Tšenolo—Liphiri li Koahollotsoe
1 Buka ea Tšenolo e ’nile ea ba sephiri ka nako e telele. Ka makholo a lilemo litsebi tsa Bibele li ’nile tsa batla ho koaholla liphiri tsa eona, empa e le ka katleho e nyenyane. Empa boitsebiso bo bululetsoeng ke Molimo ba Tšenolo bo ne bo sa rereloa ho lula e le sephiri ka ho sa feleng. Ke karolo ea Lentsoe la Molimo eo re lokelang ho e utloisisa. (2 Tim. 3:16, 17) Ka ho thabisang, Molimo o koaholla Tšenolo ha boprofeta ba eona bo hlasimollang bo phethahala mehleng ea rōna. Joalokaha Jehova a ile a sebelisa Johanne ho tsebisa Bakreste-’moho le eena lipono tsena, kajeno O sebelisa ‘lekhoba le tšepahalang’ ho koaholla se boleloang ke boprofeta bona bo thabisang.—Matt. 24:45-47; Tšen. 1:1-3.
2 Mpho ea Buka ka March: Buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e ile ea ruta ’me ea khothatsa batho ba Molimo haholo. Empa ke hobane’ng ha batho ba tšimong ea lōna ba lokela ho e thahasella? Hobane khatiso ena e hlasimollang e bua ka liketsahalo tsa makhaola-khang tse etsahalang mehleng ena ea bofelo tse hlalositsoeng bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Na batho ba nahanang ha ba thahaselle bokamoso bo senotsoeng ke Molimo? Le hoja buka ea Bibele ea Tšenolo e bontša likahlolo tse lokileng tsa Molimo, e boetse e fana ka litšepiso tse babatsehang tsa nako e tlang. (Tšen. 21:1-5) Ho utloisisa molaetsa oa eona o bululetsoeng ho re thusa ho hlokomela hore na re hokae kemisong ea nako ’me ho tebisa ka ho rōna hore ho potlakile ho etsa thato ea Molimo.
3 Na buka ea Tlhōrō ea Tšenolo e tebile haholo bakeng sa batho ka kakaretso hore ba ka e utloisisa? Kamoo ho bonahalang ka teng, ba bangata ha baa e fumana e le thata hakaalo. Hlokomela litlhaloso tse ’maloa feela ho tse ngata tse fanoeng ke babali ba buka ena. Monna e mong o itse: “Boitsebiso bona bo matla. Empa boa thahasellisa. Kea bo rata.” Moruti e mong o itse: “Ha ho mohla nkileng ka tseba kapa ka bala ntho e hlasimollang le e nang le ’nete joaloka buka ena!” Motho e mong ea ileng a qeta buka ena pele beke e fela o itse: “Hona joale mahlo a ka a tutubulletsoe ’nete. Ke batla ho fetola bophelo bohle ba ka.” Ka ho hlakileng, batho ba bangata ba thabisoa ke ho bala buka ea Bibele ea Tšenolo ka ho e utloisisa ka lekhetlo la pele bophelong ba bona le ho phela tumellanong le mantsoe a eona.
4 Buella Tlhōrō ea Tšenolo ka Tieo ho ba Bang: Ha u e-ba le lipuisano tsa Mangolo le ba bang ka March, u se ke ua tsila-tsila ho bontša batho ba thahasellang buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. Bolella ba lakatsang ho e bala hore ba tšoaee likarolo tse bukeng tseo ba sa li utloisiseng, ’me etlare ha u khutla, u tla buisana le bona ka lintlha tseo. Ena e ka ba tsela ea ho bona hore na ba thahasella hakae ’me ea fana ka motheo o eketsehileng oa ho etsa leeto la ho boela.
5 Ho phaella ho nehelaneng ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ba bangata ba ile ba atleha ho nehelana ka eona ka mokhoa o sa reroang ho beng ka bona, metsoalle, le ho batho bao ba kopanang le bona mesebetsing. Totobatsa kamoo u ruileng molemo ka teng litšoantšong tse hlakileng, lichateng tse nang le thuso, le lithusong tse ling tsa ho ithuta tse babatsehang tse leng bukeng. Sena se ka khothalletsa ba bang ho hlahloba buka ea Tšenolo, le hoja ba ne ba nahana hore e tebile haholo hore ba ka e utloisisa.
6 Re na le tokelo e khōlō hakaakang ea ho tseba liketsahalo tsa nako e tlang tse senotsoeng bukeng ea Tšenolo ’me tsa hlalosoa ke mocha oo Molimo o o sebelisang kajeno! Kaha re nehiloe tsebo e joalo, ho fapana le bangoli ba mehleng ea Jesu le baruti ba kajeno, le ka mohla re se ke ra hlōleha ho tsebahatsa kapa ho koaholla se boleloang ke Lentsoe la Molimo ho ba tla mamela. (Bapisa le Luka 11:52.) Ha re etsa joalo, re tšepa hore ba bangata ba tla amohela tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo ’me ba kopanele le rōna ho etsa thato ea ’Mōpi oa rōna.—Tšen. 4:11.