Nka Etsa Joang Hore Mong’a Ntlo a Mamele?
1 Motseng oa Filippi, “mosali ea itseng ea bitsoang Lydia, morekisi oa lintho tse pherese, . . . o ne a mametse, ’me Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse.” (Lik. 16:14) Tlaleho ena e re ruta eng? Ho mamela ha mong’a ntlo ke hona ho bulang monyako oa hore motho a ithute ’nete. Katleho ea rōna ea ho kopanela ho boleleng molaetsa oa ’Muso e itšetlehile haholo-holo ka boikemisetso ba mong’a ntlo ba ho mamela. Hang ha re e-na le tsebe e re mamelang, ho bonolo haholo ho nehelana ka molaetsa oa rōna. Empa ho fumana motho ea mamelang e ka ba phepetso. Ke’ng seo re ka se etsang?
2 Pele re kopanela tšebeletsong, re tlameha ho hlokomela ponahalo ea rōna le thepa eo re tlang ho e sebelisa. Hobane’ng? Hangata batho ba na le tšekamelo ea ho mamela motho ea bonahalang a e-na le seriti. Na re apara ka tsela e khahlisang le e itekanetseng? Le hoja ho apara ka tsela e bohlasoa ho tloaelehile lefatšeng, re qoba mokhoa o joalo oa ho se tsotelle hobane rōna re basebeletsi ba emelang ’Muso oa Molimo. Ponahalo ea rōna e hloekileng le e makhethe e fana ka bopaki bo botle molaetseng oa ’Muso oo re o bolelang.
3 E-ba le Botsoalle le Tlhompho: Ho sa tsotellehe maikutlo a batho ba kajeno a fetohang, batho ba bangata ba sa ntse ba hlompha Bibele ’me ba tla arabela hantle moqoqong o bontšang tlhompho le oa botsoalle mabapi le se leng ka Bibeleng. Pososelo e mofuthu le ea sebele e ka etsa hore mong’a ntlo a lokolohe le ho bula monyetla bakeng sa puisano e thabisang. Botšepehi ba rōna le mekhoa e metle li tlameha ho bonahala hape puong ea rōna le boitšoarong, e leng lintho tse akaretsang ho mamela ha rōna ka tlhompho litlhaloso tsa mong’a ntlo.
4 Sepheo sa rōna ke ho abelana le batho ba bang tšepo ea Bibele. Re ntse re hopotse sena, re tlameha ho etsa bonnete ba hore moqoqo oa rōna ke o ipiletsang, o se nang likhanyetso le o sa qholotseng. Ha ho hlokahale hore ho senngoe nako ho phehisanoa le motho eo ho hlakileng hore oa hanyetsa. (2 Tim. 2:23-25) Re ka khetha linehelanong tse ngata le tse khothatsang tse leng nakong tseo re li filoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka ho hlakileng, re lokela ho lokisetsa hantle hore re bue ka mokhoa o mofuthu le o nang le kholiseho.—1 Pet. 3:15.
5 Ka mor’a ketelo ea rōna ea pele, beng ba matlo ba ’maloa ba khona ho hopola hantle seo re se buileng. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le bohle ba hopola mokhoa oo sena se builoeng ka oona. Le ka mohla re se khelle matla a molemo le mosa fatše. Ka sebele ho na le batho ba bangata ba kang linku tšimong ea rōna ba tla mamela ’nete joalokaha Lydia a ile a etsa lekholong la pele la lilemo. Ho hlokomela ponahalo le puo ea rōna ho ka khothalletsa batho ba tšepahalang ho mamela Lentsoe la Molimo le ho le amohela hantle.—Mar. 4:20.