bopaki ba hore Satane Diabolose o ne a le leshano ha a re batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati feela. (Jobo 2:1-5) Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li boetse li re hopotsa hore ka lefu la hae e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe, Jesu ‘o fane ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:28) Ka lebaka leo, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae, a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Na kananelo ea hao bakeng sa mpho ee ea bohlokoa ea Molimo e u susumelelitse hore u qalelle ho etsa litokisetso tsa ho ikhopotsa ketso ee e ikhethang ka ho fetisisa e bontšang lerato?—Joh. 3:16.
2. Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang bakeng sa Sehopotso?
2 Lokisa Pelo ea Hao: Re ka lokisa lipelo tsa rōna bakeng sa tšebeletso ena ea Sehopotso ka ho nahana ka se ileng sa etsahala matsatsing a ho qetela a bophelo ba Jesu. (Esdr. 7:10) E le ho re thusa ho etsa joalo, kemiso ea ’malo o khethehileng oa Bibele e ka fumanoa bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo—2007 le Almanakeng ea 2007. ’Malo ona o tsamaisana hantle le matsatsi ao liketsahalo tse amanang le lefu la Jesu li etsahetseng ka ’ona ho ea ka almanaka eo re e sebelisang kajeno. Matsatsi ao ho buuoang ka ’ona litlalehong tsa Bibele a baloa ho latela almanaka ea Sejuda, eo matsatsi a eona a qalang ha letsatsi le likela ho fihlela ha le latelang le likela. Ho ile ha nahanoa ka mokhoa ona o sa tšoaneng le e meng oa ho bala matsatsi ’me o bontšitsoe kemisong ea ’malo oa Bibele oa Sehopotso. Ho hlahloba ’malo oo le ho nahanisisa ka thapelo ka lerato la Molimo le tebileng ho tla re thusa hore re rue molemo o feletseng tšebeletsong ea Sehopotso.
3. Re ka thusa batho ba thahasellang le ba sa kopaneleng tšebeletsong joang hore ba rue molemo Sehopotsong?
3 Mema ba Bang Hore ba be Teng: Kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February ho entsoe tsebiso ea hore ho tla ba le phutuho e khethehileng ea ho memela batho ketsahalong ena ea bohlokoa. Na u entse litokisetso tsa ho kopanela ka botlalo phutuhong ee? Na u ngotse lethathamo la batho bao u ba tloaetseng bao u ka ba memang, hona na u se u qalile ho ba mema? Lokisetsa hore u fihle ka nako mantsiboeeng a Sehopotso e le hore u ka amohela batho bao u ba memmeng hammoho le ba bang ba thahasellang. U ka ’na ua batla ho lula le bona, u etse bonnete ba hore ba na le Bibele le buka ea lipina. Ba tsebise batho ba bang ka phuthehong. Ka mor’a Sehopotso iphe nako ea ho araba lipotso tsa bona. Ba meme hore ba be teng puong ea phatlalatsa e khethehileng e tla fanoa ka la 15 April. Ka ho khetheha, baholo ba tla tiisa hore batho ba ’nileng ba kopanela le phutheho empa ba se ba sa kopanele tšebeletsong ba memeloa Sehopotsong le puong e khethehileng.
4. Re ka thusa batho joang hore ba hatele pele moeeng ka mor’a tšebeletso ea Sehopotso?
4 Thusa ba sa Tsoa Thahasella le ba sa Kopaneleng Tšebeletsong Hore ba Hatele Pele: Sebui se fanang ka puo ea Sehopotso se tla hlalosa ka bokhutšoanyane tokisetso ea rōna ea lithuto tsa lehae tsa Bibele ’me se khothalletse ba sa tsoa thahasella hore ba tsoele pele ho ithuta ka Jehova. U ka sebelisa mantsoe a hae e le motheo oa ho ithaopela ho fana ka thuso e eketsehileng ea moea ho batho bao u ba memmeng. Haeba ho se na motho ea ba khannelang thuto ea Bibele hona joale, tiisa hore u ba etela kapele ka mor’a Sehopotso ’me u ba bontše kamoo thuto ea Bibele e sa lefelloeng e khannoang kateng. Hape ho tla hlokahala hore ba be teng libokeng tsa phutheho e le hore ba ka hatela pele moeeng. (Baheb. 10:24, 25) Ka lebaka leo, ba khothalletse hore ba qalise ho ba teng kamehla libokeng. Baholo ba lokela ho lokisetsa ho etela Bakreste ba sa kopaneleng tšebeletsong ba bileng teng Sehopotsong ’me ba tšohle ka ho eketsehileng lintlha tse tšohliloeng puong. Sena se ka ’na sa ba khothalletsa hore ba tsosolose tšebeletso ea bona ka phuthehong.
5. Tšebeletso ea Sehopotso e ka re ruisa molemo joang?
5 Nakong ea tšebeletso ea Sehopotso re ba le monyetla o motle oa ho nahana ka ho teba ka seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona. Ho thuisa ka tsela e joalo ho etsa hore re ba rate ka ho teba ’me ho susumetsa boitšoaro ba rōna. (2 Bakor. 5:14, 15; 1 Joh. 4:11) Ena ke nako ea ho qalella ho itokisa le ho thusa batho ba thahasellang hore ba itokisetse ketsahalo ena ea bohlokoa eo ka eona re ‘phatlalatsang lefu la Morena.’—1 Bakor. 11:26.