Linehelano Tseo Batho ba Arabelang ho Tsona
1 Linehelano tseo batho ba arabelang ho tsona ke tse bontšang ka ho hlaka kamoo taba eo ho tla buisanoa ka eona e amang mong’a ntlo ka teng, hore ke ntho eo a e hlokang kapa eo a ka e sebelisang. Moqoqong oa hao kaofela, thusa mong’a ntlo ho hlokomela hore, “Sena sea nkama.” Ha re lokisetsa nehelano, re lokela ho ipotsa: ‘Tšimong ea rōna, ke litaba life tseo batho ba amehileng ka tsona haholo? Litlhoko tsa bona ke life? Nka nehelana joang ka molaetsa ho ba bontša hore Jehova o nahana ka litlhoko tsa bona?’ Lirapeng tse ka tlaase ho thathamisitsoe lintho tse ’maloa tseo batho ba nang le thahasello e khōlō ho tsona kajeno. Na u ka sebelisa e le ’ngoe ea tsona kapa ho hong ho tšoanang nehelanong ea hao? Hape u hlokomele kamoo lintlha tsa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo li ka kopanyelletsoang ka teng.
2 Ho Ameha ka ho Haella ha Thabo: “Re buisana le batho ba hlileng ba amehileng ka mofuta oa bophelo bo pheloang sebakeng sa rōna. Le hoja batho ba e-na le lintho tse bonahalang tse hlokahalang, ba bangata ehlile ha baa thaba bophelong. Na u nahana hore ho ka etsahala hore re thabele bophelo bo thabileng e le kannete? [Emela karabo.] Se seng sa linotlolo tsa thabo se fumanoa ka Bibeleng ho Tšenolo 1:3. [E bale.] Ho utloisisa seo Tšenolo e se bolelang ka bokamoso ho ka u tlisetsa thabo. Hlokomela boprofeta bo le bong feela ba eona.” Bala Tšenolo 21:3, 4 ebe u supa setšoantšo se ho leqephe 302 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo.
3 Ho Ameha ka Bokamoso: “Re leka ho abelana le baahisani ba rōna pono e nang le tšepo ka bokamoso. Na le uena u leka ho talima bophelo ka tsela eo? [Emela karabo.] Ho latela Bibele, re na le lebaka la ho ba le tšepo haeba re etsa se boletsoeng ho Tšenolo 1:3.”
4 Ho Ameha ka ho ba le Bophelo bo Botle: “Batho ba bangata motseng oa rōna ba amehile ka ho ba le bophelo bo botle. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mekhoa eo re e sebelisang bakeng sa ho itšireletsa, re ntse re kula. Na u ka thabela ho phela lefatšeng leo ho lona e mong le e mong a tla thabela bophelo bo phethahetseng le matla? Le hoja ho bonahala ho le thata ho ho lumela, buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka nako e joalo ’me e re bolella hore e se e le haufi haholo.” Bala Tšenolo 21:3, 4. Joale u ka supa setšoantšong se ho maqephe 308-9 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo, o ’montše kamoo batho ba tla kopanela ka teng litokisetsong tsa bophelo Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.
5 Ho Ameha ka Tšilafalo le Tikoloho: “Ha re ntse re buisana le baahisani ba rōna, re fumane hore ba bangata ba amehile ka tsela eo moea, metsi, le lijo li silafatsoang ka eona. Na u nahana hore mebuso e tla ke e felise see? [Emela tlhaloso.] Hoa khothatsa ho hlokomela seo Bibele e bolelang hore se tla etsahalla ba senyang lefatše.” Bala Tšenolo 11:18b. Totobatsa hore ka ntle le ho felisa ba senyang lefatše, ke morero oa Molimo hore ba bonolo ba etse lefatše paradeise, joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 37:10, 11 kapa Esaia 65:21, 22.
6 Ho ba Sekametseng Bolumeling: “Re ntse re botsa baahisani ba rōna potso e reng: Na u nahana hore buka ea Tšenolo e ne e etselitsoe hore re e utloisise, kapa hore e ’ne e lule e le sephiri? [Emela tlhaloso.] Batho ba bangata ba lumellana le uena. Hlokomela se boleloang ke Bibele ho Tšenolo 1:3.”
7 Ha u ntse u leka ka tieo ho finyella lipelo tsa batho ba u mamelang, ke ba lapetseng ’nete le ho loka ba tla arabela.—Matt. 5:3, 6.