Tsebo ea ho Mamela ka Thahasello
“KEA leboha ha u ile ua ’mamela.” Na ho na le motho ea sa tsoa bua mantsoe ao ho uena? Haeba ho joalo, ke ntho e babatsehang hakaakang! Motho ea mamelang ka hloko o batla a ratoa ke batho bohle. Ha re mamela ka hloko, re ka hlasimolla batho ba nyahameng kapa ba imetsoeng ke mathata. Na ho mamela ka hloko ha motho e mong a bua ha ho re thuse ho rata batho? Ha re mamela ka thahasello phuthehong ea Bokreste, re phetha karolo ea bohlokoa ea ‘ho nahanelana hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:24.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba mamele ka hloko. Ba rata ho eletsa, ho pheta lintho tse ba etsahalletseng, kapa ho fana ka maikutlo a bona ho e-na le ho mamela seo batho ba bang ba ba bolellang sona. Ha e le hantle, ho mamela ke ntho e lokelang ho etsoa ka tsebo. Ebe re ka ithuta joang ho mamela ka thahasello?
Ntlha ea Bohlokoa
Jehova ke “Morupeli oa [rōna] e Moholo.” (Esaia 30:20) A ka re ruta ho hongata mabapi le ho mamela. Nahana kamoo Jehova a ileng a thusa moprofeta Elia kateng. Elia o ile a tšosoa ke litšokelo tsa Mofumahali Jezebele eaba o balehela lefeelleng moo a ileng a bolela hore ho molemo ha a ka shoa. Ha a le moo, lengeloi la Molimo le ile la bua le eena. Ha moprofeta enoa a ntse a hlalosa seo a se tšohileng, Jehova o ile a mamela eaba o bonahatsa matla a Hae a maholo. Ho ile ha etsahala joang? Elia o ile a tsoha molota eaba o khutlela kabelong ea hae. (1 Marena 19:2-15) Ebe ke hobane’ng ha Jehova a ipha nako ea ho mamela matšoenyeho a bahlanka ba hae? Ke hobane oa ba tsotella. (1 Petrose 5:7) Ntho ea bohlokoa e ka u thusang ho mamela ka hloko ke ena: Tsotella batho ba bang le ho bontša hore u hlile u amehile ka bona.
Monna e mong oa Bolivia o ile a oela boitšoarong bo bobe haholo, ’me o ile a leboha ha molumeli-’moho le eena a mo tsotella e le kannete. Monna enoa o re: “Ka nako eo, ke ne ke nyahame hampe bophelong. Mohlomong nka be ke ile ka tlohela habonolo feela ho sebeletsa Jehova hoja ea se ke ea e-ba ka mor’eso ea ileng a ipha nako ea ho ’mamela. Ha aa ka a bua haholo, empa ho tseba hore o ntsotella hoo a ’mamelang, ho ile ha ’matlafatsa haholo. Ho ne ho sa hlokahale hore a mpolelle hore na ke etse joang, ke ne ke tseba seo ke lokelang ho se etsa. Ke ne ke batla feela ho tseba hore ho na le motho ea tsotellang hore na ke ikutloa joang. Ho ’mamela ha hae ho ile ha nthusa hore ke se ke ka nyahama ho tlōla.”
’Mehi-mohlala e moholo ea neng a tseba ho mamela ka thahasello ke Jesu Kreste. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba babeli ba ne ba le leetong ba tsoa Jerusalema ba e-ea motsaneng o bohōle ba lik’hilomithara tse 11. Ka sebele ba ne ba nyahame. Kahoo, Jesu Kreste ea tsositsoeng o ile a qala ho tsamaea le bona. O ile a ba botsa lipotso ka hloko e le hore ba ntše maikutlo a bona, ’me barutuoa bana ba ile ba bolela se ba tšoentseng. Ba ile ba hlalosa tšepo eo ba neng ba e-na le eona, masoabi a bona hammoho le pherekano eo joale ba neng ba le ho eona. Jesu o ile a bontša hore oa ba tsotella, ’me ho mamela ha hae ka thahasello ho ile ha thusa barutuoa bana ba babeli hore ba mamele. Ka mor’a moo, Jesu o ile “a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.”—Luka 24:13-27.
