Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
1 “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi.” (Tšen. 1:3) Mantsoe ao a hatisa hore na buka ea Tšenolo ke ea bohlokoa hakae, haholo-holo hobane re phela nakong e behiloeng eo ho eona boprofeta bo bongata ba eona bo phethahalang. Ke ho loketseng hore ebe ho tloha bekeng ea la 8 January, 2007, re tla qala ho ithuta buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Thutong ea Buka ea Phutheho.
2 Boemo ba lefatše bo fetohile ka litsela tse ngata ho tloha ha re ne re qetela ho ithuta buka ea Tlhōrō ea Tšenolo Thutong ea Buka ea Phutheho. (1 Bakor. 7:31) Ho feta moo, ba bangata ba sa tsoa kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso ha ba e-s’o ka ba e-ba le monyetla oa ho kopanela ha ho hlahlojoa buka ea Tšenolo temana ka temana. Ho ithuta buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ho tla thusa e mong le e mong oa rōna ho lula a falimehetse liketsahalo tse larileng ka pele.—Tšen. 16:15.
3 Ikemisetse ho ba teng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Boitsebiso bona bo ke ke ba re thusa feela ho lula re lebetse empa hape melaetsa e tsoang ho Jesu e eang liphuthehong tse supileng e tla re thusa ho qoba maemo a ka ’nang a re lematsa moeeng le ho re sitisa ho kopanela tšebeletsong.—Tšen. 1:11, 19.
4 Lokisetsa Hantle: Pele u ea thutong e ’ngoe le e ’ngoe ea buka, bala litemana tse tla hlahlojoa bukeng ea Tšenolo. Hlokomela mabaka a Mangolo a hlalosang temana ka ’ngoe. Etsa boiteko ba ho utloisisa lintlha ka tsela e tla u susumetsa pelo. (Neh. 8:8, 12) Iphe nako ea ho thuisa le ho ipotsa lipotso tsena: ‘Ntlha ee e mpolella eng ka Jehova le ka ho phethahala ha morero oa hae? Nka phela tumellanong le morero oa hae joang le ho thusa ba bang?’
5 Ho se ho fetile lilemo tse 92 ho tloha ha ‘letsatsi la Morena’ le qala ka 1914. (Tšen. 1:10) Liketsahalo tsa bohlokoa tse boletsoeng esale pele bukeng ea Tšenolo li se li le haufi le ho phethahala. Ho ithuta buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ho tla re tsosa molota ho be ho matlafatse tumelo ea rōna mabapi le hore ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ le lefatše le lecha li haufi.—Tšen. 16:14; 21:4, 5.