Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 12/8 leq. 10
  • Na U Momameli ea Ipehang Maemong a ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Momameli ea Ipehang Maemong a ba Bang?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ameha ka Botebo
  • Bontša Kutloisiso
  • Bamameli ba Molemo le Bona Baa Bua!
  • Tsebo ea ho Mamela ka Thahasello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Etsisa Moetsi oa Barutuoa e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha ba Bang ba Mpolella Mathata a Bona?
    Tsoha!—2005
  • Kamoo U ka Mamelang ka Hloko
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 12/8 leq. 10

Na U Momameli ea Ipehang Maemong a ba Bang?

AK’U nahane bophelong ba hao u se u e-na le matla a ho neha motho e mong le e mong mpho e bitsang chelete e ngata. Ba ne ba tla thaba le ho bontša kananelo hakaakang! Ha e le hantle u ka khona ho neha ba bang mpho e khethehileng, ntho e ’ngoe eo ba hlileng ba e hlokang. E ke ke ea u hloka leha e le sente. Ke eng eo? Ke tlhokomelo ea hao. Batho ba bangata ba batla ho fuoa tlhokomelo ’me ba arabela ka ho bontša kananelo ha ba e fumana. Leha ho le joalo, bakeng sa ho fana ka tlhokomelo e molemohali, u tlameha hore u be momameli ea ipehang maemong a ba bang.

Haeba u motsoali kapa u mohiri kapa u sebeletsa boemong leha e le bofe boo ho bona batho ba tlang ho uena bakeng sa keletso le tataiso, ho hlokahala hore u mamele ka ho ipeha maemong a bona. Haeba u sa etse joalo, batho ba tla lemoha khaello ea hao ea ho ipeha maemong a ba bang, ’me botumo ba hao ba hore motho a ka u bolella makunutu bo tla nonyetseha.

Esita le haeba ese hangata u kōptjoang hore u fane ka keletso, ho ntse ho hlokahala hore u mamele batho ka mokhoa oa ho ipeha maemong a bona, joalokaha motsoalle a e-tla ho uena bakeng sa matšeliso. Joalokaha maele a Bibele a bolela, ho hlōleha ho mamela pele u bua ho ka fella ka ho tlotloloha. (Liproverbia 18:13) Joale, ke ka litsela life tse ling tseo ka tsona u ka ipakang u le momameli ea ipehang maemong a ba bang?

Ameha ka Botebo

Ho ba momameli ea ipehang maemong a ba bang ho bolela’ng? Webster’s New Collegiate Dictionary e hlalosa ho “ipeha maemong a ba bang” e le: “Ho khona ho kopanela maikutlong le likhopolong tsa e mong.” Buka eona eo e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho mamela” e le: “Ho utloa ka tlhokomelo e nahanelang.” Kahoo momameli ea ipehang maemong a ba bang o etsa ho fetang ho utloa seo motho e mong a se buang. O ela hloko ebile o kopanela likhopolong le maikutlong a motho eo.

Sena se hloka hore u amehe ka botebo ka seo u se utloang, u sa lumelle kelello ea hao ho lelera. Esita le ho nahana hore na u tla araba joang ho sitisa ho mamela. Itaee hore u lule u lebisitse tlhokomelo ho seo motho e mong a se buang.

Talima motho eo u buang le eena ka ho toba. Haeba mahlo a hao a lelera, u tla bonahala u sa thahaselle. Hlokomela boitšisinyo ba hae ba ’mele le seo a se buang ka matsoho. Na oa bososela kapa o sosobantse sefahleho? Na mahlo a hae a bontša ho qaboha, ho hlomoha, kapa ho tšoha? Na seo a se tlohelang a sa se bua ke sa bohlokoa? Se ke ua khathatseha ka karabo ea hao; e tla itlela feela ka tlhaho e le phello ea ho mamela ha hao.

Ha u ntse u mametse, mohlomong u tla ’ne u lumele ka hlooho ’me u sebelise lipolelo tsa ho tiisa, tse kang ‘Kea bona’ le ‘Kea utloisisa.’ Sena se ka bontša hore u ntse u lebisitse kelello ea hao ho se boleloang. Leha ho le joalo, u se ke ua nahana hore ho lumela ka hlooho le ho bua lipolelo tsa ho tiisa li tla etsa hore batho ba nahane hore u mametse haeba ka sebele u sa mamela. Ha e le hantle, ho ōma ka hlooho khafetsa-khafetsa ho ka senola u sa rera hore ha u na mamello. Ho joalokaha eka u ntse u re, ‘Potlaka. Bua ntho eo u batlang ho e bua kapele. Qeta.’

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u amehe ka ho feteletseng ka methati ea ho mamela. Etsa feela hore ho mamela ha hao e be ha sebele, ’me likarabo tsa hao li tla bontša botšepehi ba hao.

Lipotso tse molemo le tsona li bontša hore u amehile ka ho teba le hore u utloisisa se boleloang. Li bontša hore u thahasella se boleloang. Kōpa hore u hlakisetsoe lintlha tse sa boleloang kapa tse sa hlakang. Botsa lipotso tse memang motho e mong hore a hlalose ka ho qaqileng le hore a itlhalose ka ho eketsehileng. U se ke ua khathatseha ka hore u tla mo kena hanong hangata haholo, empa le teng u se ke ua ho etsa ka ho feteletseng. Ho utloisisa lintho ka ho hlaka ke karolo ea tšebetso ea ho mamela. Haeba ho kena hanong ho sa etsoe hangata ka ho feteletseng, motho e mong o tla ananela takatso ea hao ea ho utloisisa ka ho feletseng sohle seo a se bolelang.

Bontša Kutloisiso

Ena e ka ba karolo e thata ka ho fetisisa, esita le haeba ka ’nete u ipehile boemong ba motho ea buisanang le uena. Ha motho e mong ea tsietsoeng a e-tla ho uena, na hang feela u se u fana ka litlhahiso le litharollo tse tletseng tšepo? Na kapele-pele u bolella motho eo hore boemo ha bo bobe hakaalo ha bo bapisoa le bohloko boo motho e mong osele a bo utloang? Sena se ka ’na sa bonahala eka se na le thuso, empa se ka ba le phello e mpe.

Ho na le mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng u ka ’nang ua sekamela ho khaotsa ho mamela ebe u qala ho rarolla. U ka ’na ua nahana hore litlhahiso tsa hao tse bontšang cheseho ke sona se hlileng se hlokahalang bakeng sa ho etsa hore motho a ikutloe a le molemonyana. Kapa u ka ’na ua ikutloa hore ke tšoanelo ea hao ho “lokisa” kae kapa kae moo ho nang le “phoso” ’me haeba u sa etse joalo, ha u na thuso kapa ha u “etse mosebetsi oa hao.”

Leha ho le joalo, ka tloaelo, ho phasoloha ka litharollo esale qalong haholo ho hlahisa melaetsa e nyahamisang, e kang, ‘Ke hlokomela bothata ba hao bo le bonolo le ho feta kamoo u bo bolelang kateng.’ Kapa, ‘Ke thahasella botumo ba ka ba ho ba morarolli oa mathata haholo ho feta boiketlo ba hao.’ Kapa, mohlomong, ‘Ha ke utloisise—ebile ha ke batle ho utloisisa.’ Ho bapisa bothata ba motho ea utloang bohloko le mathata a ba bang hangata ho bolela hore, ‘U tlameha ho itšoabela bakeng sa ho ikutloa u tšoenyehile ha batho ba bang ba utloa bohloko ho u feta.’

Haeba u bua melaetsa e nyahamisang joalo ka ho se tsebe, motsoalle oa hao o tla utloa hore u ne u sa mo utloa hantle, hore ha aa ka a utloisisoa. A ka ba ’na a etsa qeto ea hore u nahana hore u mo phahametse. Ho latelang ke hore o tla ea ho motho e mong bakeng sa matšeliso.—Ba-Filippi 2:3, 4.

Ho thoe’ng haeba motsoalle oa hao a khathatsehile ho sa hlokahale? Ka mohlala, a ka ’na a ikutloa a le molato ntle ho lebaka le utloahalang. Na u lokela ho potlakela ho ’molella joalo e le hore a ka qalella ho ikutloa hamonate? Che, hobane haeba ha ua ka ua mo mamela qalong, lipolelo tsa hao tsa ho mo tiisetsa hore a khutlele maemong a tloaelehileng li ke ke tsa fana ka matšeliso. Ho e-na le hore a ikutloe a imolohile, o tla ikutloa hore o ntse a sa itjarolla moroalo, hore o ntse a jere boikutlo ba hae ba ho ba molato. Joalokaha rafilosofi oa lekholong la bo19 la lilemo Henry David Thoreau a boletse, “ho hlokahala batho ba babeli hore ho boleloe ’nete: e mong a e bolele ’me e mong a e utloe.”

Tataiso ea Bibele ke e loketseng hakaakang: “Motho ka mong a ke a be mafolo-folo ho utloa, a liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) ’Me ho boetse ke habohlokoa haholo ho mamela ka boikutlo ba ho ipeha maemong a e mong! Kopanela maikutlong a motho ea u phetlelang sefuba sa hae. Amohela bothata ba tsietsi ea hae, botebo ba tsieleho ea hae. U se ke ua nyenyefatsa bothata ba hae ka lipolelo tse kang, ‘Oh, bothata bona ba hao ke ba nakoana e khutšoaane haholo’ kapa, ‘Lintho ha li mpe hakaalo.’ Ka ho fapaneng, ho nyenyefatsa ho joalo ho ka ba ’na ha totisa maikutlo a hae a tšoenyehileng. O tla ferekana hobane ha u nke molaetsa oa hae ka ho teba. Kahoo etsa hore likarabelo tsa hao li bontše hore u utloa se boleloang le hore u amohela hore hajoale ke kamoo a ikutloang kateng mabapi le litaba.

Ho mamela ka ho ipeha maemong a e mong ha ho hloke hore u lumellane le motho ea u phetlelang sefuba. U ka ’na ua lumela hore motho ha a na mabaka a utloahalang ha a bolela hore, “Ke hloile mosebetsi oa ka!” Empa haeba u arabela ka ho se amohele (‘Ha ua lokela ho ikutloa ka tsela eo’) kapa u mo nyatsa ka hore (‘Se ke ua rialo’), o tla etsa qeto ea hore ha u utloisise. Litlhaloso tsa hao li lokela ho bontša kutloisiso ea hao. Ho motho ea hloileng mosebetsi oa hae, u ka ’na ua re, ‘E tlameha ebe oa khathatsa.’ Joale u ntano kōpa boitsebiso bo hlakisang. Kahoo hase hakaalo hore u lumela hore o lokela ho hloea mosebetsi oa hae u mpa feela u amohela hore hajoale ke kamoo a ikutloang kateng. Ka hona u mo neha khotsofalo ea hore ebe o utloiloe, ea hore ebe o buile maikutlo a hae ka botlalo. Hangata, ho arolelana bothata ho ka bo fokotsa.

Ka ho tšoanang, motho ea reng, “Mosali oa ka o ea tlhahlobong ea ngaka kajeno,” a ka bolela hore, “Ke khathatsehile.” Etsa hore karabelo ea hao e amohele sena. Ho bontša hore u ne u mametse se hlileng se boleloang ke mantsoe a hae, e leng se tšelisang ho feta haeba u ne u ka hlokomoloha seo a se bolelang, ua se nyatsa, kapa ua leka ho mo lokisa ka ho ’molella hore ha aa lokela ho khathatseha.—Ba-Roma 12:15.

Bamameli ba Molemo le Bona Baa Bua!

The Art of Conversation e bua ka batho ba mamelang empa ba bua hanyane feela, ba “nahana hore ho ba siela seriti se itseng.” Sena se susumeletsa motho e mong ho jara moroalo oohle oa moqoqo, e leng ho hloka mekhoa. Ka lehlakoreng le leng, e boetse ke ho hloka mekhoa, le ho khathatsang, haeba motho eo u mo mametseng a tsoela pele ho bua a sa khaotse a sa u lumelle hore u itlhalose. Kahoo, le hoja ho hlokahala hore u be momameli ea molemo, u ka ’na ua boetse ua batla ho tsebisa motho e mong hore u na le ntho e itseng e nang le thuso eo u batlang ho e bua.

U ka ’na ua re’ng? Ha u se u mametse ka tlhompho lipolelo tsa motsoalle oa hao, na joale u lokela ho fana ka keletso? Haeba ua tšoaneleha, mohlomong u ka fana ka eona. Haeba u e-na le tharollo bothateng ba motsoalle oa hao, ka sebele u lokela ho etsa joalo. Mantsoe a hao a tla ba le tšusumetso e itseng, kaha qalong u ile ua sebelisa nako ea ho mamela. Haeba ha u na litšoaneleho tse hlokahalang bakeng sa ho neha motsoalle oa hao mofuta oa tataiso kapa thuso eo a e hlokang, leka ho mo teanya le motho e mong ea boemong ba ho fana ka tsona.

Leha ho le joalo, maemong a mang, ha ho hlokahale keletso leha e le hore ea kōptjoa. Kahoo hlokomela hore u se fokolise phello e molemo ea ho mamela ha hao ka ho eketsa mantsoe a mangata haholo. Mohlomong motsoalle oa hao o mpa a hloka feela hore a mamelle boemo bo ke keng ba laoloa kapa a nke nako ho sebetsana le maikutlo a hae a seng matle ho fihlela qetellong. O tlile ho uena ho tla arolelana bothata ba hae le uena. U ile ua mamela. Ua kopanela maikutlong a hae, ua mo tiisetsa hore u amehile le hore u tla tsoela pele u ntse u mo hopola hammoho le lithapelong. Mo tsebise hore o lokolohile hore a ka khutlela ho uena hape le hore u tla hlompha lekunutu la bothata ba hae. Mohlomong o hloka matšeliso a joalo ho feta hore u leke ho lokisa bothata ba hae.—Liproverbia 10:19; 17:17; 1 Ba-Thessalonika 5:14.

Hore na ho mamela ho tsamaea le keletso kapa che, ho ruisa molemo ho batho ba amehang ka bobeli. Ea buang o ba le khotsofalo ea ho utluoa le ho utloisisoa. Oa tšeliseha ho tseba hore ho na le e mong ea tsotellang ka ho lekaneng ho utloa sohle seo a batlang ho se bua. Ea mamelang le eena oa putsoa. Ba bang ba ananela kameho ea hae. Haeba a fana ka keletso, ebile ke e ka tšeptjoang le ho feta hobane ha a bue ho fihlela a utloisisitse ka ho feletseng boemo bo tlisoang tlhokomelong ea hae. Ke ’nete hore ho mamela ka tsela ea ho ipeha maemong a ba bang ho hloka nako. Empa ke letsete la bohlokoa hakaakang! Ka sebele, ka ho neha batho tlhokomelo ea hao e nahanelang, u ba neha mpho e khethehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela