Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka
1 Re bontša kananelo ea rōna e tebileng litšepisong tsa ’Muso oa Molimo ka ho kopanela ka pelo eohle tšebeletsong ea Bokreste. Re lokela ho kopanela mosebetsing ona ka boikutlo ba ho potlaka. Hobane’ng? Hobane basebetsi baa fokola, ’me bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo haufi, ’me bophelo ba batho ba leng tšimong ea rōna bo kotsing. (Ezek. 3:19; Mat. 9:37, 38) Boikarabelo bo boima joalo bo hloka boiteko ba rōna bo matla haholo tšebeletsong. Re ka bontša boikutlo ba ho potlaka joang mabapi le mosebetsi oa rōna oa tšebeletso ea tšimo? Ka ho lokisetsa linehelano hantle esale pele, ka ho ba hlokolosi ho batla batho hohle moo ba ka fumanoang teng, ka ho boloka tlaleho e nepahetseng ea bohle ba bontšitseng thahasello le ka ho khutlela kapele ho latella thahasello e bontšitsoeng, le ka ho hopola hore kaha ho ameha bophelo, re tlameha ho nka tšebeletso ea rōna ka botebo. Litlhahiso tse latelang li ka re thusa ha re lokisetsa ho nehelana ka litaba tse molemo ka boikutlo ba ho potlaka ka February. Re tla nehelana ka buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
2 Mohlomong u ka khona ho qalisa puisano ka hore ka bokhutšoanyane u bolele a mang a mathata ao batho ba tobaneng le ’ona; ebe joale u re:
◼ “Batho ba bangata baa lumela hore Molimo o teng, empa baa ipotsa: ‘Ke bokamoso ba mofuta ofe boo a re batlelang bona?’ U ne u ka arabela seo joang? [Emela karabo.] Na u ne u tseba hore ka ho hlakileng Bibele e hlalosa seo e leng thato ea Molimo bakeng sa moloko oa batho le mehato eo a e nkang ho e finyella?” Phetla leqepheng la 301 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo. Bala Tšenolo 21:1 serapeng sa 1 ebe joale u bala tlhaloso ea eona e fanoeng karolong e qetellang serapeng sa 2. Phetla setšoantšo se leqepheng la 302 ho bontša seo sena se se bolelang bakeng sa bokamoso ba rōna. Bala Tšenolo 21:4 serapeng sa 6. Nehelana ka buka ka monehelo oa R12,00. Lokisetsa ho khutla nakong e loketseng bakeng sa ho ntšetsa puisano pele.
3 U ka latella puisano ea nakong e fetileng ea Tšenolo 21:1, 4 ka nehelano ena e khutšoanyane: ◼ “Ketelong ea ka e fetileng re buisane ka tšepiso ea Molimo ea ho lokisetsa tsamaiso e ncha ea lefatše bakeng sa moloko oa batho. [Lebisa tlhokomelo hape setšoantšong se leqepheng la 302 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo.] Na u ka rata ho bona lelapa la hao le thabela maemo a joalo? [Emela karabo.] Potso ke hore, Na litšepiso tsa Molimo li tšepahala hakae? Ka kōpo hlokomela seo eena ka seqo a se bolelang.” Bala Tšenolo 21:5, 6a serapeng sa 8 leqepheng la 303. Botsa potso e hatisitsoeng ea serapa sa 9 leqepheng la 303, ’me u bale karabo, ho akarelletsa le polelo ea ho qetela serapeng. Bua ka tlhahiso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Lokisetsa ho bontša hore na e etsoa joang hamorao.
