Thusang ba Bang ho ‘Boloka Tse Ngoliloeng’
1 Ha hoa lekana ho ‘utloa’ mantsoe a boprofeta bo bukeng ea Tšenolo. Bakeng sa ho rua molemo ka botlalo, motho o tlameha ho ‘boloka’ se ngotsoeng. (Tšen. 1:3) Ho tsamaisa lingoliloeng e mpa e le bohato ba pele feela tabeng ea ho etsa barutuoa. Hang ha re fumane batho ba thahasellang ba ikemiselitseng ho utloa, re lokela ho khutlela hang-hang ho ba thusa hore ba ithute ho eketsehileng. Re ka bua ka eng leetong la rōna la ho boela?
2 Haeba ketelong ea hao ea pele u ile ua bua ka banna ba bane ba lipere ba tšoantšetso, u ka ’na ua qala moqoqo oa hao ka tsela ena:
◼ “Nakong e fetileng re ile ra buisana ka buka ea Tšenolo le kamoo boprofeta ba eona bo phethahatsoang kateng kajeno liketsahalong tsa lefatše. Tšenolo khaolo ea 6 e ile ea bolela esale pele ka ho kalla ha banna ba bane ba lipere ba tšoantšetso, ho neng ho tla fella ka pefo e ngata le tsieleho lefatšeng. Re bone sena se etsahala hantle ka pel’a mahlo a rōna. Ba bangata ba ipotsa hore na ho tsieleha hona ho tla fela neng e le hore re ka thabela bophelo lefatšeng le nang le khotso. Maikutlo a hao ke afe? [Emela karabo.] Barutuoa ba Jesu ba ne ba thahasella karabo ea potso ena.” Bala Mattheu 24:3, moo ho botsoang potso ena, ebe u bala le temana ea 34, moo Jesu a faneng ka karabo. Haeba karabelo e le ntle, hlalosa ho eketsehileng ka mehla ea qetello.
3 Haeba ketelong ea pele u ile ua bua ka ’Muso oa Molimo, u ka rera ho tsoela pele ka ho botsa potso ena:
◼ “Ka maikutlo a hao, ho hlokahala puso ea mofuta ofe ho khotsofatsa litlhoko tsohle tsa moloko oa batho? [Emela karabo. Bala Jeremia 10:23.] Joalokaha u ka hlokomela, ha ho mohla Molimo a kileng a rera hore motho o lokela ho laola litaba tsa hae. Boiteko ba ho etsa seo ntle ho thuso ea Molimo ke sesosa sa boholo ba mathata a rōna. ’Muso oa Molimo ke eona feela puso e ka fanang ka seo re se hlokang.” Phetla leqepheng la 340 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ebe u tšohla mangolo a leng tlas’a sehloohoana sa bone. Ntšetsa puisano pele ka ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho beha tšepo ea rōna e feletseng ho Molimo.
4 U ka ’na ua rata ho leka sena ho qala puisano ea Mangolo:
◼ Bontša setšoantšo se leng leqepheng la 302 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo, ’me u hlalose: “Moloko oa batho o tla thabela maemo ana ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Leha ho le joalo, ba bang ba tšaba hore maemo a mabe a tla khutla. Sena se ke ke sa etsahala hobane batho bohle ba khopo ba tla be ba felisitsoe.” Bala Pesaleme ea 37:10, 11. Mema mong’a ntlo hore a ithuise molemo ka lenaneo la rōna la thuto ea Bibele e le hore a ka ithuta ho eketsehileng.
5 Haeba u siile pampitšana ea “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso,” bontša setšoantšo se leng sekoahelong ebe u bala serapa sa 1 tlas’a sehlooho “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Molimo.” Ebe u re:
◼ “Haeba re batla ho phela lefatšeng le tjena, ho na le ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa.” Bala serapa sa ho qetela, ebe u nehelana ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo.
6 Kaha sepheo sa rōna ke ho qala lithuto tsa Bibele, ho hlokahala hore re etse maeto a atlehang a ho boela. Behella nako ka thōko bakeng sa ’ona, ’me u lokisetse hantle. Ka tsela ena ruri re tla thusa ba tšepahalang.—Tšen. 22:6, 7.