Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Etsa’ng ha ba Bang ba Mpolella Mathata a Bona?
“Ho na le ngoanana e mong mane sekolong. Batsoali ba hae ba ne ba hlalana, ’me limaraka tsa hae li ne li qala ho theoha. Joale o ne a lula a mpolella ka mathata a lelapa labo.”—Jan, ea lilemo li 14.
“Ngoanana e mong sekolong o ile a mpolella hore o ile a kopanela liphate le moshemane e mong. O ile a ima a ba a ntša mpa eo batsoali ba hae ba ntse ba sa tsebe le ho tseba ka taba eo.”—Mira, ea lilemo li 15.
NKA hore u ntse u qoqa le motsoalle kapa le seithuti-’moho le uena. Ha u re phapha! o se a “rolela” mathata a hae ho uena. Mohlomong o amehile ka lintho tseo ho tloaelehileng hore bacha ba amehe ka tsona—liaparo, chelete, chebahalo, lithaka, limaraka. Ho seng joalo, e ka ’na eaba o na le mathata a tebileng le a boima.
Se etsahalang United States, se bontša hantle kamoo mathata a bacha e ka bang taba e tebileng kateng. Ho ea ka makasine ea Newsweek, “Mokhatlo oa Naha oa Lefu la Kelello (NIMH), o hakanya hore bacha ba etsang karolo ea 8 lekholong, le karolo ea 2 lekholong ea bana (bao ba bang ba bona ba leng lilemo li 4), ba na le matšoao a ho tepella maikutlo.” Phuputso e ’ngoe e hlokometse: “Hoo e ka bang banana ba 97 ho ba 1 000 ba lilemo tse 15-19—e leng bacha ba Amerika ba milione—e ba baimana selemo le selemo. Bongata ba baimana bana—e leng karolo ea 78 lekholong—ba ne ba sa rera ho ima.” Ntle le moo, ho na le bacha ba limilione ba lulang malapeng a sa tsitsang. Ba likete ba hlekefetsoa ’meleng kapa ka ho kopanela liphate le bona. Halofo ea bana ba likolo tse phahameng United States, e kile ea tahoa. Palo e tšosang ea bacha e na le bothata ba ho ja.
Ha ho makatse he hore ebe ho na le bacha ba bangata ba hlileng ba hlokang eo ba ka buang le eena le ho mo phetlela lifuba! ’Me hangata motho oa pele eo ba retelehelang ho eena ke thaka ea bona. U lokela ho etsa joang haeba a bolella uena? Haeba u Mokreste, seo ha sea lokela ho u makatsa ho hang. Bibele e laela Bakreste hore e be ‘mehlala’ boitšoarong le ho ba le kahlolo e molemo. (1 Timothea 4:12; Bafilipi 4:5) Kahoo bacha ba bang—ho kopanyelletsa le ba sa lumelang—ba ka ’na ba rata ho tla u phetlela lifuba. Joale u lokela ho sebetsana joang le boemo bo joalo? Ho thoe’ng haeba seo u seng u se utloile se u imela?
Ho ba ea Mamelisisang
Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Haeba motho e mong a e-na le bothata ’me a batla ho bua le uena ka bona, ntho feela e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ho mamela. Etsoe Bibele e nyatsa ho iphapanyetsa “mohoo o belaelang oa ea tlaase.” (Liproverbia 21:13) E ka ’na eaba ho nkile motsoalle eo oa hao nako hore a be le sebete sa ho bua ka taba eo. Boikemisetso ba hao ba ho mamela bo ka ’na ba mo nolofalletsa ho bua. Mocha e mong oa Mokreste eo ho thoeng ke Hiram, o re: “Ke ee ke tlohelle motho e mong hore a bue. Ke mo fe nako ea hore a ntše se maikutlong hae, ebe joale ke mo utloela bohloko.” Vincent le eena o hlokometse: “Ka linako tse ling batho ba mpa feela ba batla ho bua.”
Ka hona motho eo a ka ’na a se ke a lebella hore u rarolle bothata ba hae. A ka ’na a ipatlela feela motho ea tla mo sekehela tsebe. Ka hona mamela! U se ke ua lumella lintho tse ka thōko ho u sitisa kapa hona ho mo kena hanong ho sa hlokahale. Ho ba moo feela u mo mametse ho ka mo thusa haholo. Seo se bontša hore ua tsotella.
Na see se bolela hore u lokela ho thōla tu! u sa re letho? Hangata ho itšetleha ka hore na ke bothata ba mofuta ofe. Ka linako tse ling, mantsoe a bontšang ho nahanela, a mosa, e ka ba a loketseng. (Liproverbia 25:11) Ka mohlala, haeba motsoalle a oetsoe ke koluoa e itseng, e ka ba hantle haholo ho bontša kutloelo-bohloko. (Baroma 12:15) Liproverbia 12:25 e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” Mohlomong ho hlokahala khothatso feela. Mo kholise hore o tla khona ho sebetsana le bothata boo ka katleho. Lipolelo tse kang “kea bona joale hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela ena” kapa “ke masoabi hore ebe u tlameha ho tobana le boemo bona” li ka etsa hore motho eo a bone hore u tiile le hore u batla ho mo thusa.
Leha ho le joalo, Liproverbia 12:18 ea eletsa: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Ke habohlokoa ho qoba lipolelo tse kang “Ha ho hobe hakaalo,” “Mp’u e lebale,” kapa “Ha ua lokela ho ikutloa ka tsela eo.” Hape, hlokomela hore u se ke ua leka ho bebofatsa bothata ka metlae. Motsoalle enoa oa hao a ka nahana feela hore ha u hlomphe maikutlo a hae.—Liproverbia 25:20.
Joale, u tla etsa’ng haeba u haelloa ke mantsoe? Bua ’nete feela. Bolella motsoalle oa hao hore kannete ha u tsebe hore na u ka re’ng empa ha e le hantle u batla ho mo thusa. Mo botse, “Ebe nka u thusa ka eng?” Ke ’nete hore ho ka ba le lintho tse itseng tseo u ka li etsang ho mo bebofaletsa moroalo.—Bagalata 6:2.
Ho Fana ka Keletso e Mofuthu
U tla etsa’ng haeba u bona eka motsoalle oa hao o hloka keletso? Ke ’nete hore joaloka mocha, le uena ha u na phihlelo. (Liproverbia 1:4) U ka ’na ua se ke ua tšoaneleha ho fana ka keletso bothateng bo bong le bo bong. Leha ho le joalo, Pesaleme ea 19:7 e re: “Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” E, le hoja ‘u se na phihlelo,’ e ka ’na eaba u na le tsebo e lekaneng ka litekanyetso tsa Bibele, eo ka tsela e itseng e ka thusang motsoalle ea bothateng. (Liproverbia 27:9) Ho e-na le ho mo hobella ka likeletso, ke hobane’ng ha u sa mo bontše tse ling tsa lintlha tse tsoang Bibeleng? Haeba u sa tiisehe ka hore u ka sebelisa melao-motheo efe ea Bibele, etsa lipatlisiso. Lilemong tse fetileng makasine ena e ’nile ea hatisa litaba tse fapa-fapaneng tse nang le keletso ea Bibele sehloohong se reng “Bacha Baa Botsa . . . ” Mohloli o mong oa bohlokoa o nang le likeletso ke buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a
Mohlomong ho mo phetela se kileng sa u etsahalla ho ka mo thusa haholoanyane. Mohlomong u bile u na le litlhahiso tse sebetsang. U sa mo foqe maikutlo a hao, u ka mo hlalosetsa hore na u thusitsoe ke eng. (Liproverbia 27:17) Leha ho le joalo, hopola hore maemo ha a tšoane. Se sebelitseng ho uena se ka ’na sa se ke sa sebetsa ho ba bang.
Mantsoe a Temoso
U se ke ua senya nako u mamela mathata a bacha ba sa tšabeng Jehova kapa ba sa hlompheng litekanyetso tsa Bokreste. Boholo ba mathata a bona e ka ’na eaba a tsoaloa ke tsela eo ba phelang ka eona e sa lumellaneng le Bibele. Ho leka ho thusa motho ea khesang likeletso tsa Bibele ho ka le luba bobeli ba lōna. (Liproverbia 9:7) Hape, u ka iphumana u se u pepesehetse lipolelo tse ngata tsa booatla kapa esita le ’ona mahlapa. (Baefese 5:3) Ka hona, haeba se tšohloang se hlohlontša litsebe, e-ba le sebete sa ho bolela hore u ke ke ua khona ho thusa kapa hore ha u hlile ha ua lokoloha ka taba eo.
E-ba seli haeba motho e mong oa bong bo fapaneng le ba hao a batla ho u phetlela sefuba sa hae. Bibele e lemosa hore pelo e ka thetsa. (Jeremia 17:9) Setsoalle se haufi-ufi se ka tsosa maikutlo a lerato ’me sa ba sa le lihela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.
Ho phaella moo, u se ke ua itšoaselletsa ka ho tšepisa hore u ke ke ua bolella motho. Ka boikokobetso hlokomela hore ea buang le uena a ka ’na a hloka thuso e fetang eo uena u ka mo fang eona.—Liproverbia 11:2.
Ha ho Hlokahala Thuso e Tsoang ho ba Bang
Mabakeng a mangata ho molemohali ke hore uena ka bouena u fumane thuso ho ba bang. Mira, ea qotsitsoeng selelekeleng, o itse: “Ka sebele ke ne ke sa tsebe hore na ke thusa seithuti-’moho le ’na joang. Eaba ke buisana le moholo e mong oa phutheho, ’me o ile a mpha keletso e ntle ea hore na ke mo thuse joang.” E hlile ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova, ho na le banna ba nang le phihlelo ba ka u thusang. (Baefese 4:11, 12) Moholo o ile a etsa tlhahiso ea hore Mira a khothalletse seithuti-’moho le eena hore se e’o buisana le batsoali. Ngoanana enoa o ile a nka keletso ea Mira. Mira o re: “Boemo ba hae bo ntlafetse. Joale o batla ho tseba ho eketsehileng ka Bibele.”
Ho thoe’ng haeba Mokreste-’moho le uena a u bolella taba ea lekunutu? Ka tloaelo, u tla batla ho etsa leha e le eng feela ho mo thusa. (Bagalata 6:10) Haeba ho bonahala a fapoha litekanyetso tsa Jehova tsa boitšoaro, u se ke ua qeaqea ho mo “bolella ’nete.” (Baefese 4:25) Bua ’nete empa u se ke ua iketsa moloki. Hore ebe u ile ua toba taba ke pontšo ea hore u motsoalle oa sebele.—Pesaleme ea 141:5; Liproverbia 27:6.
Mabakeng a tjena, ke habohlokoa hape hore u khothalletse motsoalle oa hao hore a batle thuso—ho batsoali ba hae, ho moholo, kapa ho Mokreste e mong ea hōlileng tsebong ea mo hlomphang. Haeba ho feta nako e itseng ’me ho se eo a buisaneng le eena ka taba eo, u ka ’na ua tšoanela hore u buisane le e mong bakeng sa hae. (Jakobo 5:13-15) Ho ka ’na ha u hloka sebete hore u nke khato eo, empa seo se tla bontša hore u motho ea tsotellang ea bileng a batlelang motsoalle oa hae se molemo.
Ke ’nete hore Jehova ha aa lebella hore u thuse motho e mong le e mong mathateng a hae. Empa ha motho e mong a u atamela ka bothata, ha ua lokela ho ikutloa u tsielehile. Sebelisa thupelo ea Bokreste, ’me u etse ka hohle-hohle ho ba “motsoalle oa ’nete.”—Liproverbia 17:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Maemong a mang u ka ’na ua tlameha ho fumanela motsoalle ea khathatsong thuso