Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/95 leq. 8
  • Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšenolo—Liphiri li Koahollotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Thusang ba Bang ho ‘Boloka Tse Ngoliloeng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ba Thuseng ho Utloisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 3/95 leq. 8

Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’

1 Re phela nakong ea ha boprofeta bo leng bukeng ea Tšenolo bo phethahala. Ba bangata ba batla ho utloisisa moelelo oa liketsahalo tse ferekanyang tse etsahalang. Ba ka rua molemo ka ho ‘utloa mantsoe’ a boprofeta ba Tšenolo. (Tšen. 1:3) Khoeling ea March, re na le monyetla oa ho ba thusa ka ho buella buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. Ha re nehelana ka eona re lokela ho hopola hore mathata ao moloko oa batho o tobaneng le ’ona kajeno a ile a boleloa esale pele bukeng ea Tšenolo. Joale re ka re’ng?

2 Katamelo ena e ka ’na ea atleha:

◼ “Ntoa, tlala ea sekoboto le mafu li hlasetse moloko oa batho lekholong lena la bo20 la lilemo. U nahana hore sena se bakoa ke eng e mpa e le hore motho o entse tsoelo-pele e kaale linthong tsa saense? [Emela karabo.] Ba bangata ba makatsoa ke ha ba ithuta hore maemo ana a ile a boleloa esale pele ka Bibeleng. Mohlomong u tloaelane le polelo e reng ‘banna ba bane ba lipere ba Tšenolo.’ Seo Bibele e se bolelang ka banna bana ba lipere ha e le hantle ke boprofeta bo phethahatsoang ke liketsahalo tsa lefatše kajeno. [Phetla buka ea Tlhōrō ea Tšenolo khaolong ea 16, ’me u bue ka litšoantšo tse leng maqepheng a 91-7.] Le hoja boprofeta bona bo bolela esale pele ka nako ea tsieleho e khōlō, bo boetse bo fana ka tšepo. [Bala Tšenolo 6:2 serapeng sa 3.] Mokalli oa pere e tšoeu ke Jesu Kreste. O tšepisitse hore o tla hlōla bokhopo ’me a tlise lefatše la thabo le khotso ka ’Muso oo a re rutileng ho o rapella.” Buella buka.

3 Mohlomong potso ena e ka ’na ea tsosa puisano e nang le moelelo:

◼ “U nahana hore ho hlokahala eng ho tlosa maemo a mabe lefatšeng? [Emela karabo.] Batho ba bangata baa lumela hore ho hlokahala liphetoho tse potlakileng haeba lefatše lena le tla pholoha. Bibele e bontša hore Molimo o tseba kamoo a ka rarollang mathata a rōna ’me o tšepisitse ho re thusa.” Phetla buka ea Tlhōrō ea Tšenolo, leqepheng la 171, ebe u bala Tšenolo 11:15 serapeng sa 1. Phetla litšoantšong tse leng maqepheng a 302 le 308, ’me u bue ka litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke puso ea ’Muso oa Kreste. Ebe u hlalosa kamoo mong’a ntlo a ka ruang molemo ka boeena.

4 Mohlomong u tla ikutloa u phutholohile ho bua mantsoe a kang ana:

◼ “Batho ba bangata ba balileng buka ea Bibele ea Tšenolo ba fumane ho le thata ho e utloisisa. E hlalosa liketsahalo tse fapa-fapaneng tse sa tloaelehang le tsa bohlokoa. Buka ena, Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e tšohla buka eohle ea Tšenolo temana ka temana ’me e bontša hore na ka bomong re angoa joang ke ho phethahala ha boprofeta ba eona.” Phetla buka leqepheng la 15, serapeng sa 2, ebe u bua ka Tšenolo 1:1, e ngotsoeng ka mongolo o motenya. Hlalosa hore litlhaloso tse tobileng tsa mofuta ona li fanoe temaneng e ’ngoe le e ’ngoe bukeng ea Tšenolo le hore boitsebiso bona bo tla mo thusa ho utloisisa boprofeta bona bo hlollang. Tsamaisa buka ka monehelo oa R10,50.

5 Haeba motho a tšoarehile kapa a hana ho nka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo, u ka ’na ua nehelana ka limakasine tse peli kapa pampitšana. Tiisa hore ua khutla ho tsosa thahasello e eketsehileng molaetseng oa ’Muso.

6 Molaetsa o leng ho Tšenolo o ama moloko oohle oa batho. Ho hlokahala hore e mong le e mong a utloe mantsoe a boprofeta bona. E se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho phatlalatsa molaetsa ona oa bohlokoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela