Latella Thahasello Hang-hang
1 “Seo u ka se etsang kajeno le ka mohla u se ke ua re u tla se etsa hosesane.” Batho ba bangata ba tloaelane le maele ana a Senyesemane a khothalletsang hore lintho tsa bohlokoa li etsoe hang-hang. Phihlelo e latelang e bontša hore re ka sebelisa molao-motheo ona tšebeletsong ea rōna.
2 Khaitseli o ile a tsamaisetsa monna e mong buka ’me a tšepisa ho khutla. Ha etsahala hore ka phoso khaitseli e mong a ee ntlong eona eo hora hamorao. Monna enoa o ile a hlaha monyako a tšoere buka ka letsoho ’me a re ho khaitseli: “Ha u ne u re u tla khutla, ke ne ke sa nahane hore e ne e tla ba kapele hakana, empa kena, ke se ke ntse ke loketse ho ithuta.”
3 Le hoja ho ka etsahala ka seoelo hore ho be le leeto la ho boela le etsoang kapele hakaalo, phihlelo ena e totobatsa tlhokahalo ea hore re falimehele ho latella thahasello eo re e fumanang tšebeletsong ea rōna ntle ho tika-tiko. Ka March re tla be re nehelana ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. Liketsahalo tsa lefatše li etsa hore ho hlake hore khatiso ena, e hlalosang buka ea ho qetela Mangolong a Segerike a Bakreste, e nakong joaloka litlaleho tsa kajeno tsa likoranta, seea-le-moea, le TV ka liketsahalo tsa lefatše tse amang bophelo ba batho bohle ka ho toba.
4 Batho ba Hloka Thuso e Eketsehileng: E le hore re ka thusa batho ho utloisisa boitsebiso bo leng khatisong ena le hore ba utloisise hore bo ama bophelo le bokamoso ba bona, ho hlokahala hore re etse tokisetso ea ho etsa leeto la ho boela, haholo-holo matsatsing a ’maloa ka mor’a ketelo ea pele. Re tla etsa see joang? Mohlomong ho tsebisa motho hore u tla khutla ho tla u thusa ho bona hore na o thahasella hakae.
5 Betla Tsela ea Leeto la ho Boela: Ha se ka mehla ho leng bobebe lefatšeng la kajeno hore u fumane nako, ’me le mong’a ntlo a ka ’na a lebala tumellano eo le e entseng ea nako. Leha ho le joalo, haeba u ngola ka hloko nako ea leeto le joalo la ho boela ’me u kholisehile hore u tla khutlela—haeba ho ka etsahala e be nakong ea matsatsi a ’maloa—u tla be u phetha boikarabelo ba hao ba ho nka ka ho teba nako eo le lumellaneng ka eona. Haeba mong’a ntlo a le sieo lapeng, etsa bonnete ba hore u tsoele pele ho leka ho mo fumana. A ka ’na a susumelletseha hore a nke ketelo ea hao ka ho teba ha a bona boikemisetso ba hao ba ho mo fumana lapeng.
6 Kaha re ke ke ra kholiseha ka ho felletseng lekhetlong la pele ka thahasello e bontšitsoeng ke motho, ngola hore u tla etsa leeto la ho boela esita le haeba ho e-na le thahasello e fokolang. Ke habohlokoa ho latella thahasello e joalo hang-hang. Ho ka etsahala hore u tsositse thahasello ea motho eo bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo, ’me ha u boela, u ka ’na ua makatsoa ke kamohelo e mofuthu eo u e fuoang. Kahoo, kholiseha hore u latella thahasello hang-hang!