Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Motsoalle a Kena Khathatsong?
Sherrie ea lilemo li 14 o re: “Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo o khelohile tseleng ea ho ba Mokreste. Ho nkutloisa bohloko. Ke lekile ka thata ho mo khothatsa!”a
NA MOTHO e mong eo u mo tloaetseng u kene khathatsong kapa o qalile ho latela mokhoa oa bophelo o belaetsang? Johnny o re: “Ke ne ke tloaetse Chris. Re ne re le metsoalle ea hlooho ea khomo. Ka letsatsi le leng o ile a baleha lapeng. Sena se ile sa ntšosa, ’me ke ile ka utloa ke tlamehile ho mo sala morao. Ke ile ka khanna bosiu bohle ke ntse ke ’matla.”
Bibele e lemositse hore matsatsing a ho qetela, batho ba bacha le ba baholo, ba ne ba tla tleloa ke likhatello tse khōlō. (2 Timothea 3:1-5) Kahoo ha hoa lokela ho re tšosa ha nako le nako Mokreste e mocha a kheloha. Empa ha ho etsahala ho motho eo u mo tsotellang, u ka ’na ua ba le letoto la maikutlo a itseng, ho tloha masoabing le kutloelo-bohlokong ho isa khalefong. U batla ho thusa motsoalle oa hao. Empa u ka etsa joalo joang?
‘Nka mo Pholosa’
Bibele e re: ‘Ea khutlisitseng moetsalibe khelohong ea hae, o pholositse moea [oa moetsalibe] lefung, ’me o apesitse libe tse ngata-ngata.’ (Jakobo 5:20) Empa na see se bolela hore ho etsa joalo ke boikarabelo ba hao? E seng hakaalo. Batsoali ba motsoalle oa hao ba na le boikarabelo bo ka sehloohong ka eena. (Ba-Efese 6:4) Bibele e phaella ka hore ho Ba-Galata 6:1: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna [ba nang le litšoaneleho tsa moea, NW] le ke le mo tsose ka moea o mosa.” Balebeli ba phutheho ke bona ba tšoanelehang ka ho khethehileng tabeng ena. Ka hona ba boemong bo molemo ba ho thusa ho feta uena.
U tlameha ho hlokomela hore joaloka motho e mocha, u na le phihlelo e fokolang bophelong. (Bapisa le Ba-Heberu 5:14.) Kahoo ka boikokobetso amohela mefokolo ea hao tabeng ena ’me u qobe ho itlama ka lebanta le sa u kopeng. (Liproverbia 11:2) Nahana ka mocha ea bitsoang Rebekah. O ile a leka ho thusa motsoalle e motona, eo e leng mong ka eena, ea neng a se a ameha tšebelisong ea lithethefatsi. Oa pheta: “Se ileng sa ntlisetsa khatello e ne e le hore o ne a mpolella makunutu a hae a sa bolelle batsoali ba hae. Ke ile ka leka ho mo thusa, empa e ne e le ho ferekanyang haholo. Qetellong ke ile ka thuseha ha ke hlokomela hore ho ne ho se letho leo nka le etsang . . . Ke ne nke ke ka ba mopholosi oa hae.” Kahoo Rebekah o ile a mo khothaletsa hore a fumane thuso ho batho ba baholo ba tšoanelehang.
Matthew e monyenyane o ne a le boemong bo tšoanang, empa o ile a amohela mefokolo ea hae esale qalong. Mabapi le motsoalle ea khathatsong o re: “O ne a e-tla ho ’na ka mathata a hae, empa ke ne ke mo bolella hore a ee ho batsoali ba hae. Ke ne ke tseba se molemo ho feta ho jara mathata a hae.”
Kamoo U ka Thusang Kateng
Sena ha se bolele hore u ke ke ua etsa letho ho thusa. Boholo ba taba bo itšetlehile ka maemo. Mohlomong motsoalle oa hao o batla ho u bolella makunutu a hae. Ka tlhaho, u tla batla ho mo tšehetsa le ho mo mamela. (Liproverbia 18:24; 21:13) Kapa mohlomong o se a qalile ho latela mokhoa oa bophelo o belaetsang. E tla ba ho loketseng ho nka bohato ba pele ’me u mo bolelle hore le hoja u mo tsotella, u ke ke ua amohela seo a se etsang.
Boemong bo bong e ka ’na ea e-ba ba motsoalle ea lumelang hore o entse phoso e tebileng. A ka ba ’na a leka hore u ikane hore u tla thōla. Empa Bibele e re: “U se ke ua kena libeng tsa ba bang. U ipoloke, u be mohloeki.” (1 Timothea 5:22) Haeba motsoalle oa hao a ne a kula haholo ’me a hloka thuso ea meriana, na u ne u ke ke ua phehella ho mo isa ngakeng? Ka ho tšoanang, haeba a entse phoso e tebileng, o hloka thuso ea moea. Ho boloka taba eo e le lekunutu ho ka mo bolaea moeeng—’me ha ama phutheho ka tsela e tebileng. Ka hona u tlamehile ho bona hore baholo ba phutheho baa tsebisoa.—Bapisa le Levitike 5:1.
Caroline e monyenyane o ile a bontša sebete mabapi le motsoalle ea tsoileng tseleng ea neng a thetsa batsoali ba hae. O re: “Ke ile ka mo fa libeke tse peli hore a ee ho baholo. Ke ile ka mo bolella hore haeba a sa etse joalo, ’na ke tla ea ho bona. Ho ne ho se bonolo ho ’na hore ke etse sena.” Johnny, ea boletsoeng qalong, o ile a bontša botho bo joalo bo matla. Mabapi le motsoalle oa hae, Johnny oa hopola: “Ke ne ke maketse ho fumana hore o ne a lula le ngoanana. Ho ne ho e-na le bashemane ba bang moo ba neng ba tsuba le ho noa.” Johnny o ile a kōpa motsoalle hore a tsoele kantle ’me ka matla a buella hore a batle thuso ho baholo ka phuthehong.
Motsoalle oa hao a ka ’na a ananela kapa a se ke a ananela boiteko ba hao. Bibele e re bolella hore ha baholoane ba hae ba ne ba kopanela linthong tse mpe, mohlankana Josefa “o na a ntse a sebela ntat’a bona litaba tse mpe tsa bona.” Ka sebele sena ha sea ka sa eketsa lerato la baholoane ba hae ho eena. Ruri, “ba qala ho mo hloea.”—Genese 37:2-4, bapisa le NW.
Na U ka Itšoara Joalokaha Eka ha ho na Phoso?
Leha ho le joalo, u ne u tla be u fokolisa boiteko ba hao ba ho thusa haeba u tsoela pele ho etsa setsoalle le motsoalle oa hao joalokaha eka ha ho letho le etsahetseng. Ho 1 Ba-Korinthe 15:33, moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste khahlanong le ho etsa setsoalle le batho ba etsang liphoso. Setsoalle se haufi-ufi le batho ba joalo se ka u hulela morao feela!
Mollie e monyenyane o ile a ithuta sena habohloko ha motsoalle oa hae Sally a ne a qala ho intša le bashemane ka lekunutu. Hase feela hore Sally o ne a sa le monyenyane haholo bakeng sa ho nyaloa empa o ne a intša le bashemane bao e seng Bakreste. Mollie o ile a hlokomoloha boemo boo ’me a tsoela pele a etsa setsoalle le motsoalle eo oa hae. Liphello? Mollie o re: “Qetellong Sally o ile a ntokisetsa hore ke intše le moshemane oa lefatše, ’me re ile ra intša hammoho.” Ka lehlohonolo, Mollie o ile a fumana thuso e itseng ho baholo pele boemo bo teba haholoanyane.
Ka ho tšoanang, Lynn o ile a sekisetsa ka mokhoa o kotsi e le hore a ka boloka setsoalle sa hae le ngoanana ea bitsoang Beth. Lynn oa hopola: “Ke ne ke ikutloa hore nka mo thusa, empa ha hoa ka ha sebetsa. Ke ile ka tsamaea li-nightclub le eena. Ke ne ke tseba hore ho fosahetse, empa ke ne ke sa batle hore a tsoe kotsi. Mathata a hae a ile a qala ho nkimela. Ke ile ka ithōlela ka taba eo, ke nahana hore bothata boo bo tla iphella feela, empa bo ile ba e-ba boholo le ho feta.” Lynn o ile a phaphamisoa ke ketsahalo e sehlōhō. Motsoalle oa hae Beth o ile a bolaoa ke mohlankana eo a neng a intša le eena.
Ho khomarela motsoalle ho ka ’na ha utloahala ho le bohlokoa. Empa haeba motsoalle oa hao a ne a khangoa ke metsi ka tsela ea sebele metsing a matla a loebehlaneng, na ka bouena u ne u tla ikakhela? Seo sohle se ne se tla le bolaea ka bobeli. Ntho e utloahalang e ka etsoang e ne e tla ba ho mo akhela ntho e sireletsang motho hore a se khangoe ke metsi. Ka ho tšoanang ho hlokahala hore u fane ka thuso u le hōjana.—Juda 22, 23.
Ho lula u le hōjana ke habohlokoa haeba motsoalle oa hao a lelekuoe phuthehong. Taelo ea Bibele ke hore ho ‘khaotsoe ho itsoakanya hammoho’ le motho ea joalo. (1 Ba-Korinthe 5:11, NW) Le hoja u ntse u tsotella motho eo, u ka mo thusa hamolemo ka ho fetisisa, e seng ka ho mo latela ka ho etsa liphoso, empa ka ho bontša botšepehi ho Jehova. (Pesaleme ea 18:25) Boemo ba hao bo sa sekisetseng e ka ’na ea e-ba sona se hlokahalang ho mo susumetsa hore a nahanisise ka liketso tsa hae. Habohlokoa le ho feta, botšepehi ba hao bo tla thabisa Jehova.—Liproverbia 27:11.
Ho Imeloa Haholo
Leha ho le joalo, hangata, boiteko ba motho bo molemo ka ho fetisisa ba ho thusa boa hlōleha. Rebekah oa hopola mabapi le motsoalle oa hae: “Ke ile ka leka ho iteanya le eena le ho mo thusa. Ke ile ka ba ka mo ngolla lengolo, empa ha ho mohla a ileng a le araba.” Caroline o ile a fumana hore ka mor’a likhoeli a leka ho thusa motsoalle ea neng a itšoere ka tsela e ka bakang khathatso, o ile “a qala ho utloa khatello e itseng.”
Ke habohlokoa ho hlokomela hore “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.” (Ba-Roma 14:12) ’Me le hoja ho loketse ho thusa motho e mong hore a jare meroalo ea hae, kapa mathata a botho, ka ho fana ka thuso e sebetsang, ho hang u ke ke ua jara “phahlo” ea motho e mong—ke hore, boikarabelo ba hae ho Molimo. Bibele e re: “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5) Ha u ikarabelle ka lintho tseo motsoalle oa hao a li khethang.
Leha ho le joalo, ho shebella ha motsoalle a senya bophelo ba hae ho bohloko. Mohlankana ea bitsoang Mike o bolela tjena mabapi le ho lahleheloa ke motsoalle: “Ho ile ha nkutloisa bohloko haholo. Ke ne ke tloaelane le Mark haholo le batsoali ba hae. Ke ile ka ba le ho tepella ho itseng ha maikutlo.”
E mpa e le ntho ea tlhaho ho sareloa ka lebaka la tahlehelo e joalo. Leha ho le joalo, ho bua ka maikutlo a hao le motho e mong eo u mo tšepang ho ka thusa. (Liproverbia 12:25) Rebekah o re: “Ka thuso ea batsoali ba ka, ke ile ka khona ho hlaphoheloa.” U ka boela ua ntšetsa maikutlo a hao ho Jehova Molimo ka thapelo. (Pesaleme ea 62:8) Caroline o akaretsa litaba hantle ka ho re: “Ho rapela Jehova le ho bolella ba bang litaba tse molemo ho ile ha nthusa haholo. Ke ile ka boela ka tloaelana le ba bang ka phuthehong, haholo-holo bo-’mè ba hōlileng. Qetellong ke ile ka hlokomela hore batho baa ikarabella ka liketso tsa bona le hore ho ne ho hlokahala hore ke tsoele pele ka bophelo ba ka.” Ka ho etsa seo sohle, ka sebele u tla ithusa. ’Me mohlomong u ka boela ua thusa motsoalle oa hao ea khelohileng tseleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Khothaletsa motsoalle oa hao ho fumana thuso