Ho mamela ke tsela e bontšang lerato le e khothalletsang batho ba bang hore ba re mamele. Mosali e mong oa Bolivia o re: “Batsoali ba ka le ba bohali ba ka ba ile ba qala ho nyatsa tsela eo ke hōlisang bana ba ka ka eona. Ke ile ka tenoa ke lipolelo tsa bona, empa ka qakeha hore na nka etsa’ng joaloka motsoali. Nakong ena, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a nketela. O ile a bua le ’na ka litšepiso tsa Molimo. Empa tsela eo a ileng a batla maikutlo a ka ka eona, ke eona e ileng ea mpolella hore o ne a ikemiselitse ho ’mamela. Ke ile ka mo kōpa hore a kene ka tlung, ’me kapele feela ka mo hlalosetsa bothata ba ka. O ile a mamela a sa fele pelo. O ile a mpotsa hore na ke lakaletsa bana ba ka eng le hore na monna oa ka eena o re’ng. Ke ile ka imoloha ha ke e-na le motho ea neng a ikemiselitse ho leka ho nkutloisisa. Ha a qala ho mpontša hore na Bibele e re’ng ka bophelo ba lelapa, ke ile ka tseba hore ke bua le motho ea tsotellang boemo ba ka.”
Bibele e re: “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Kahoo, ho mamela ka thahasello, ho bontša hore re hlokomoloha lithahasello tsa rōna. Ho ka ’na ha hloka hore re time thelevishene, re behe koranta fatše, kapa re time cell phone ha batho ba bang ba bua le rōna ka litaba tsa bohlokoa. Ho mamela ka thahasello ho bolela ho mamela ka tjantjello ha motho e mong a itlhalosa. Ho hloka hore re se ke ra mo kena hanong ka litaba tsa rōna tse kang, “U nkhopotsa se ileng sa nketsahalla neng-neng.” Ke ’nete hore ha ho phoso ho bua joalo ha ho qoqoa, empa re lokela ho hlokomoloha lithahasello tsa rōna ha motho e mong a bua ka bothata bo boholo. Ho na le tsela e ’ngoe hape eo ka eona re ka bontšang batho ba bang thahasello ea sebele.
Mamela ka Morero oa ho Utloisisa Maikutlo a Motho e Mong
Metsoalle ea monna ea bitsoang Jobo e ile ea utloa ha a bua le eona bonyane ka makhetlo a leshome. Leha ho le joalo, Jobo o ile a re: “Hoja ho ne ho e-na le ea ’mametseng.” (Jobo 31:35) Ke hobane’ng ha a ile a bua joalo? Hobane ho mamela ha bona ha hoa ka ha mo tšelisa ka letho. Ha baa ka ba tsotella Jobo ebile ha baa ka ba batla ho utloisisa maikutlo a hae. Ka sebele ha ea ka ea e-ba bamameli ba nahanelang le ba nang le qenehelo. Empa moapostola Petrose o fana ka keletso ena: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Re ka bontša joang hore rea qenehelana? Re ka bontša hore rea qenehelana ka ho ameha ka maikutlo a motho e mong le ka ho leka ho a utloisisa. Tsela e ’ngoe hape eo ka eona re ka bontšang kameho ke ka ho bua ka qenehelo re re, “ke lumela hore u ile ua halefa,” kapa “u ile ua bona hore ha u utloisisoe.” Ntle ho moo, re ka pheta ka mantsoe a rōna seo motho eo a se buang e le hore re bontše hore re utloisisitse seo a se buileng. Ho mamela ka thahasello ho bolela ho ela hloko mantsoe le morero oo a buuoang ka oona.
Roberta ke mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova eo e leng khale a li bona. O re: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka nyahama tšebeletsong. Kahoo, ke ile ka kōpa ho bua le molebeli ea tsamaeang. O ile a mamelisisa eaba o leka ho utloisisa hore na ke ikutloa joang. O ile a bonahala a bile a utloisisa hore ke tšohile hore o tla ntšoaea phoso ka tsela eo ke ikutloang ka eona. Mor’eso o ile a ntiisetsa hore maikutlo a ka aa utloahala, kaha le eena o ne a kile a ba le maikutlo a joalo. Sena se ile sa nthusa e le kannete hore ke tsoele pele.”
Na re tlameha ho lumela seo re se mametseng? Na re ka bolella motho e mong hore rea leboha hore ebe o re phetetse hore na o ikutloa joang? E, re ka mo bolella. Re tla etsa joang ha mora e monyenyane a loana sekolong kapa ngoan’a moroetsana a fihla lapeng ’me a bolela hore oa ratana? Na ha ho molemo hore motsoali a mamele ’me a leke ho utloisisa hore na ngoana oa hae o nahana eng pele a hlalosa hore na boitšoaro bo nepahetseng le bo sa nepahalang ke bofe?
Liproverbia 20:5 e re: “Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.” Haeba motho ea bohlale le ea nang le boiphihlelo a sa fane ka keletso ha a sa kōptjoa, re ka ’na ra tlameha ho e kha ka ho e kōpa. Boemo boa tšoana ha re mamela ka thahasello. Ho hlokahala temoho ho kha se ka maikutlong a motho. Ho botsa lipotso hoa thusa, empa re lokela ho ba hlokolosi hore lipotso tsa rōna li se kena-kenane le litaba tseo motho a sa batleng ho li bolela. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho etsa tlhahiso ea hore motho a qale ho bua ka litaba tseo a utloang a phutholohile ho bua ka tsona. Ka mohlala, mosali ea batlang ho bua ka mathata a lenyalo la hae a ka ’na a nolofalloa ha a qala ka ho bua ka hore na eena le monna oa hae ba ile ba kopana joang le ho nyalana. Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore motho ea seng a se mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste a qale ka ho hlalosa hore na o ile a ithuta ’nete joang.
Ho Mamela ka Thahasello ke Ntho e Thata
Kaha ka tlhaho re rata ho ikemela, ho ka ba thata ho mamela ha motho e mong a re halefetse. Bothata boo re ka bo sebetsa joang? Liproverbia 15:1 e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” Ho kōpa motho ka mosa hore a bue ebe u mamela lintho tseo a llang ka tsona u sa fele pelo, ke tsela e ’ngoe ea ho araba ka tsela e bonolo.
Hangata ha batho ba babeli ba omana, ba pheta-pheta ntho e le ’ngoe. E mong o nahana hore e mong ha aa mamela. Ka sebele ho ne ho ka ba molemo haholo haeba e mong a ka thola ’me a mamela! Ha e le hantle, e ka ba habohlokoa ha motho a ka itšoara le ho itlhalosa ka tsela e bohlale le e lerato. Bibele e re ho rōna: “Ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.”—Liproverbia 10:19.
Tsebo ea ho mamela ka thahasello ha e itlise. Leha ho le joalo, ke ntho eo motho a ka ithutang eona ka boiteko le ka ho ikhalemela. Ha ho pelaelo hore ke tsebo eo motho a ka loanelang ho ba le eona. Ho mamela e le kannete ha batho ba bang ba bua ho bontša hore rea ba rata, ebile hoa re thabisa. Kahoo, ho loketse hore re sebeletse ho tseba ho mamela ka thahasello!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ha re mametse, re lokela ho hlokomoloha lithahasello tsa rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ho ka ba thata ho mamela motho ea halefileng