4 Kaha ba bangata ba amehile ka mathata a eketsehang ao moloko oa batho o talimaneng le ’ona, mohlomong u ka bua sena leetong la pele: ◼ “Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o amehile ka mathata ao re talimaneng le ’ona tikolohong ea rōna. [Bolela a seng makae.] Bo-ralipolotiki ba ’nile ba tšepisa ho fana ka litharollo tsa ka ho sa feleng, ’me ba bang ba lekile ho etsa joalo. U nahana hore ke eng se etsang hore maemo a tsoele pele ho mpefala? [Emela karabo.] Bibele e fana ka tlhaloso eo le ka mohla batho ba bangata ba e-song ho nahane ka eona. Buka ea Tšenolo e hlalosa ka ntoa e ileng ea loanoa leholimong. Hlokomela phello joalokaha e boletsoe ho Tšenolo 12:9.” Bala temana, ebe joale u phetla leqepheng la 182 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo. Sebelisa setšoantšo ho hlalosa ho kenella ha Satane litabeng tsa lefatše. Nehelana ka buka ka monehelo oa R12,00. Etsa litokisetso tsa ho khutla le ho tšohla kamoo Molimo a tla rarolla mathata a moloko oa batho kateng.
5 Haeba u tšepisitse ho khutla ho tla hlalosa tharollo ea Molimo mathateng a kajeno, u ka sebelisa katamelo ena:
◼ “Ke entse boiteko bo khethehileng ba ho khutla e le hore re ka tsoela pele ka puisano ea rōna e mabapi le tharollo ea sebele mathateng ao moloko oa batho o talimaneng le ’ona. Ketelong ea ka e fetileng, re bone hore Bibele e hlalosa Satane Diabolose e le eena ea khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona. Kaha e le sebōpuoa sa moea se phahametseng batho, na u nahana hore ho na le tsela ea ho felisa tšusumetso ea hae? [Emela karabo.] Ka kōpo hlokomela seo Bibele e se bolelang.” Bala le ho hlalosa Tšenolo 20:1-3. U sebelisa setšoantšo se leqepheng la 4-5 bukeng ea Tsebo, bontša hore na maemo a tla ba joang ha tšusumetso ea Satane e le sieo. Etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele le ho etsa boiteko ba ho e qalisa hona hoo.
6 Ka lebaka la batho ba bangata hakana ba thahasellang tikoloho, u ka qalisa puisano ka ho re:
◼ “Re fumane hore hoo e batlang e le motho e mong le e mong o amehile ka ho silafatsoa ha moea oa rōna, metsi le lijo. Linaheng tse ling boemo ba tikoloho bo se bo ntse bo sokela bophelo. Kaha Molimo ke ’Mōpi oa lefatše, u nahana hore ke eng seo a tla se etsa ka boemo boo? [Emela karabo.] Bibele e bolela hore re tla tlameha ho fana ka tlaleho ho Molimo mabapi le kamoo re sebelisang polanete ena kateng. [Bala Tšenolo 11:18b.] Ak’u nahane u phela lefatšeng le sa silafalang!” Bontša tšepiso ea Molimo ea paradeise joalokaha e bontšitsoe ho Tšenolo 21:3, 4. Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 302 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo. Nehelana ka buka ka monehelo oa R12,00 ’me u lokisetse ho khutla.
7 Ha u khutlela ho motho ea bontšitseng thahasello lefatšeng la Paradeise, u ka ’na ua re:
◼ “Ketelong ea ka e fetileng, re ile ra lumellana hore e le hore bothata ba tšilafatso ea lefatše bo ka rarolloa, Molimo o tla tlameha ho kenella litabeng tsa batho. Empa potso ke hore, Ke eng seo re lokelang ho se etsa hore re pholohele lefatšeng leo le lecha la Molimo?” Bala Johanne 17:3. Mema mong’a ntlo ho sebelisa monyetla oa thuto ea rōna e sa lefelloeng ea Bibele bakeng sa ho fumana tsebo ena e khethehileng.
8 Ke tokelo e kaakang ho sebelisoa joaloka bakotuli ba mehleng ea joale le ho etsa mosebetsi oa boboleli o pholosang bophelo! E se eka kaofela ha rōna re ka lula re le maphathaphathe ho boleleng litaba tse molemo ka boikutlo ba ho potlaka, re ntse re ‘tseba hore mosebetsi oa rōna hase oa lefeela.’—1 Bakor. 15:58.