Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/96 leq. 4
  • Tšenolo—Senotlolo se Isang Thabong ea ’nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšenolo—Senotlolo se Isang Thabong ea ’nete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ba Thuseng ho Utloisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Linehelano Tseo Batho ba Arabelang ho Tsona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 2/96 leq. 4

Tšenolo—Senotlolo se Isang Thabong ea ’nete

1 Mantsoe a moapostola Johanne ho Tšenolo 1:3 ke litaba tse molemo ho rōna hobane o re bolella kamoo re ka fumanang thabo kateng. O ile a ngola: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona.” Buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e thusitse ba bangata ho fumana thabo e ngata. Re na le lebaka le letle la ho nehelana ka eona ho ba bang.

2 Mohlomong u ka khona ho qalisa moqoqo ka potso ena:

◼“Na u nahana hore buka ea Bibele ea Tšenolo e ne e etselitsoe ho utloisisoa, kapa na kamehla e ne e tla lula e le sephiri? [Emela karabo.] Ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le a hao. Hlokomela seo Bibele e se bolelang ho Tšenolo 1:3. [E bale.] Kahoo Tšenolo e ka utloisisoa, tsebo eo e e fupereng e ka re tlisetsa thabo. Seo se ka etsahala joang?” Hlahloba lintlha tse leng serapeng sa 2 leqepheng la 6, e be u re: “Buka ena e hlalosa buka ea Tšenolo temana ka temana. U tla be u sebelisitse nako ea hao hamolemo ha u ka e bala. Ke tla thabela ho u siela kopi ena ka monehelo oa R10,50.”

3 Kaha ba bangata ba amehile ka ho lokisetsa litlhoko tsa bona tsa lintho tse bonahalang, mohlomong sena se ka tsosa thahasello:

◼“U nahana hore tlhoko ea rōna e khōlō ka ho fetisisa ke eng? [Emela karabo.] Ho na le ba bangata ba kholisehileng hore re hloka lintho tse ngata tse bonahalang.” Phetla leqepheng la 73 ’me u hlahlobe lintlha tsa sehlooho lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Ho Bapisa Lerato la Lintho Tse Bonahalang le Bohlale.” Tsoela pele ka ho re: “Sena se bontša hore ho buelloa haholo lintho tse bonahalang; re tlameha ho ameha haholo ka litlhoko tsa rōna tsa moea. Seo re hlileng re se hlokang ke tsebo ea ’nete. Empa tsebo ea eng?” Bala Johanne 17:3, ’me u hlalose kamoo tsebo ka Molimo e ka isang bophelong bo sa feleng. Etsa tlhahiso ea ho siea buka le ho khutla le ho tla bontša kamoo e fanang ka boitsebiso bo hlollang mabapi le morero oa Molimo oa ho khotsofatsa litlhoko tsohle tsa moloko oa batho.

4 Kaha ba bangata ba amehile ka lebaka la tsieleho e leng lefatšeng, mohlomong u ka leka sena:

◼“E mong le e mong eo ke buisaneng le eena o amehile ka bokamoso. Baeta-pele ba bang ba lefatše ba nahana hore re lintšing tsa mehla e mecha ea khotso. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba motho, pefo le tsieleho li tsoela pele ho eketseha lefatšeng ka bophara. Bibele e bontša ka pheko e le ’ngoe feela ea mathata ana. [Bala 2 Petrose 3:13. Phetla setšoantšo se leqepheng la 302, ’me u hlalose kamoo ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng le tšireletseho lefatšeng lena.] Buka ena e tla u thusa ho bona kamoo u ka bang karolo ea mokhatlo ona o mocha oa batho ba tla thabela bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.”

5 Haeba u kopana le motho ea maphatha-phathe ’me u tlameha ho bua hakhutšoaane, mohlomong u ka re:

◼“Ha e le mona u e-na le nakoana e khutšoane feela, ke rata ho u siela pampitšana ena [kapa sehlooho sa makasine] se reng [khetha pampitšana e loketseng kapa sehlooho]. Ke u khothalletsa ho se bala. Nakong e tlang ha ke fapohela mona, ke tla thabela ho utloa maikutlo a hao ka sona.”

6 Ha u tsamaisa lingoliloeng, u se tsila-tsile ho bolela monehelo oa tsona. Lingoliloeng tsa rōna ha li bitse chelete e ngata ha li bapisoa le tse fumanehang mabenkeleng. Ha batho ba ntšetsa lingoliloeng tsa bona chelete, sena se eketsa thabo eo ba tla e fumana ka ho utloisisa se boleloang ke boprofeta bo hlollang ba Tšenolo.—Liprov. 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela