Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March
Beke e Qalang ka March 2
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bontša kamoo lihlooho tse khethehileng tse limakasineng tsa morao-rao li ka sebelisoang ka teng mosebetsing oa limakasine ka Moqebelo.
20 mets: “Tšenolo—Liphiri li Koahollotsoe.” Sehlooho se koaheloe ka lipotso le likarabo. Totobatsa nehelano e tla sebetsa sebakeng sa lōna ha ho nehelanoa ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. Kopanyelletsa le lipontšo tse khutšoaane tse bontšang kamoo ho ka hlōloang likhanyetso tse tloaelehileng. Haeba mong’a ntlo a re: “Re na le bolumeli ba rōna,” ’motse ka bohlale: “Na haufinyane tjee le kile la ba le lipuisano kerekeng ka buka ea Bibele ea Tšenolo?” Etsa hore puisano e be e fihle moo u tla bala Tšenolo 1:3. Ho ka ’na ha botsoa le potso ena: “Maikutlo a kereke ea hao ke afe ka buka ea Tšenolo?”
15 mets: “Linehelano Tseo Batho ba Arabelang ho Tsona.” Puisano ka moholo ea nang le phihlelo le bo-pula-maliboho kapa bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo. Bua ka likatamelo tse ka sebetsang tšimong ea lōna.
Pina 15 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 9
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa ba lokisetsang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April hore ba fumane foromo ea kōpo ’me ba e khutlise kapele.
15 mets: “Latella Thahasello Hang-hang.” Puisano ea lipotso le likarabo.
20 mets: “Ke Tla Re’ng ho Tsosa Thahasello e Eketsehileng?” Etsa lipontšo tse peli kapa tse tharo tse lokiselitsoeng hantle. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, utloa ho bamameli hore na ke hobane’ng ha ba ikutloa hore nehelano eo e ka atleha ho eketsa thahasello ea mong’a ntlo.
Pina 19 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 16
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Kopanyelletsa le liteboho tsa Mokhatlo ka menehelo. Babatsa baena ka ho latela molao-motheo o ho Deuteronoma 16:17.
15 mets: “Tsebahatsang Liketso tsa Jehova.” Puisano ea lipotso le likarabo. Khothalletsa bohle ka mofuthu hore ba sebelisane ’moho ho etsa April khoeli e khethehileng ea tšebetso.
20 mets: Moholo o tšoara puisano le bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ba tla nka bopula-maliboho bo thusang ka April kapa ba ileng ba bo nka nakong e fetileng. Utloa hore na ke eng e ba susumellelitseng ho bula maliboho, ba entse litokisetso life bakeng sa April, le liphihlelo leha e le life tseo ba bileng le tsona nakong e fetileng ha e ne e le bo-pula-maliboho ba thusang. Bolela mabitso a ba seng ba amohetsoe ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April.
Pina 123 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 23
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Ba khothalletse ho nahanela ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ka April. Bolela litokisetso tsa ho mema batho ho tla puong e khethehileng ka April 5 le hore ho tle ho etsoe tšebetso e eketsehileng ka April.
15 mets: Molebeli oa Tšebeletso o bua ka mesebetsi e khethehileng ka April e lokiselitsoeng phutheho. Bua ka lengolo la February 25, 1992, le ngoletsoeng baholo bohle. Na bahoeletsi ba se ba qetile litokisetso tsa bona tsa ho nka bopula-maliboho ka April? Puo e khethehileng e tla ba ka April 5 ’me Sehopotso se be ka April 17. Re batla ho tsamaisa limakasine tse ngata kamoo re ka khonang ka teng ka April, haholo-holo letsatsing le khethehileng la limakasine, April 11. Ho entsoe litokisetso life bakeng sa phutheho ea lōna? Khothalletsa bohle hore ba tšehetse litokisetso tsena ’me ba be le karolo mosebetsing oa limakasine mafelo a mang le a mang a beke ka April. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho khothatsa le ho tšehetsa mohoeletsi ka mong sehlopheng sa bona hore a be le karolo e bonahalang tšebeletsong le ho tlisa tlaleho hang-hang bofelong ba April.
15 mets: Moholo o bua ka Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1990. Ka mor’a hore taba ena e hatisoe ’me ho buisanoe ka eona, ho hlokometsoe hore batho ba bangata ba sa ntsane ba sa apare ka ho loketseng ha ba etela ofising ea lekala. Taba ena e sebetsa le ha ho eteloa Liofisi tsa Phetolelo Namibia tse Windhoek, kaha ka sebele tsena li nkoa e le karolo ea lekala la Afrika Boroa. Hlophisa pontšo ea mohoeletsi ea hlalosetsang seithuti sa hae sa Bibele boitsebiso bona pele ho leeto leo ba le hlophisitseng la ho ea Bethele. (2-3 mets.)
Pina 213 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka March 30
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ka phutuho ea lipeeletso tsa Molula-Qhooa ka April le May. Moo ho sa fumanoang peeletso, ho ka nehelanoa ka limakasine tse peli le kopi ea bukana leha e le efe e lekanang le makasine (ntle le bukana e lekanang le makasine ea Sekolo).
12 mets: “Etsang Hona Hore le Tle le ’Ne le Nkhopole.” Puo ka molebeli ea okamelang ’me bamameli ba kopanele. Kopanyelletsa le boitsebiso bo lebokoseng.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e susumetsang e thehiloeng boitsebisong bo tokollong ea September 15, 1991, ea Molula-Qhooa “Lipapiso—Senotlolo sa ho Finyella Lipelo.” Etsa tlhahiso ea lipapiso tse ka lokelang tšimo ea lōna le linehelano tsa hona joale.
10 mets: Liphihlelo tse fumanoeng ha ho sebelisoa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ka March. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse khethiloeng tse ntle ha nako e lumela.
Pina 72 le thapelo e koalang.