Ke Tla Re’ng ho Tsosa Thahasello e Eketsehileng?
1 Karolo e khōlō morerong oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo ke ho etsa barutuoa, eseng feela ho siea lingoliloeng. Ka baka leo, ka mor’a ho hlokomela thahasello, ho hlokahala hore re hlaolele ’me re hlokomele peō e jaliloeng, re etse karolo ea rōna ho hōlisa tikoloho e ntle eo ho eona Jehova a ka thusang motho hore a hōle moeeng. (1 Ba-Kor. 3:6) U ka re’ng ha u khutla ka mor’a ho sebelisa linehelano tsa pele tse boletsoeng ka holimo? Litlhahiso tse ling ke tsena bakeng sa maemo a sa tšoaneng ao u ka ’nang ua teana le ’ona.
2 Ho Hlaolela Thahasello e Fumanoeng: “Nakong e fetileng ha re ne re buisana hakhutšoaane, u ne u hlile u tšoarehile, empa u ile ua ipha nako ea ho bolela kamoo u amehileng ka teng ka bokamoso. Joalokaha u tla hopola, re ile ra bala Bibeleng ho Tšenolo 1:3 hore ‘nako e khethiloeng e haufi.’ Sena se ama bokamoso bo ka pele ho rōna ka ho tobileng. Hlokomela se boleloang ke buka ena mabapi le lengolo lena. [Bala serapa 11 ho leqephe 17 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo.] Khatiso ena e hlahloba boprofeta bohle bo bukeng ea Bibele ea Tšenolo ’me e bontša kamoo re ka ruang molemo ho bona. Na u ka thahasella ho ithuta ho eketsehileng?”
3 Ho Sebelisa Buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ho Qalisa Thuto ea Bibele: “Hoa thabisa ho u bona hape. Ho na le ntlha e eketsehileng eo ke batlang ho e arolelana le uena bukeng eo ke ileng ka u siela eona, ’me e khothatsa haholo. Bibele e bua ka ‘buka ea bophelo’ ha e bua ka ba tla phela ka ho sa feleng. Na u ka thabela ho tseba hore na ke mabitso a joang a leng bukeng eo?” Phetla leqephe 298 bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo. Bala serapa 11, ebe u botsa lipotso tse serapeng seo. Ka mor’a ho bua ka lirapa tse seng kae, ithaopele ho khutla ho tla ntšetsa puisano pele.
4 Ho Sebelisa Khatiso e ’Ngoe ho Qalisa Thuto ea Bibele: “Ke thabela ho u fumana lapeng kajeno. Lekhetlong le fetileng ha re ne re buisana, re ile ra bala ’moho tšepiso ea Bibele ho Tšenolo 1:3. [E bale hape.] Hlokomela hore thabo eo ho buuoang ka eona ha e itlele feela. Ho hlokahala lintho tse peli: Re tlameha ho bala se boleloang ke Bibele ebe re boloka, kapa re sebelisa se ngotsoeng. Bukana ‘Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha’ e tla etsa hore ho bala sengoliloeng seo ke u sietseng sona ho be monate hobane e hlalosa seo Molimo o se hlokang ka mokhoa o bonolo. Ho leqephe 30 ho na le lethathamo la lipotso tse 12 tse botsoang ke batho ba bangata. U ka thabela hore u arabeloe efe ea tsona?” Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabe, u ka phetla bukaneng moo ho arabeloang potso eo teng ebe u qalisa thuto ea Bibele.
5 Sebelisa Litšoantšo ho Tsosa Thahasello: Buka ea Tlhōrō ea Tšenolo e na le litšoantšo tse ngata tse hlakileng. Litšoantšo tsena li ka totobatsoa ho tsosa thahasello. Ka mohlala, ha re etsa leeto la ho boela, re ka phetla leqephe 7. Supa setšoantšo sa Johanne sehleke-hlekeng sa Patmose. Tšenolo 1:3 e bontša hore tšenolo ea Johanne e ne e le molaetsa o thabisang. Ho ka ba joalo joang athe Tšenolo e hlalosa libatana tse tšabehang le timetso? Bua ka lirapa 1 le 2 leqepheng 6 la buka. Ho ka buuoa ka litšoantšo tse maqepheng a ka hare sekoahelong, esita le litšoantšo tse bontšang lefatše la Paradeise maqepheng 302, 308, le 309.
6 Ha re le leetong la ho boela, re lokela ho haha motheong o raliloeng ketelong ea pele. Ho lebisa tlhokomelo e seli tšobotsing ena ea tšebeletso ea rōna ho tla tlisetsa rōna le ba re utloang mahlohonolo a enneng a tsoang ho Jehova.—1 Tim. 4:16.