Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/95 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Lipampitšana ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Hopolang ho Sebelisa Libukana tse Lekanang le Makasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 3/95 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Re lokela ho hlokomela joang lintho tseo re li sebelisang mosebetsing oa bopaki?

1 Le hoja mohoeletsi oa litaba tse molemo a ka ba le nehelano e loketseng ea Mangolo ka kelellong, a ka ’na a fumana hore ha aa itokisa tabeng ea lintho tseo a li sebelisang. Ha a le monyako, a ka ’na a hloka sengoliloeng se tsamaisoang ka nako eo. Limakasine, libuka tse lekanang le makasine, le lipampitšana tse leng ka mokotleng oa hae oa tšimo e ka ’na eaba li sosobane kapa li tabohile. A ka ’na a se khone ho fumana pentšele kapa tlaleho ea ntlo le ntlo hobane mokotla oa hae o sa hlophisoa hantle. Ho bohlokoa ho ela hloko ka ho fetisisa lintho tseo u li sebelisang pele u kopanela tšebeletsong ea tšimo.

2 Mokotla oa tšimo o hlomeletsoeng hantle o lokela ho ba le lintho life? Bibele ea hlokahala. Akarelletsa le litlaleho tsa ntlo le ntlo. Tiisa hore u na le sengoliloeng se tsamaisoang khoeling eo. Ho boetse ho hlokahala litokollo tsa morao-rao tsa limakasine, haesita le lipampitšana le libuka tse lekanang le makasine. Nka kopi ea buka ea Ho Bea Mabaka. Ho ba le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea morao-rao ho tla u lumella hore u ikhopotse linehelano tseo ho entsoeng tlhahiso ea hore li sebelisoe pele u e-ea monyako. Ha u sebetsa tšimong eo ho ka etsahalang hore u kopane le batho ba buang puo esele, ho tla ba hotle ho ba le bukana Good News for All Nations. Ho ba le kopi ea e ’ngoe ea lingoliloeng tsa rōna tse etselitsoeng bacha ho tla u thusa hore u lokele ho bua le bacha.

3 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisoang e lokela ho behoa ka makhethe ka mokotleng. Ha ho hlokahale hore mokotla o be mocha, empa o lokela ho hloeka ’me o be boemong bo botle. Mokotla oa hao oa tšimo ke karolo ea thepa eo u e sebelisang ho phatlalatsa litaba tse molemo. Etsa hore o lule o le makhethe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela